Levitike 6:1-30

  • Dintlha tse ding mabapi le nyehelo ya molato (1-7)

  • Ditaelo tse mabapi le dinyehelo (8-30)

    • Nyehelo ya setjheso (8-13)

    • Nyehelo ya dijo (14-23)

    • Nyehelo ya sebe (24-30)

6  Jehova a re ho Moshe:  “Haeba motho a etsa sebe mme a sa tshepahalle Jehova+ ka ho thetsa moahisani wa hae ka ntho eo a neng a mo boloketse yona+ kapa ka ntho eo a neng a mo adimme yona kapa a mo utswetsa  kapa a fumana ntho e lahlehileng mme a bua leshano ka yona, haeba a hlapanya ka leshano ka sebe seo a ka se etsang ho tsena,+ sena ke seo a lokelang ho se etsa:  Haeba a entse sebe mme a le molato, o lokela ho kgutlisa ntho eo a e utswitseng, eo a e nkileng ka mahahapa, eo a e nkileng ka bolotsana, e bolokilweng ho yena kapa ntho e lahlehileng eo a e fumaneng  kapa ntho le ha e le efe eo a hlapantseng ka leshano ka yona. A e kgutlise e feletse+ a be a eketse ka karolo e le nngwe ho tse ding le tse ding tse hlano ka hodimo ho seo a lokelang ho se kgutlisa. A di fe monga yona ka letsatsi leo ho pakwang hore o molato.  A tlise ho moprista ramo e phetseng hantle e tswang mohlapeng e le nyehelo ya hae ya molato ho Jehova, ho ya ka boleng bo behilweng bakeng sa nyehelo ya molato.+  Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa motho eo ka pela Jehova mme o tla tshwarelwa sebe le ha e le sefe seo e ka nnang yaba se entse hore a be molato.”+  Jehova a re ho Moshe:  “Ere ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao wa nyehelo ya setjheso:+ Nyehelo ya setjheso e be hodima leifo aletareng bosiu bohle ho fihlela hoseng mme mollo o dule o tuka aletareng. 10  Moprista a apare seaparo sa hae sa line+ sa mosebetsi le borikgwe bo bokgutshwanyane*+ ba line. A ntshe molora*+ wa nyehelo ya setjheso e tjhesitsweng ke mollo hodima aletare mme a o behe ka thoko ho aletare. 11  A hlobole diaparo tsa hae,+ a apare tse ding mme a ntshetse molora sebakeng se hlwekileng ka ntle ho diahelo.+ 12  Mollo o dule o tuka aletareng. O se ke wa tima. Moprista a behe patsi hodima wona+ hoseng ho hong le ho hong mme a behe nyehelo ya setjheso hodima wona, a etse hore mafura a mahlabelo a kopanetsweng a kubelle hodima wona.+ 13  Mollo o dule o tuka aletareng. Ha o a lokela ho tima. 14  Ona ke molao wa nyehelo ya dijo:*+ Lona bara ba Arone le lokela ho e hlahisa ka pela Jehova ka pela aletare. 15  E mong wa bona a nke phofo e sitsweng hantle, e tletseng seatla ya nyehelo ya dijo le oli e nngwe ya yona le dibano tsohle tse tshweu tse hodima nyehelo ya dijo. A etse hore di kubelle hodima aletare e le monko o monate* o emelang nyehelo yohle* ho Jehova.+ 16  Arone le bara ba hae ba je e setseng+ jwalo ka ha ba ja mahobe a se nang tomoso sebakeng se halalelang. Ba e jelle lebaleng la tente ya pokano.+ 17  Ha e a lokela ho bakwa le ntho le ha e le efe e nang le tomoso.+ Ke fane ka yona e le karolo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa+ jwalo ka nyehelo ya sebe le nyehelo ya molato. 18  Bohle ba batona hara bara ba Arone ba e je.+ Ke kabelo ya bona ya ka ho sa feleng melokong yohle ya lona dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo.+ Ntho e nngwe le e nngwe e thetsang dinyehelo e tla halalela.’” 19  Jehova a boela a bua le Moshe a re: 20  “Ena ke nyehelo eo Arone le bara ba hae ba tla e hlahisa ho Jehova letsatsing leo Arone a tlotswang ka lona:+ Dilithara tse ka bang pedi*+ tsa phofo e sitsweng hantle e le nyehelo ya ka mehla ya dijo,+ halofo ya yona hoseng le halofo ya yona mantsiboya. 21  E etswe ka oli hodima pane.+ E tliswe e bakilwe e tswakilwe hantle le oli mme e hlahiswe e qhetsotswe bakeng sa nyehelo ya dijo e tlisetswang Jehova, e monko o monate.* 22  Moprista ya tlotsitsweng ya hlahlamang Arone ho tswa ho bara ba hae,+ a e etse. E etswe e le nyehelo e feletseng hore e kubelle ho Jehova. Ona ke molao o tla dula o le teng. 23  Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo ya moprista e lokela ho ba nyehelo e feletseng. Ha e a lokela ho jewa.” 24  Jehova a boela a re ho Moshe: 25  “Ere ho Arone le bara ba hae, ‘Ona ke molao wa nyehelo ya sebe:+ Nyehelo ya sebe le yona e hlabelwe sebakeng seo nyehelo ya setjheso e hlabelwang ho sona+ ka pela Jehova. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa. 26  Moprista ya e nyehelang bakeng sa sebe a e je.+ E jellwe sebakeng se halalelang lebaleng la tente ya pokano.+ 27  Ntho e nngwe le e nngwe e thetsang nama ya nyehelo e tla halalela mme ha mang kapa mang a fafatsa madi a yona seaparong sa hae, seaparo seo se lokela ho hlatswetswa sebakeng se halalelang. 28  Sejana sa letsopa seo ho neng ho phehetswe ka ho sona se lokela ho pshatlwa. Empa haeba e phehetswe ka sejaneng sa koporo, se hohlwe mme se hlatsuwe ka metsi. 29  Bohle ba batona hara baprista ba e je.+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+ 30  Empa ha ho nyehelo ya sebe e lokelang ho jewa haeba madi a mang a yona a tlisitswe ka tenteng ya pokano ho etsa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe sebakeng se halalelang.+ E tjheswe ka mollo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “diaparo tsa ka hare.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “e le karolo ya sehopotso sa yona.”
Ka Seheberu: “kgathollang.”
Ka Seheberu: “Karolo ya leshome ya efa.” Efa e lekana le dilithara tse 2,2. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “kgathollang.”