Levitike 5:1-19

  • Mefuta ya dibe le dinyehelo tse neng di hlokahala (1-6)

    • Ho tlaleha dibe tsa ba bang (1)

  • Dinyehelo tse neng di ka etswa ke bafutsana (7-13)

  • Nyehelo ya molato ya ha motho a entse sebe a sa ikemisetsa (14-19)

5  Haeba motho a bone motho e mong a etsa sebe kapa a tsebile ka sona mme a utlwa hore ho batlwa paki*+ empa a sa bue, o tla ba molato ebile o tla ikarabella ka sebe seo.  Kapa haeba motho a tshwara ntho e sa hlwekang ebang ke setopo sa phoofolo e hlaha e sa hlwekang, sa phoofolo e sa hlwekang e ruuwang le ditopo tsa dibopuwa tse sa hlwekang tse tsamayang e le sehlopha,+ ha a hlweka mme o molato le hoja a sa hlokomele.  Kapa haeba motho a tshwara motho ya sa hlwekang ka phoso+ kapa ntho e sa hlwekang e ka mo silafatsang mme ha morao a tseba ka yona, o molato.  Kapa haeba motho a potlakela ho ikana hore o tla etsa ntho le ha e le efe, ebang e ntle kapa e mpe ebe ha morao o hlokomela hore o ile a potlakela ho ikana o ba molato.*+  Haeba a eba molato mabapi le e nngwe ya dintho tsena, a bolele+ hore na o entse sebe ka tsela efe.  Hape a tlise nyehelo ya hae ya molato ho Jehova bakeng sa sebe seo a se entseng+ e leng phoofolo e tshehadi ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi, ebang ke konyana e tshehadi kapa potsanyane e tshehadi bakeng sa nyehelo ya sebe. Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe.  Haeba a sa kgone ho fana ka nku, a tlise maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi+ ho Jehova e le nyehelo ya molato bakeng sa sebe sa hae. Le leng e be la nyehelo ya sebe mme le leng e be la nyehelo ya setjheso.+  A a tlise ho moprista mme moprista a hlahise la nyehelo ya sebe a be a le phunye molaleng karolong e ka pele empa a se ke a le kgaola molala.  A fafatse madi a mang a nyehelo ya sebe lehlakoreng la aletare empa madi a setseng a tla ntshetswa karolong e ka tlase ya aletare.+ Ke nyehelo ya sebe. 10  A etse nyehelo ya setjheso ka le leng ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng mme o tla tshwarelwa.+ 11  Haeba a sa kgone ho fana ka maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi, a tlise dilithara tse ka bang pedi*+ tsa phofo e sitsweng hantle e le nyehelo ya hae ya sebe. A se ke a tshela oli ho yona kapa a beha dibano tse tshweu hodima yona ka ha ke nyehelo ya sebe. 12  A e tlise ho moprista. Moprista a nke phofo e tlalang seatla e emelang nyehelo yohle* mme a etse hore e kubelle aletareng hodima dinyehelo tsa Jehova tse tjheswang ka mollo. Ke nyehelo ya sebe. 13  Moprista a etsetse motho eo sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka lebaka la sebe seo a se entseng ebang ke sebe le ha e le sefe ho tseo ho builweng ka tsona mme o tla tshwarelwa.+ Se setseng nyehelong eo e tla ba sa moprista+ jwalo ka nyehelong ya dijo.’”*+ 14  Jehova a re ho Moshe: 15  “Haeba motho a sa tshepahale mme a etsa sebe a sa ikemisetsa kgahlanong le dintho tse halalelang tsa Jehova,+ a tlisetse Jehova ramo e phetseng hantle e tswang mohlapeng wa dinku le dipodi e le nyehelo ya molato.+ Boleng ba yona ba silevera* bo behwa ho ya ka tekanyo* e sebediswang sebakeng se halalelang.+ 16  A patalle sebe seo a se entseng kgahlanong le sebaka se halalelang a be a eketse ka karolo e le nngwe ho tse ding le tse ding tse hlano ka hodimo ho seo a lokelang ho se patala.+ A di fe moprista e le hore a mo etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ ka ramo ya nyehelo ya molato mme o tla tshwarelwa.+ 17  Haeba motho a etsa sebe ka phoso ka hore a etse e nngwe ya dintho tseo Jehova a laetseng hore di se ke tsa etswa, o ntse a le molato mme o tla arabella phoso ya hae.+ 18  A tlise ramo e phetseng hantle e tswang mohlapeng ho moprista ho ya ka boleng bo behilweng bakeng sa nyehelo ya molato.+ Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe tsa motho eo bakeng sa sebe seo a se entseng ka phoso mme o tla tshwarelwa. 19  Ke nyehelo ya molato. Motho eo o molato hobane o foseditse Jehova.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “utlwa lentswe la thohako (kano).” Mohlomong ke phatlalatso e neng e etswa mabapi le phoso e neng e akarelletsa thohako kgahlanong le mofosi kapa kgahlanong le paki haeba e sa tlalehe phoso eo.
Ho bonahala bothata e le hore ha a phethahatse kano ya hae.
Ka Seheberu: “Karolo ya leshome ya efa.” Efa e lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “shekele.”