Levitike 21:1-24

  • Baprista ba lokela ho halalela ba be ba hlweke (1-9)

  • Moprista ya phahameng ha a lokela ho itshilafatsa (10-15)

  • Baprista ha ba a lokela ho ba le bothata bo itseng mmeleng (16-24)

21  Jehova a re ho Moshe: “Bua le bara ba Arone e leng baprista mme o re ho bona, ‘Ho se ke ha eba le moprista ya itshilafatsang ka hore a thetse motho ya shweleng setjhabeng sa habo.+  Empa a ka itshilafatsa ka ho thetsa motho ya amanang le yena ka madi e leng mme wa hae, ntate wa hae, mora wa hae, moradi wa hae, ngwanabo  le ka ho thetsa ngwanabo wa ngwanana eo e neng e le morwetsana mme a eso ka a nyalwa.  A se ke a itshilafatsa ka hore a thetse mosadi ya nyetsweng ke monna wa setjhaba sa habo monna eo.  Baprista ba se ke ba ikuta moriri+ kapa ba kuta ditedu tsa bona ka mathoko kapa ho itsheha mmeleng.+  Ba halalele ho Modimo wa bona+ mme ba se ke ba silafatsa lebitso la Modimo wa bona+ hobane ke bona ba hlahisang dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo e leng bohobe* ba Modimo wa bona mme ba halalele.+  Moprista a se ke a nyala letekatse,+ mosadi ya silafaditsweng kapa mosadi ya hladilweng ke monna+ hobane moprista o a halalela ho Modimo wa hae.  Le nke moprista a halalela+ hobane ke yena ya hlahisang bohobe ba Modimo wa lona. A halalele ho lona hobane nna Jehova, ya le halaletsang, ke a halalela.+  Jwale haeba moradi wa moprista a itshilafatsa ka ho etsa botekatse, o silafatsa ntate wa hae. A tjheswe ka mollo.+ 10  Moprista ya phahameng hara baprista* e leng ya tshetsweng ka oli e halalelang* hloohong+ ebile a kgethilwe* hore a apare diaparo tsa boprista,+ a se ke a tlohela moriri wa hae o sa kangwa ebile o se makgethe kapa a tabola diaparo tsa hae.+ 11  A se ke a itshilafatsa ka hore a atamele haufi le motho ya shweleng*+ ebang ke ntate wa hae kapa mme wa hae. 12  A se ke a tswa ka sehalalelong mme a se ke a silafatsa sehalalelo sa Modimo wa hae+ hobane pontsho ya boinehelo e leng oli e halalelang ya Modimo wa hae,+ e hodima hae. Ke nna Jehova. 13  A nyale morwetsana.+ 14  A se ke a nyala mohlolohadi, mosadi ya hladilweng, ya silafaditsweng kapa letekatse empa a nyale morwetsana setjhabeng sa habo hore e be mosadi wa hae. 15  A se ke a silafatsa bana* ba hae setjhabeng sa habo+ hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.’” 16  Jehova a re ho Moshe: 17  “Ere ho Arone, ‘Ha ho le ya mong baneng* ba hao le melokong yohle ya bona ya nang le bothata bo itseng mmeleng ya ka tlang aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Modimo wa hae. 18  Haeba ho ena le monna le ha e le ofe ya nang le bothata bo itseng mmeleng, a se ke a tla aletareng e leng ya foufetseng kapa ya holofetseng kapa eo sefahleho sa hae se senyehileng* kapa eo matsoho kapa maoto a hae a fetanang, 19  ya robehileng leoto kapa letsoho, 20  ya lekgutla kapa ya bokgutshwane bo sa tlwaelehang* kapa ya nang le bothata ba mahlo kapa bolwetse ba letlalo kapa ditlapedi kapa ya pshatlehileng makwalata.+ 21  Ha ho monna wa leloko* la moprista Arone ya nang le bothata bo itseng mmeleng ya lokelang ho ya aletareng e le hore a hlahise dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ka ha o na le bothata bo itseng mmeleng, a se ke a ya aletareng e le hore a hlahise bohobe ba Modimo wa hae. 22  A ka ja bohobe ba Modimo wa hae bo tswang dinthong tse halalelang ka ho fetisisa+ le dinthong tse halalelang.+ 23  Empa a se ke a tla haufi le kgaretene+ hape a se ke a atamela aletare+ hobane o na le bothata bo itseng mmeleng mme ha a lokela ho silafatsa sehalalelo sa ka+ ka ha ke nna Jehova, ya ba* halaletsang.’”+ 24  Moshe a bolella Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle ditaba tseo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “dijo,” e leng mahlabelo.
Ka Seheberu: “bana babo.”
Sheba naletsana ho Exoda 29:7.
Kapa: “eo letsoho la hae le neng le tlatsitswe matla.”
Lentswe la Seheberu ne′phesh mona le amahanngwa le lentswe la Seheberu le bolelang “ho shwa.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “kapa ya nko e tabohileng.”
Kapa mohlomong: “ya otileng haholo ka lebaka la bokudi kapa tlala.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ho ka etsahala hore ho buuwa ka baprista.