Levitike 26:1-46

  • Le se ke la rapela ditshwantsho (1, 2)

  • Ditlhohonolofatso tsa ho mamela (3-13)

  • Dikotlo tsa ho se mamele (14-46)

26  Le se ke la iketsetsa medimo e se nang thuso+ mme le se ke la emisa setshwantsho+ kapa pilara e halalelang kapa setshwantsho sa lejwe+ hore le di inamele+ naheng ya lona ka ha ke nna Jehova Modimo wa lona.  Le boloke disabatha tsa ka mme le hlomphe* sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.  Haeba le tswela pele ho latela ditaelo tsa ka mme le di phetha,+  ke tla le nesetsa pula ka nako ya yona+ mme naha e tla fana ka dihlahiswa tsa yona+ le difate tsa naha di fane ka ditholwana tsa tsona.  Nako ya lona ya ho pola e tla tswela pele ho fihlela nako ya ho kotula morara e fihla. Nako ya ho kotula morara e tla tswela pele ho fihlela nako ya ho jala e fihla. Le tla ja bohobe ba lona hore le kgore mme le tla dula le sireletsehile naheng ya lona.+  Ke tla etsa hore ho be le kgotso naheng ya lona+ mme ha ho na motho ya tla le tshosa+ ha le robetse. Ke tla fedisa diphoofolo tse hlaha tse kotsi mme ha ho na motho ya tla le lwantsha.  Le tla lelekisa dira tsa lona mme le tla di bolaya ka sabole.  Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba 100 mme ba 100 ba lona ba lelekise ba 10 000 mme le tla bolaya dira tsa lona ka sabole.+  Ke tla le hlohonolofatsa* mme ke etse hore le ngatafale.+ Ke tla boloka selekane sa ka le lona.+ 10  Ha le ntse le ja dihlahiswa tsa selemo se fetileng, le tla lokela ho di lahla e le hore tse ntjha di be le sebaka. 11  Ke tla beha tabernakele ya ka hara lona+ mme nke ke ka le lahla. 12  Ke tla ba le lona, ke be Modimo wa lona+ mme le tla ba setjhaba sa ka.+ 13  Ke nna Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta e le hore le se ke la hlola le eba makgoba a bona, ka roba dijoko tsa lona yaba ke etsa hore le tsamaye le sa tshabe letho.* 14  Le ha ho le jwalo, haeba le sa mmamele kapa le sa mamele ditaelo tsena tsohle+ 15  mme haeba le sa mamele ditaelo tsa ka,+ le hloile melao yohle ya ka mme le sa tshepahalle selekane sa ka,+ 16  ke tla le otla ka dintho tse latelang: Ke tla le bakela mahlomola le lefuba le feberu tse tla foufatsa mahlo a lona le tse tla etsa hore le fellwe ke matla. Le tla lema empa dira tsa lona ke tsona tse tla ja dijalo tsa lona.+ 17  Ke tla le halefela mme dira tsa lona di tla le hlola.+ Ba le hloileng ba tla le hatella+ mme le tla baleha ho se na motho ya le lelekisang.+ 18  Haeba le ka mora dintho tsena le ntse le sa mmamele, ke tla eketsa dikotlo tsa lona ka makgetlo a supileng ka lebaka la dibe tsa lona. 19  Ke tla etsa hore le se ke la ikgohomosa mme le se ke la ba manganga, ke etse hore mahodimo a lona a be jwalo ka tshepe+ le lefatshe la lona le be jwalo ka koporo. 20  Le tla sebeletsa lefeela ka ha naha ya lona e ke ke ya fana ka dihlahiswa tsa yona+ mme le difate tsa naha di ke ke tsa hlahisa ditholwana. 21  Empa haeba le ntse le nkganyetsa mme le sa batle ho mmamela, ke tla le otla ka makgetlo a mang a supileng ho latela dibe tsa lona. 22  Ke tla romela diphoofolo tse hlaha ho lona.+ Di tla fedisa bana ba lona+ le diphoofolo tsa lona tse ruuwang mme palo ya lona e tla fokotseha le ditsela tsa lona di tla hloka batho.+ 23  Haeba le ka mora dintho tsena le ntse le sa mmamele ha ke le kgalemela+ mme le ntse le nkganyetsa, 24  jwale le nna ke tla le hanyetsa mme ke tla le otla ka makgetlo a supileng ka lebaka la dibe tsa lona. 25  Ke tla iphetetsa hobane le tlotse selekane+ seo ke se entseng le lona. Haeba le balehela metseng ya lona, ke tla romela bolwetse hara lona+ mme dira tsa lona di tla le hlola.