Levitike 20:1-27

  • Ho rapela Moloke; badimo (1-6)

  • Le halalele mme le hlomphe batswadi ba lona (7-9)

  • Batho ba etsang thobalano e seng molaong ba lokela ho bolawa (10-21)

  • Le halalele e le hore le se ke la lelekwa naheng (22-26)

  • Batho ba buisanang le badimo ba lokela ho bolawa (27)

20  Jehova a re ho Moshe:  “O re ho Baiseraele, ‘Motho le ha e le ofe wa Iseraele le moditjhaba ya dulang Iseraele ya fanang ka ngwana wa hae ho Moloke, a bolawe.+ Batho ba naha ba mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa.  Ke tla halefela motho eo, ke mo bolaye hara setjhaba sa habo hobane o fane ka bana ba bang ba hae ho Moloke mme o silafaditse sebaka sa ka se halalelang+ ebile o hlomphollotse lebitso la ka le halalelang.  Haeba batho ba naha ba etsa eka ha ba bone ha motho eo a etsa sehlabelo ka bana ba hae ho Moloke mme ba sa mo bolaye,+  ke tla halefela motho eo le lelapa la hae.+ Ke tla mo bolaya hara batho ba habo ha mmoho le bohle ba etsang botekatse* le Moloke.  Haeba motho a sa ntshepahalle* ka hore a ye ho batho ba reng ba buisana le badimo+ le ho batho ba reng ba bolela diketsahalo esale pele,*+ ke tla halefela motho eo mme ke mo bolaye hara batho ba habo.+  Le hlweke mme le halalele+ hobane ke nna Jehova Modimo wa lona.  Le latele ditaelo tsa ka mme le di phethe.+ Ke nna Jehova ya le halaletsang.+  Haeba ho ena le motho ya rohakang* ntate wa hae kapa mme wa hae, a bolawe.+ Ka ha o rohakile ntate wa hae kapa mme wa hae, o tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.* 10  Ena ke kotlo e tla fuwa monna ya febang le mosadi wa monna e mong: Monna ya febang le mosadi wa motho e mong a bolawe ha mmoho le mosadi eo ya febang le yena.+ 11  Motho ya robalang le mosadi wa ntate wa hae o tlotlolotse* ntate wa hae.+ Ka bobedi ba bolawe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.* 12  Haeba monna a robala le ngwetsi ya hae, ka bobedi ba bolawe. Ba entse ntho eo eseng ya tlhaho. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.*+ 13  Ha monna a robala le monna jwalo ka ha a robala le mosadi, ka bobedi ba entse ntho e nyonyehang.+ Ba bolawe. Ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.* 14  Haeba monna a nka mosadi le mme wa hae, o etsa ntho e nyonyehang.*+ O lokela ho tjheswa le bona mollong+ e le hore boitshwaro bo bobe bo se ke ba tswela pele hara lona. 15  Haeba monna a etsa thobalano le phoofolo, a bolawe ha mmoho le phoofolo eo.+ 16  Haeba mosadi a itlisa ho phoofolo e le hore a etse thobalano le yona,+ a bolawe ha mmoho le phoofolo eo. Monna eo le mosadi eo ba tla ikarabella bakeng sa lefu la bona.* 17  Haeba monna a etsa thobalano le kgaitsedi ya hae e leng moradi wa ntate wa hae kapa wa mme wa hae, o etsa ntho e hlabisang dihlong.+ Ba bolawe moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tlotlolotse kgaitsedi ya hae* mme o lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ya hae. 18  Haeba monna a etsa thobalano le mosadi ya matsatsing, ka bobedi ba bontsha hore ha ba hlomphe madi a hae.+ Ba bolawe hara setjhaba sa habo bona. 19  O se ke wa etsa thobalano le mmangwane wa hao kapa rakgadi wa hao hobane ho etsa jwalo e tla be e le ho tlotlolla e mong wa batho bao o amanang le bona ka madi.+ Ba lokela ho ikarabella bakeng sa phoso ya bona. 20  Monna ya etsang thobalano le mosadi wa rangwane wa hae, o tlotlolotse* rangwane wa hae.+ Ba tla ikarabella bakeng sa sebe sa bona mme ba shwe ba se na bana. 21  Haeba monna a nyala mosadi wa ngwanabo, ke ntho e nyonyehang.+ O tlotlolotse* ngwanabo. Ha ba a lokela ho ba le bana. 22  Le latele ditaelo tsohle tsa ka le melao yohle ya ka+ mme le e phethe+ e le hore le se ke la lelekwa naheng+ eo ke le isang ho yona. 23  Le se ke la latela mekgwa ya ditjhaba tseo ke di lelekang ka pela lona+ hobane di entse dintho tsena tsohle mme ke di hloile.+ 24  Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: “Le tla nka naha ya tsona mme ke tla le fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona ya le arotseng ho ditjhaba.”+ 25  Le kgetholle pakeng tsa phoofolo e hlwekileng le e sa hlwekang le pakeng tsa nonyana e hlwekileng le e sa hlwekang.+ Le se ke la itshilafatsa ka phoofolo kapa nonyana kapa ntho le ha e le efe e hahabang eo ke itseng ha e a hlweka+ bakeng sa lona. 26  Le halalele ka pela ka hobane nna Jehova ke a halalela+ mme ke le arola ho ditjhaba hore le be batho ba ka.+ 27  Monna kapa mosadi le ha e le ofe ya reng o buisana le badimo kapa ya reng o bolela diketsahalo esale pele a bolawe.+ Setjhaba se mo tlepetse ka majwe ho fihlela a shwa. O tla ikarabella bakeng sa lefu la hae.’”*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a etsa botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mathuela.”
Ka Seheberu: “madi a hae a hodima hae.”
Kapa: “ya bitsetsang bomadimabe.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Kapa: “e hlabisang dihlong.”
Ka Seheberu: “Madi a bona a hodima bona.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba kgaitsedi ya hae.”
Ka Seheberu: “o apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “O apotse bofeela ba.”
Ka Seheberu: “Madi a hae a hodima hae.”