Levitike 13:1-59

  • Melao ya lepera (1-46)

  • Lepera le diaparong (47-59)

13  Jehova a re ho Moshe le Arone:  “Haeba motho a ruruha, a hlaha kgoo* kapa setlapedi mme di fetoha lefu la lepera*+ letlalong la hae, a tliswe ho moprista Arone kapa ho e mong wa bara ba hae e leng baprista.+  Moprista a hlahlobe leqeba le letlalong la hae. Ha mohwete o leqebeng o le mosweu mme leqeba le keneletse letlalong, ke lefu la lepera. A le hlahlobe mme a bolele hore ha a hlweka.  Empa haeba setlapedi se letlalong la hae se le sesweu ebile se sa kenella letlalong mme mohwete o se mosweu, moprista o tla behella motho eo ka thoko ka matsatsi a supileng.+  Moprista a mo hlahlobe ka letsatsi la bosupa. Haeba ho bonahala hore leqeba le fodile mme ha le a namela letlalong, a mo behelle ka thoko ka matsatsi a mang a supileng.  Moprista a mo hlahlobe hape ka letsatsi la bosupa, haeba leqeba le ntse le fola ebile le sa namela letlalong, a bolele hore o hlwekile,+ e ne e le kgoo feela. Motho eo a hlatswe diaparo tsa hae mme a hlweke.  Empa haeba ntle ho pelaelo kgoo e nametse letlalong ka mora hore moprista a tiise hore o hlwekile, a hlahe hape* ka pela hae.  Moprista a e hlahlobe. Haeba kgoo e nametse letlalong, a bolele hore ha a hlweka. Ke lepera.+  Haeba lefu la lepera le hlaha ho motho, a tliswe ho moprista 10  mme a mo hlahlobe.+ Haeba ho ena le ho ruruha ho hosweu letlalong mme ho entse hore mohwete o be mosweu ebile ho ena le seso+ moo ho ruruhileng, 11  ke lepera le sa foleng letlalong la hae mme moprista o tla bolela hore ha a hlweka. A se ke a mo behella ka thoko+ hobane ha a hlweka. 12  Haeba lepera le hlaha motho mmele wohle ho tloha hloohong ho ya maotong, hoo moprista a kgonang ho le bona 13  mme moprista a mo hlahlobile, a bone hore lepera le tletse mmele wohle, a bolele hore motho eo o hlwekile.* Kaofela ha lona le se le le lesweu mme o hlwekile. 14  Empa neng kapa neng ha seso se hlaha letlalong, o tla dula a sa hlweka. 15  Ha moprista a bona seso, a bolele hore ha a hlweka.+ Seso seo ha se a hlweka. Ke lepera.+ 16  Empa haeba seso se eba sesweu hape, a ye ho moprista. 17  Moprista a mo hlahlobe+ mme haeba leqeba le le lesweu, a bolele hore motho eo o hlwekile. 18  Haeba motho a tswa lethopa mmeleng mme le fola, 19  moo ho neng ho tswile lethopa teng, ho hlahile ho ruruha ho hosweu kapa setlapedi se bofubedu bo bosweu, a ye ho moprista. 20  Moprista a hlahlobe setlapedi seo.+ Haeba se bonahala se keneletse letlalong mme mohwete wa sona o le mosweu, a bolele hore motho eo ha a hlweka. Ke lefu la lepera le tswileng lethopeng. 21  Empa haeba moprista a se hlahloba mme a bona hore ha ho na mohwete o mosweu ho sona le hore ha se a kenella letlalong ebile se a fola, a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 22  Haeba se nametse letlalong, moprista a bolele hore ha a hlweka. O na le lepera. 23  Haeba setlapedi se sa nama, ke ho ruruha ha lethopa feela. Moprista a bolele hore o hlwekile.+ 24  Kapa haeba motho a ena le lebadi la ho tjha mme nama e ka hare ya lebadi e eba setlapedi se bofubedu bo bosweu kapa setlapedi se sesweu, 25  moprista a mo hlahlobe. Haeba mohwete o setlapeding o se o le mosweu mme se bonahala se kenelletse letlalong, ke lepera le tswileng lebading, moprista a bolele hore ha a hlweka. Ke lefu la lepera. 26  Empa haeba moprista a mo hlahloba mme a bona hore ha ho na mohwete o mosweu setlapeding ebile ha se a kenella letlalong mme se a fola, moprista a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 27  Moprista a mo hlahlobe ka letsatsi la bosupa. Haeba se nametse letlalong, moprista a bolele hore ha a hlweka. Ke lefu la lepera. 28  Haeba setlapedi se sa namela letlalong ebile se fola, ke ho ruruha ha lebadi feela. Moprista a bolele hore o hlwekile hobane ke ho ruruha ha lebadi. 29  Ha monna kapa mosadi a tswa leqeba hloohong kapa seledung, 30  moprista a hlahlobe leqeba leo.+ Haeba le bonahala le keneletse letlalong mme moriri o le mosehla ebile o fefoha, moprista a bolele hore motho eo ha a hlweka, ke leqeba le letlalong la hlooho kapa le ditedung. Ke lepera la hlooho kapa la seledu. 31  Empa haeba moprista a bona hore leqeba ha le a kenella letlalong mme ha ho na moriri o motsho ho lona, a behelle motho ya nang le leqeba ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 32  Moprista a hlahlobe leqeba leo ka letsatsi la bosupa. Haeba le sa nama mme ho sa hlaha moriri o mosehla ho lona ebile le bonahala le sa kenella letlalong, 33  motho eo a kute empa a se ke a kuta moo a tswileng leqeba. Moprista a mo behelle ka thoko ka matsatsi a supileng. 