Levitike 4:1-35

  • Nyehelo ya sebe (1-35)

4  Jehova a re ho Moshe:  “Ere ho Baiseraele, ‘Haeba motho a etsa sebe a sa ikemisetsa+ ka ho etsa e nngwe ya dintho tseo Jehova a laetseng hore di se ke tsa etswa:  Haeba moprista ya tlotsitsweng+ a etsa sebe+ mme a tlisetsa setjhaba molato, a hlahise pohwana e phetseng hantle ho Jehova e le nyehelo ya sebe seo a se entseng.+  A tlise poho monyako wa tente ya pokano+ ka pela Jehova, a behe letsoho hodima hlooho ya yona ebe o e hlabela ka pela Jehova.+  Moprista ya tlotsitsweng+ o tla nka madi a poho a a tlise ka tenteng ya pokano.  Moprista a qopetse madi ka monwana+ mme a fafatse madi a mang ka makgetlo a supileng+ ka pela Jehova e leng ka pela kgaretene ya sebaka se halalelang.  Hape moprista a tlotse madi a mang hodima manaka a aletare ya dibano tse nkgang ha monate+ e ka pela Jehova ka tenteng ya pokano. A tshele madi a mang kaofela a poho karolong e ka tlase ya aletare ya nyehelo ya setjheso+ e monyako wa tente ya pokano.  Ka mora moo, a tlose mafura ohle a poho ya nyehelo ya sebe, mafura a kwahelang mala, mafura a potolohileng mala,  diphio tse pedi le mafura a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+ 10  A tlose dintho tsena jwalo ka ha ho etswa ka poho ya sehlabelo se kopanetsweng.+ Moprista a etse hore di kubelle aletareng ya nyehelo ya setjheso. 11  Empa letlalo la poho, nama yohle, hlooho, ditlhakwana, mala le bolokwe ba yona+ 12  e leng poho yohle, a e ntshetse ka ntle ho diahelo sebakeng se hlwekileng moo ho qhallwang molora* teng mme a e tjhese mollong hodima patsi.+ E tjhesetswe moo ho qhallwang molora teng. 13  Haeba setjhaba sohle sa Iseraele se le molato ka ho etsa sebe se sa ikemisetsa+ e leng ntho eo Jehova a laetseng hore e se ke ya etswa+ 14  e be sebe seo se a tsebahala, setjhaba se hlahise pohwana bakeng sa nyehelo ya sebe mme se e tlise ka pela tente ya pokano. 15  Baholo ba Iseraele ba behe matsoho hodima hlooho ya yona ka pela Jehova mme poho e hlabelwe ka pela Jehova. 16  Moprista ya tlotsitsweng a tlise madi a poho ka tenteng ya pokano. 17  Moprista a qopetse madi ka monwana mme a fafatse madi a mang ka makgetlo a supileng ka pela Jehova ka pela kgaretene.+ 18  A tlotse madi a mang hodima manaka a aletare+ e ka pela Jehova, e tenteng ya pokano. Madi a mang kaofela a a qhalle karolong e ka tlase ya aletare ya nyehelo ya setjheso e monyako wa tente ya pokano.+ 19  A tlose mafura ohle a yona mme a etse hore a kubelle aletareng.+ 20  A etse seo a se entseng ka poho e nngwe ya nyehelo ya sebe. Moprista a ba etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ mme ba tla tshwarelwa. 21  A ntshetse poho ka ntle ho diahelo mme a e tjhese feela jwalo ka ha a tjhesitse poho ya pele.+ Ke nyehelo ya sebe bakeng sa setjhaba.+ 22  Ha kgosana+ e etsa sebe e sa ikemisetsa ka ho etsa e nngwe ya dintho tseo Jehova Modimo a laetseng hore di se ke tsa etswa mme e le molato 23  kapa haeba kgosana e hlokomela sebe seo e se entseng ka ho se mamele taelo, e tlise nyehelo ya potsanyane e tona e phetseng hantle. 24  Kgosana e behe letsoho hodima hlooho ya potsanyane mme e e hlabele sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona ka pela Jehova.+ Ke nyehelo ya sebe. 25  Moprista a qopetse madi a mang a nyehelo ya sebe ka monwana mme a a tlotse hodima manaka+ a aletare ya nyehelo ya setjheso. A tshele madi a mang a yona kaofela karolong e ka tlase ya aletare ya nyehelo ya setjheso.+ 26  A etse hore mafura ohle a yona a kubelle aletareng jwalo ka mafura a sehlabelo se kopanetsweng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa kgosana mme e tla tshwarelwa. 27  Haeba e mong wa batho ba naha a etsa sebe a sa ikemisetsa mme a ba molato ka ho etsa e nngwe ya dintho tseo Jehova a laetseng hore di se ke tsa etswa+ 28  kapa haeba a hlokomela sebe seo a se entseng, a tlise potsanyane e tshehadi e phetseng hantle e le nyehelo ya hae bakeng sa sebe seo a se entseng. 29  A behe letsoho hodima hlooho ya nyehelo ya sebe mme a hlabele nyehelo ya sebe sebakeng se tshwanang le sa nyehelo ya setjheso.+ 30  Moprista a qopetse madi a mang a yona ka monwana mme a a tlotse hodima manaka a aletare ya nyehelo ya setjheso. A tshele madi a mang a yona kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 31  A tlose mafura ohle+ a yona feela jwalo ka ha mafura a tloswa sehlabelong se kopanetsweng.+ Moprista a etse hore a kubelle aletareng e le monko o monate* ho Jehova. A etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa motho eo mme o tla tshwarelwa sebe sa hae. 32  Empa haeba a fana ka konyana bakeng sa nyehelo ya hae ya sebe, a tlise e tshehadi e phetseng hantle. 33  A behe letsoho hodima hlooho ya nyehelo ya sebe mme a e hlabe e le nyehelo ya sebe sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona.+ 34  Moprista a qopetse madi a mang a nyehelo ya sebe ka monwana mme a a tlotse manakeng a aletare ya nyehelo ya setjheso.+ A tshele madi a mang a yona kaofela karolong e ka tlase ya aletare. 35  A tlose mafura ohle a yona ka tsela e tshwanang le eo mafura a ramo e nyenyane ya sehlabelo se kopanetsweng a tloswang ka yona. Moprista a etse hore di kubelle aletareng hodima dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng mme o tla tshwarelwa.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “kgathollang.”