Levitike 24:1-23

  • Oli ya mabone a tabernakele (1-4)

  • Mahobe a pontsho (5-9)

  • Batho ba hlomphollang lebitso la Modimo ba tlepetswe ka majwe (10-23)

24  Jehova a re ho Moshe:  “Laela Baiseraele hore ba o tlisetse oli e hlwekileng ya mohlwaare o tutsweng bakeng sa mabone e le hore a dule a tuka.+  Arone a hlophise hore ka mehla mabone a dule a tuka ka ntle ho kgaretene ya Bopaki tenteng ya pokano, ho tloha mantsiboya ho fihlela hoseng ka pela Jehova. Ke taelo e tla dula e le teng melokong yohle ya lona.  Arone a hlophise mabone hodima sedulwana sa lebone+ sa kgauta e hlwekileng ka pela Jehova ka mehla.  O nke phofo e sitsweng hantle mme o etse mahobe a 12 a sedikadikwe a lesoba hare. Bohobe bo bong le bo bong bo etswe ka phofo ya dikhilokramo tse pedi.*  O a behe ka dihlopha tse pedi, sehlopheng ka seng+ e be a tsheletseng, o a behe hodima tafole ya kgauta e hlwekileng ka pela Jehova.+  O behe dibano tse tshweu tse hlwekileng hodima sehlopha ka seng mme di tla tshwantshetsa bohobe ba karolo e emelang nyehelo yohle*+ e tjhesetswang Jehova.  Ka Sabatha e nngwe le e nngwe, o bo hlophise ka pela Jehova ka mehla.+ Ke selekane sa ka ho sa feleng le Baiseraele.  Bohobe boo e tla ba ba Arone le bara ba hae+ mme ba tla bo jella sebakeng se halalelang+ hobane ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hae dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ke molao o tla dula o le teng.” 10  Jwale hara Baiseraele ho ne ho ena le mora wa mosadi wa Moiseraele eo ntate wa hae e neng e le Moegepeta+ yaba o lwana le monna wa Moiseraele diahelong. 11  Mora wa mosadi wa Moiseraele a qala ho hlompholla lebitso la Modimo* le ho le rohaka.*+ Ka hoo, ba mo tlisa ho Moshe.+ Mme wa hae e ne e le Shelomithe, moradi wa Dibri wa leloko la Dane. 12  Ba ile ba mo beha ditlamong ho fihlela ba boleletswe ka ho hlaka hore na qeto ya Jehova ke efe.+ 13  Jehova a re ho Moshe: 14  “Ntshetsang motho ya rohakileng lebitso la ka ka ntle ho diahelo, bohle ba mo utlwileng ba behe matsoho hloohong ya hae mme setjhaba sohle se mo tlepetse ka majwe.+ 15  Jwale ere ho Baiseraele, ‘Haeba motho le ha e le ofe a rohaka Modimo wa hae, o tla arabella sebe sa hae. 16  Ka hoo, motho ya hlomphollang lebitso la Jehova o lokela ho bolawa.+ Setjhaba sohle se mo tlepetse ka majwe. Haeba moditjhaba a hlompholla lebitso la Modimo, a bolawe jwalo ka Moiseraele. 17  Haeba motho a bolaya motho e mong, le yena a bolawe.+ 18  Motho le ha e le ofe ya otlang phoofolo e ruuwang mme a e bolaya, a e lefelle. Bophelo bakeng sa bophelo. 19  Haeba motho a ntsha motho e mong kotsi, le yena a ntshwe kotsi.+ 20  Ho robeha bakeng sa ho robeha, leihlo bakeng sa leihlo, leino bakeng sa leino. Motho eo a ntshwe kotsi e tshwanang le eo a e ntshitseng motho e mong.+ 21  Motho ya otlang phoofolo mme a e bolaya, a e lefelle+ empa motho ya bolayang e mong le yena a bolawe.+ 22  Ho tla etswa qeto e tshwanang ya boahlodi ho moditjhaba le ho Moiseraele ka tlhaho+ hobane ke nna Jehova Modimo wa lona.’” 23  Ka mora moo, Moshe a bua le Baiseraele yaba ba ntshetsa motho ya rohakileng lebitso la Modimo ka ntle ho diahelo mme ba mo tlepetsa ka majwe.+ Baiseraele ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ya dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa.” Di lekana le dilithara tse 4,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Kapa: “bitsetsa bomadimabe.”
Lena ke lebitso Jehova jwalo ka ha ho bontshitswe temaneng ya 15 le 16.