Levitike 2:1-16

  • Nyehelo ya dijo (1-16)

2  Haeba motho a tlisa nyehelo ya dijo*+ ho Jehova, a tlise phofo e sitsweng hantle, a tshele oli hodima yona mme a behe dibano tse tshweu hodima yona.+  A e tlise ho bara ba Arone e leng baprista. Moprista a nke phofo e sitsweng hantle e tletseng seatla, e kopantsweng le oli le dibano tsa yona tse tshweu. A etse hore e kubelle aletareng e le karolo e emelang nyehelo yohle*+ e leng nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*  Ntho le ha e le efe e setseng nyehelong ya dijo tse kotutsweng ke ya Arone le bara ba hae.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ dinyehelong tse tjhesetswang Jehova.  Haeba o hlahisa nyehelo ya dijo e bakilweng ka ontong, e be ya phofo e sitsweng hantle, ya mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli kapa diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli.+  Haeba o hlahisa nyehelo ya dijo e tswang paneng,+ e be ya phofo e sitsweng hantle e se nang tomoso, e kopantsweng le oli.  O e qhetsole mme o tshele oli hodima yona.+ Ke nyehelo ya dijo.  Haeba nyehelo ya hao e le nyehelo ya dijo e etswang ka pane, e etswe ka phofo e sitsweng hantle le oli.  O tlise nyehelo ya dijo e entsweng ka dintho tsena ho Jehova, e tla tliswa ho moprista mme yena o tla e atametsa pela aletare.  Moprista a nke e nngwe ya nyehelo ya dijo e le karolo e emelang nyehelo yohle.*+ A etse hore e kubelle aletareng e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+ 10  Ntho le ha e le efe e setseng nyehelong ya dijo tse kotutsweng ke ya Arone le bara ba hae. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa dinyehelong tse tjhesetswang Jehova.+ 11  Ho se ke ha eba le nyehelo ya dijo e hlahiswang ho Jehova e nang le tomoso+ hobane ha le a lokela ho etsa hore hlama e bodila kapa mahe a dinotshi a kubelle e le nyehelo e tjhesetswang Jehova. 12  Le ka di hlahisa ho Jehova e le nyehelo ya dihlahiswa tsa pele+ empa di se ke tsa tliswa aletareng e le nyehelo e monko o monate.* 13  Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo tse kotutsweng eo o e etsang e nokwe ka letswai. O etse bonnete ba hore e dula e ena le letswai la selekane* sa Modimo wa hao. Ha o e tlisa, o e tlise le letswai.+ 14  Haeba o hlahisetsa Jehova nyehelo ya dijo ya dihlahiswa tsa pele tse butswitseng, o hlahise tse kotutsweng tse besitsweng, e leng ditlhaku tsa dijo tse sa tswa kguwa. Ke nyehelo ya dijo ya dihlahiswa tsa hao tsa pele tse butswitseng.+ 15  O tshele oli hodima yona mme o behe dibano tse tshweu hodima yona. Ke nyehelo ya dijo. 16  Moprista o tla etsa hore e kubelle e le karolo e emelang nyehelo yohle*+ e leng tse ding tsa ditlhaku tsa dijo tse kotutsweng, oli le dibano tsohle tsa yona tse tshweu. Ke nyehelo e tjhesetswang Jehova.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”