Levitike 22:1-33

  • Ho itlhwekisa ha baprista le ho ja dintho tse halalelang (1-16)

  • Ke dinyehelo tse phetseng hantle feela tse neng di amoheleha (17-33)

22  Jehova a re ho Moshe:  “Bolella Arone le bara ba hae hore ba hlokomele tsela eo ka yona ba tshwarang dinyehelo tse halalelang tsa Baiseraele mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang+ mabapi le dintho tseo ba di halaletsang bakeng sa ka.+ Ke nna Jehova.  Ere ho bona, ‘Motho le ha e le ofe melokong yohle ya lona ya atamelang dintho tse halalelang nakong eo a sa hlwekang, tseo Baiseraele ba di halaletsang bakeng sa Jehova, a bolawe ka pela ka.+ Ke nna Jehova.  Ha ho monna le ha e le ofe wa leloko la Arone ya nang le lepera+ kapa eo setho sa hae sa botona se dutlang+ ya lokelang ho ja dintho tse halalelang a eso hlweke+ le ha e le ya thetsang motho ya silafaditsweng ke motho ya shweleng+ kapa ya tswang peo+  kapa ya thetsang dibopuwa tse sa hlwekang tse tsamayang e le sehlopha+ kapa ya thetsang motho ya sa hlwekang ka lebaka le ha e le lefe ebe o a mo silafatsa.+  Motho ya thetsang le ha e le efe ya dintho tsena o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya mme a ke ke a ja le ha e le efe ya dintho tse halalelang empa o lokela ho itlhatswa ka metsi.+  Ha letsatsi le se le diketse, o tla hlweka mme ka mora moo, a ka ja tse ding tsa dintho tse halalelang hobane ke dijo tsa hae.+  Hape, a se ke a ja phoofolo le ha e le efe e fumanweng e shwele kapa ntho le ha e le efe e bolailweng ke phoofolo ya naheng hobane e ka mo silafatsa.+ Ke nna Jehova.  Ba mamele taelo ya ka e le hore ba se ke ba eba le sebe ka lebaka la ho se mamele yaba ba lokela ho shwa hobane ba silafaditse dintho tse halalelang. Ke nna Jehova, ya ba halaletsang. 10  Ha ho motho ya sa dumellwang* ya ka jang ntho le ha e le efe e halalelang ebang ke mosebeletsi ya hirilweng kapa moditjhaba ya etetseng moprista.+ 11  Empa haeba moprista a reka motho ka tjhelete ya hae, motho eo a ka ja ntho le ha e le efe e halalelang. Makgoba a hlahetseng ka tlung ya hae le ona a ka ja dijo tsa hae.+ 12  Haeba moradi wa moprista a nyalwa ke motho eo e seng moprista, a se ke a ja dinyehelo tse halalelang. 13  Empa haeba moradi wa moprista e eba mohlolohadi kapa a hladilwe mme a se na bana ebile a kgutlela ka tlung ya ntate wa hae moo a neng a dula teng ha a sa le motjha, a ka ja dijo tsa ntate wa hae+ empa ha ho motho ya sa dumellwang* ya ka di jang. 14  Haeba ka phoso motho a ja nyehelo e halalelang, a fane ka karolo e le nngwe ho tse ding le tse ding tse hlano tsa nyehelo eo mme a e fe moprista.+ 15  Ka hoo, baprista ba se ke ba silafatsa dintho tse halalelang tseo Baiseraele ba di nehelang ho Jehova+ 16  yaba ba etsa hore Baiseraele ba fumane kotlo ka lebaka la ho ba dumella ho ja dintho tse halalelang ka ha ke nna Jehova, ya ba halaletsang.’” 17  Jehova a re ho Moshe: 18  “Bua le Arone le bara ba hae le Baiseraele bohle mme o re ho bona, ‘Ha monna wa Moiseraele kapa moditjhaba ya dulang Iseraele a hlahisa nyehelo ya setjheso+ ho Jehova e le ho phetha boitlamo ba hae kapa ho etsa nyehelo ya boithaopo,+ 19  a hlahise phoofolo e tona e phetseng hantle+ ho tswa mohlapeng wa diramo tse nyenyane kapa wa dipodi e le hore a amohelehe. 20  Le se ke la hlahisa phoofolo le ha e le efe e sa phelang hantle+ hobane e tla etsa hore le se ke la amohelwa. 21  Haeba motho a tlisetsa Jehova sehlabelo se kopanetsweng+ e le hore a phethe boitlamo ba hae kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be phoofolo e phetseng hantle hara mohlape wa dikgomo kapa wa dinku le dipodi e le hore a amohelehe. E be phoofolo e phetseng hantle. 22  Phoofolo eo le e nyehelang ha e a lokela ho ba e foufetseng, e robehileng, e sehilweng, e leqhutsu, e tswileng lekgwekgwe kapa setlapedi. Le se ke la hlahisa phoofolo le ha e le e fe e nang le dintho tsena ho Jehova kapa la etsetsa Jehova nyehelo ka yona aletareng. 23  Le ka fana ka poho kapa nku e nang le maoto a fetanang e le nyehelo ya boithaopo empa e ke ke ya amoheleha e le nyehelo ya boitlamo. 24  Le se ke la hlahisa phoofolo e makwalata a senyehileng ho Jehova kapa a pshatlehileng kapa a ntshitsweng kapa a ponngweng mme le se ke la fana ka diphoofolo tse jwalo e le dinyehelo naheng ya lona. 25  Le se ke la hlahisa phoofolo e jwalo e tswang ho moditjhaba e le dijo tsa Modimo wa lona hobane phoofolo e jwalo ha e a phela hantle. E ke ke ya amoheleha.’” 26  Jehova a re ho Moshe: 27  “Ha namane, ramo e nyenyane kapa potsanyane e tswalwa, e tla dula le mma yona ka matsatsi a supileng+ empa ho tloha ka letsatsi la borobedi ho ya pele ho ka fanwa ka yona e le nyehelo e amohelehang, nyehelo e tjhesetswang Jehova. 28  Le se ke la hlaba poho kapa nku ha mmoho le namane kapa konyana ya yona ka letsatsi le le leng.+ 29  Haeba le etsetsa Jehova sehlabelo sa diteboho,+ le fane ka sona ka tsela e tla etsa hore le amohelehe. 30  Se jewe letsatsing lona leo. Le se ke la siya letho la sona ho fihlela hoseng.+ Ke nna Jehova. 31  Le latele ditaelo tsa ka mme le di phethe.+ Ke nna Jehova. 32  Le se ke la hlompholla lebitso la ka le halalelang+ empa ke lokela ho halaletswa hara Baiseraele.+ Ke nna Jehova, ya le halaletsang,+ 33  ya le ntshitseng naheng ya Egepeta hore ke be Modimo wa lona.+ Ke nna Jehova.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.