+ 26  Ha ke senya sebaka* seo le bolokang bohobe*+ ho sona, basadi ba leshome ba tla baka bohobe ba lona ka ontong e le nngwe. Ba tla bekga bohobe ba lona ebe ba le fa bo bonyenyane.+ Le tla ja empa le ke ke la kgora.+ 27  Haeba le ha ke entse dintho tsena le ntse le sa mmamele mme le ntse le nkganyetsa, 28  ke tla le halefela le ho feta+ mme ke tla eketsa dikotlo tsa lona ka makgetlo a supileng ka lebaka la dibe tsa lona. 29  Ka hoo, le tla ja nama ya bara ba lona mme le je le nama ya baradi ba lona.+ 30  Ke tla fedisa dibaka tsa lona tse phahameng tse halalelang,+ ke dihe didulwana tsa lona tsa dibano, ke lahlele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa ditshwantsho tsa lona tse rapelwang tse nyonyehang*+ mme ke tla le lahla+ hobane le tla be le nyontsha. 31  Ke tla fedisa metse ya lona+ le dihalalelo tsa lona mme nke ke ka fofonela monko o monate* wa mahlabelo a lona. 32  Ke tla etsa hore naha ya lona e se ke ya eba le baahi+ mme dira tsa lona tse tla dula ho yona di tla e makalla.+ 33  Ke tla le hasanya hara ditjhaba,+ ke etse hore dira tsa lona di le lwantshe ka sabole.+ Naha ya lona e tla hloka baahi+ mme metse ya lona e fediswe. 34  Ka nako eo, naha e tla lefa disabatha tsa yona ka matsatsi ohle ao e se nang baahi, ha le ntse le le naheng ya dira tsa lona. Naha e tla phomola* ka ha e lokela ho lefa disabatha tsa yona.+ 35  Ka matsatsi ohle ao e se nang baahi e tla phomola hobane ha e a ka ya phomola nakong ya disabatha tsa lona ha le ne le dula ho yona. 36  Ha e le ba tla pholoha+ dinaheng tsa dira tsa bona, ke tla etsa hore ba tshohe mme modumo wa lekgasi le fefohang o tla etsa hore ba balehe. Ba tla baleha jwalo ka motho ya balehang sabole mme ba we ho se ya ba lelekisang.+ 37  Ba tla hatana hodimo jwalo ka batho ba balehang sabole le hoja ho se ya ba lelekisang. Le ke ke la hlola dira tsa lona.+ 38  Le tla fediswa hara ditjhaba+ mme le shwelle naheng ya dira tsa lona. 39  Ha e le ba tla sala, ba tla bola ka lebaka la diphoso tsa bona dinaheng tsa dira tsa lona.+ Ba tla bola ka lebaka la diphoso tsa bontata bona.+ 40  Jwale ba tla bolela diphoso tsa bona+ le diphoso tsa bontata bona ha mmoho le ho se tshepahale ha bona mme ba dumele hore ha ba a ntshepahalla ka hore ba nkganyetse.+ 41  Jwale le nna ke tla ba hanyetsa+ ka ho ba tlisa naheng ya dira tsa bona.+ Mohlomong ka nako eo, dipelo tsa bona tse thata* di tla nolofala+ mme ba lefelle diphoso tsa bona. 42  Ke tla hopola selekane sa ka le Jakobo+ le selekane sa ka le Isaka+ hape ke tla hopola selekane sa ka le Abrahama+ mme ke hopole le naha ena. 43  Ha ba ntse ba lahlile naha, naha e tla lefa disabatha tsa yona+ mme e sale e se na baahi. Ba tla lefella diphoso tsa bona hobane ba lahlile melao ya ka ebile ba hloile ditaelo tsa ka.+ 44  Empa le ka mora dintho tsena tsohle ha ba ntse ba le naheng ya dira tsa bona, nke ke ka ba lahla+ ka ho feletseng kapa ka ba hloya ho isa boholeng ba hore ke ba bolaye ka ha seo e tla be e le ho tlola selekane sa ka+ le bona hobane ke nna Jehova Modimo wa bona. 45  Molemong wa bona ke tla hopola selekane sa baholoholo ba bona,+ bao ke ba ntshitseng naheng ya Egepeta mahlong a ditjhaba+ e le hore ke be Modimo wa bona. Ke nna Jehova.’” 46  Tsena ke ditaelo le melao eo Jehova a e fileng Baiseraele Thabeng ya Sinai ka Moshe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “le tshabe.”
Ka Seheberu: “Ke tla retelehela ho lona.”
Ka Seheberu: “le tsamaye le otlolohile.”
Kapa: “dijo.”
Ka Seheberu: “molamu.” Mohlomong ho buuwa ka melamu e neng e sebedisetswa ho fanyeha bohobe.
Polelo ena ya Seheberu e ka amana le lentswe “bolokwe” mme e sebediseditswe ho bontsha ho hloya.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Kapa: “boloka sabatha.”
Ka Seheberu: “dipelo tsa bona tse sa bollang.”