Levitike 17:1-16

  • Tabernakele, sebaka seo ho etsetswang mahlabelo ho sona (1-9)

  • Madi ha a lokela ho jewa (10-14)

  • Melao e mabapi le diphoofolo tse fumanwang di shwele (15, 16)

17  Jehova a re ho Moshe:  “Bua le Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle mme o re ho bona, ‘Sena ke seo Jehova a se laetseng:  “Haeba motho le ha e le ofe wa ntlo ya Iseraele a hlabela poho kapa ramo e nyenyane kapa podi diahelong kapa a e hlabela ka ntle ho diahelo,  a sa e tlise monyako wa tente ya pokano ho e hlahisa e le nyehelo ho Jehova ka pela tabernakele ya Jehova, motho eo o tla ba molato wa madi. Ka ha o bolaile phoofolo ka tsela e seng molaong, a bolawe.  Ho etswe jwalo e le hore mahlabelo ao Baiseraele ba a etsetsang Jehova naheng, ba tle ba a tlise monyako wa tente ya pokano ho moprista. Ba etse mahlabelo ana e le mahlabelo a kopanetsweng ho Jehova.+  Moprista a fafatse madi aletareng ya Jehova monyako wa tente ya pokano mme a etse hore mafura a kubelle e le monko o monate* ho Jehova.+  Ka hoo, ba se ke ba hlola ba etsa mahlabelo bakeng sa bademona ba kang dipodi,*+ bao ba etsang botekatse* le bona ka ho ba rapela.+ Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona le melokong yohle ya lona.”’  O re ho bona, ‘Motho le ha e le ofe wa ntlo ya Iseraele kapa moditjhaba le ha e le ofe ya dulang le lona ya tlisang nyehelo ya setjheso kapa sehlabelo  empa a sa di tlise monyako wa tente ya pokano ho Jehova, a bolawe hara batho ba habo.+ 10  Haeba motho le ha e le ofe wa ntlo ya Iseraele kapa moditjhaba ya dulang le lona a ja madi+ a ntho le ha e le efe, ke tla mo halefela mme ke tla mo bolaya hara batho ba habo. 11  Etswe bophelo bo mading+ mme ke fane ka ona aletareng+ hore le iketsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe hobane ka lebaka la bophelo bo ho ona, madi a kwahela dibe.+ 12  Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Ha ho le ya mong wa lona ya lokelang ho ja madi ebile ha ho moditjhaba ya dulang le lona+ ya lokelang ho ja madi.”+ 13  Haeba e mong wa Baiseraele kapa moditjhaba ya itseng ya dulang le lona a tsoma mme a tshwasa phoofolo e hlaha kapa nonyana e ka jewang, a ntshe madi a yona+ mme a a kwahele ka mobu. 14  Bophelo ba nama ya mofuta o mong le o mong ke madi a yona ka ha bophelo bo mading. Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Le se ke la ja madi a nama ya mofuta le ha e le ofe hobane bophelo ba nama ya mofuta le ha e le ofe ke madi a yona. Mang kapa mang ya a jang o tla fediswa.”+ 15  Haeba le ha e le mang ebang ke Moiseraele ka tlhaho kapa ke moditjhaba, a ja phoofolo e fumanweng e shwele kapa e bolailweng ke phoofolo e hlaha,+ a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi, o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya,+ ka mora moo o tla hlweka. 16  Empa haeba a sa di hlatswe mme a sa itlhatswe, o tla arabella phoso ya hae.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “bakeng sa dipodi.”
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.