34  Moprista a hlahlobe leqeba hape ka letsatsi la bosupa. Haeba leqeba le hloohong le le seledung le sa namela letlalong mme le sa kenella letlalong, moprista a bolele hore o hlwekile. Motho eo a hlatswe diaparo tsa hae mme a hlweke. 35  Empa haeba leqeba le namela letlalong ka mora hore a hlwekiswe, 36  moprista a mo hlahlobe. Haeba leqeba le nametse letlalong, ha ho hlokahale hore moprista a shebe hore na o na le moriri o mosehla, motho eo ha a hlweka. 37  Empa haeba ha a mo hlahloba a bona hore leqeba ha le a nama le hore moriri o motsho o hlahile hodima lona, leqeba leo le fodile. O hlwekile mme moprista o tla bolela hore o hlwekile.+ 38  Haeba monna kapa mosadi a tswa ditlapedi letlalong* mme ditlapedi tseo di le tshweu, 39  moprista a di hlahlobe.+ Haeba bosweu ba ditlapedi tseo bo se bo fela, ke makgopho a masesaane a seng kotsi. Motho eo o hlwekile. 40  Haeba moriri wa monna o hloohong o fela mme a hlaha lefatla, o hlwekile. 41  Haeba moriri o ka pele hloohong ya hae o fela mme a hlaha lefatla moo, o hlwekile. 42  Empa haeba a tswa seso se bofubedu bo bosweu lefatleng kapa phatleng, ke lepera le hlahang hloohong ya hae kapa phatleng ya hae. 43  Moprista a mo hlahlobe mme haeba ho ruruha ho leqebeng ho le bofubedu bo bosweu lefatleng kapa phatleng mme ho bonahala eka ke lepera, 44  ke molepera. Ha a hlweka, moprista a bolele hore ha a hlweka ka lebaka la lefu le hloohong. 45  Ha e le molepera ya nang le lefu leo, diaparo tsa hae di tabolwe mme moriri wa hae o tlohelwe o sa kangwa ebile o se makgethe. Hape a kwahele ditedu tsa hae tse hodima molomo mme a hweletse a re, ‘Ha ke a hlweka, ha ke a hlweka!’ 46  Nakong yohle eo a nang le lefu lena, o tla dula a sa hlweka. Ka ha ha a hlweka, a dule a ikarotse ho batho ba bang. A dule ka ntle ho diahelo.+ 47  Haeba lefu la lepera le silafatsa seaparo ebang ke seaparo sa boya kapa sa line 48  ebang ke dikgweleng tse lohilweng tsa line kapa tsa boya kapa letlalong kapa nthong le ha e le efe e entsweng ka letlalo 49  mme bosehla bo botala kapa letheba le lefubedunyana la leqeba le silafatsa seaparo, letlalo, dikgwele tse lohilweng kapa ntho le ha e le efe ya letlalo, ke ntho e silafaditsweng ke lepera mme e bontshwe moprista. 50  Moprista a hlahlobe lefu leo mme a behelle ntho e nang le lefu leo ka thoko ka matsatsi a supileng.+ 51  Ha a hlahloba lefu leo letsatsing la bosupa mme a bona hore le nametse seaparong, dikgweleng tse lohilweng kapa letlalong (ho sa tsotellehe hore na letlalo leo le sebedisetswang), lefu leo ke lepera le tshwaetsanwang mme ntho eo ha e a hlweka.+ 52  A tjhese seaparo kapa dikgwele tse lohilweng tsa boya kapa line kapa ntho le ha e le efe ya letlalo eo lefu leo le hlahileng ho yona hobane ke lepera le tshwaetsanwang. Ntho eo e tjheswe. 53  Empa haeba moprista a e hlahloba mme lefu leo le sa namela seaparong kapa dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo, 54  moprista a laele hore ba hlatswe ntho eo e silafetseng mme a e behelle ka thoko ka matsatsi a mang a supileng. 55  Ka mora hore e hlatsuwe hantle, moprista a e hlahlobe. Haeba ho ntse ho bonahala hore e silafetse le lefu leo le sa nama, ha e a hlweka. E tjheswe hobane e tabohile ebang ke ka ntle kapa ka hare. 56  Haeba moprista a se a e hlahlobile mme karolo e silafetseng e se e sa bonahale ka mora hore e hlatsuwe hantle, a tabole karolo eo ya seaparo, ya letlalo kapa ya dikgwele tse lohilweng e silafetseng. 57  Le ha ho le jwalo, ha ho ena le karolo e nngwe e silafetseng seaparong, dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo, lefu leo le a nama mme dintho tsena tse silafetseng di tjheswe.+ 58  Haeba ho silafala ho nyamela seaparong, dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo e hlatsuwang, e hlatsuwe ka lekgetlo la bobedi mme e tla hlweka. 59  Ona ke molao wa lefu la lepera seaparong sa boya, sa line, dikgweleng tse lohilweng kapa nthong le ha e le efe ya letlalo bakeng sa ho phatlalatsa hore e hlwekile kapa ha e a hlweka.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Lentswe la Seheberu le fetoletsweng e le “lepera” le ka bolela dintho tse ngata mme le ka akareletsa mafu a fapaneng a letlalo a tshwaetsanwang. Le ka boela la akareletsa mafu a mang a fumanwang diaparong le ka matlung.
Kapa: “ka lekgetlo la bobedi.”
Kapa: “hore ha le tshwaetsanwe.”
Ka Seheberu: “letlalong la mmele wa hae.”