Levitike 15:1-33

  • Ho se hlweke ka lebaka la ho dutla ha ditho tsa botona kapa tsa botshehadi (1-33)

15  Jehova a re ho Moshe le Arone:  “Buang le Baiseraele le re ho bona, ‘Haeba setho sa botona* sa monna se dutla, ho dutla hoo ho etsa hore a se ke a hlweka.+  Ha a hlweka ka lebaka la ho dutla ebang ho dutla ho tswa sethong sa hae sa botona kapa se thibane, o ntse a sa hlweka.  Bethe le ha e le efe eo monna eo setho sa hae se dutlang a robalang ho yona, e tla dula e sa hlweka le ntho le ha e le efe eo a dulang ho yona e tla dula e sa hlweka.  Motho ya thetsang bethe ya monna eo a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+  Mang kapa mang ya dulang hodima ntho eo monna ya dutlang a neng a dutse hodima yona, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.  Mang kapa mang ya thetsang monna ya dutlang a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.  Haeba monna eo a tshwela motho ya hlwekileng ka mathe, motho eo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.  Sale le ha e le efe eo monna ya dutlang a dulang hodima yona ha a palame phoofolo, e tla dula e sa hlweka. 10  Motho ya thetsang ntho le ha e le efe eo monna eo a neng a dutse hodima yona o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya mme motho ya nkang dintho tseo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 11  Haeba monna eo ya dutlang+ a sa hlapa matsoho ka metsi mme a thetsa motho e mong, motho eo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 12  Sejana le ha e le sefe sa letsopa seo monna eo ya dutlang a se tshwarang, se pshatlwe empa sa lepolanka se hlatsuwe ka metsi.+ 13  Haeba ho dutla ho emisa mme monna eo a hlweka, a bale matsatsi a supileng bakeng sa tlhwekiso ya hae, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi a sa tswa kguwa mme o tla hlweka.+ 14  Letsatsing la borobedi, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ mme a tle monyako wa tente ya pokano ka pela Jehova, a a fe moprista. 15  Moprista a fane ka ona e le nyehelo, le leng e le nyehelo ya sebe mme le leng e le nyehelo ya setjheso mme moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka pela Jehova mabapi le ho dutla ha hae. 16  Haeba monna a tswa peo, a hlatswe mmele wohle wa hae ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 17  Seaparo le ha e le sefe le ntho le ha e le efe e entsweng ka letlalo e tshetsweng ke peo, a e hlatswe ka metsi mme e tla dula e sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 18  Ha monna a robala le mosadi mme a ntsha peo, ba itlhatswe ka metsi mme ba tla dula ba sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 19  Haeba mosadi a le matsatsing, o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng.+ Mang kapa mang ya mo thetsang o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 20  Ntho le ha e le efe eo a robalang hodima yona ha a le matsatsing e tla dula e sa hlweka mme ntho e nngwe le e nngwe eo a dulang hodima yona e tla dula e sa hlweka.+ 21  Mang kapa mang ya thetsang bethe ya mosadi eo a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 22  Mang kapa mang ya thetsang ntho le ha e le efe eo mosadi eo a neng a dutse hodima yona, a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 23  Haeba mang kapa mang a thetsa bethe kapa ntho le ha e le efe eo mosadi eo a neng a dutse hodima yona, o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 24  Haeba monna a robala le mosadi eo ebe o silafatswa ke madi a ho ba matsatsing ha mosadi eo,+ monna eo o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng mme bethe le ha e le efe eo monna eo a robalang ho yona e tla dula e sa hlweka. 25  Ha mosadi a le matsatsing ka matsatsi a mangata+ mme e se nako ya hae e tlwaelehileng+ kapa a ya nako e telele ho feta nako e tlwaelehileng, o tla dula a sa hlweka nako yohle ya ha a le matsatsing jwalo ka ha a sa hlweka nakong e tlwaelehileng ha a le matsatsing. 26  Bethe le ha e le efe eo a robalang ho yona ha a le matsatsing e tla dula e sa hlweka jwalo ka bethe ya hae eo a robalang ho yona ha a le matsatsing+ mme ntho le ha e le efe eo a dulang hodima yona ha a le matsatsing e tla dula e sa hlweka. 27  Mang kapa mang ya di thetsang o tla dula a sa hlweka mme a hlatswe diaparo tsa hae, a itlhatswe ka metsi mme o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.+ 28  Le ha ho le jwalo, haeba a emisitse ho ya matsatsing, a ipalle matsatsi a supileng ho tloha letsatsing leo a emisitseng ho ya matsatsing ka lona mme ka mora moo o tla hlweka.+ 29  Letsatsing la borobedi, a nke maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ mme a a tlise monyako wa tente ya pokano ho moprista.+ 30  Moprista a etse le leng nyehelo ya sebe mme le leng e be nyehelo ya setjheso, moprista a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka pela Jehova malebana le ho se hlweke ha hae ha a le matsatsing.+ 31  Le thuse Baiseraele e le hore ba hlweke mme ba se ke ba shwa ka lebaka la ho silafatsa tabernakele ya ka e leng hara bona.+ 32  Ona ke molao mabapi le monna eo setho sa hae sa botona se dutlang, monna ya sa hlwekang hobane a tswa peo,+ 33  mosadi ya sa hlwekang ka lebaka la ho ba matsatsing,+ monna kapa mosadi ya dutlang mmeleng wa hae+ le monna ya robalang le mosadi ya sa hlwekang.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “nameng ya hae.”