Levitike 7:1-38

  • Ditaelo tsa dinyehelo (1-21)

    • Nyehelo ya molato (1-10)

    • Nyehelo e kopanetsweng (11-21)

  • Mafura le madi ha di a lokela ho jewa (22-27)

  • Kabelo ya baprista (28-36)

  • Dinyehelo di fella mona (37, 38)

7  Ona ke molao wa nyehelo ya molato:+ Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.  Ba hlabele nyehelo ya molato moo ba hlabelang nyehelo ya setjheso teng mme madi a yona+ a fafatswe mahlakoreng ohle a aletare.+  A hlahise mafura ohle a yona,+ mohatla o mafura, mafura a kwahelang mala,  diphio tse pedi le mafura a ohle a di potolohileng. A tlose le mafura a sebeteng le diphiong.+  Moprista a etse hore di kubelle aletareng e le nyehelo e tjhesetswang Jehova.+ Ke nyehelo ya molato.  Bohle ba batona hara baprista ba e je,+ ba e jelle sebakeng se halalelang. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa.+  Molao wa nyehelo ya sebe o sebetsa le ho nyehelo ya molato. Ka hoo, phoofolo eo moprista a etsang sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe ka yona e tla ba ya hae.+  Ha moprista a hlahisa nyehelo ya setjheso bakeng sa motho, letlalo+ la nyehelo eo e tla ba la moprista eo.  Nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo* e bakilweng ka ontong kapa e etseditsweng ka hara pane+ e tla ba ya moprista ya e hlahisang.+ 10  Empa nyehelo e nngwe le e nngwe ya dijo e kopantsweng le oli+ kapa e ommeng+ e tla ba ya bara bohle ba Arone, kaofela ba tla fumana karolo e lekanang. 11  Ona ke molao wa sehlabelo se kopanetsweng+ seo motho a ka se hlahisang ho Jehova: 12  Haeba a se hlahisa e le pontsho ya ho leboha, a se hlahise le sehlabelo sa ho leboha+ sa mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a kopantsweng le oli, diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli le mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a entsweng ka phofo e sitsweng hantle, e kopantsweng hantle le oli. 13  A tlise nyehelo ya hae ha mmoho le mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a bohobe bo nang le tomoso le sehlabelo sa diteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsweng. 14  Ho tswa ho sona a hlahise bohobe bo le bong ba mofuta o mong le o mong e le karolo e halalelang ho Jehova mme moprista a fafatse madi a mahlabelo a kopanetsweng.+ 15  Nama ya sehlabelo sa diteboho sa mahlabelo a hae a kopanetsweng e jewe letsatsing leo a e nyehelang ka lona. Ha a lokela ho boloka le ha e le efe ya yona ho fihlela hoseng.+ 16  Haeba sehlabelo sa nyehelo ya hae e le nyehelo ya boitlamo+ kapa ya boithaopo,+ se jewe letsatsing leo a hlahisang sehlabelo sa hae ka lona mme se salang se ka jewa ka letsatsi le hlahlamang. 17  Nama le ha e le efe ya sehlabelo e setseng, e tjheswe ka letsatsi la boraro.+ 18  Empa haeba nama ya sehlabelo sa hae se kopanetsweng e jewa letsatsing la boraro, ya e hlahisang a ke ke a amoheleha. E ke ke ya amohelwa ke Modimo, ke ntho e nyonyehang mme motho ya e jang o tla arabella phoso ya hae.+ 19  Nama e thetsang ntho e sa hlwekang e se ke ya jewa. E lokela ho tjheswa ka mollo. Batho bohle ba hlwekileng ba ka ja nama e hlwekileng. 20  Empa motho le ha e le ofe ya sa hlwekang ya jang nama ya sehlabelo se kopanetsweng sa Jehova, a bolawe setjhabeng sa habo.+ 21  Haeba motho a thetsa ntho e sa hlwekang ebang ke motho ya sa hlwekang+ kapa phoofolo e sa hlwekang+ kapa ntho le ha e le efe e nyonyehang+ e sa hlwekang mme a ja e nngwe ya nama ya sehlabelo se kopanetsweng sa Jehova, motho eo o lokela ho bolawa setjhabeng sa habo.’” 22  Jehova a re ho Moshe: 23  “Bua le Baiseraele o re, ‘Le se ke la ja mafura+ le ha e le afe a poho kapa a ramo e nyenyane kapa a podi. 24  Mafura a phoofolo e fumanwang e shwele le mafura a phoofolo e bolailweng ke phoofolo e nngwe a ka sebedisetswa ntho le ha e le efe empa ho hang le se ke la a ja.+ 25  Mang kapa mang ya jang mafura a phoofolo eo a e hlahisang e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, a bolawe setjhabeng sa habo. 26  Le se ke la ja madi+ a ntho le ha e le efe dibakeng tseo le dulang ho tsona ebang ke a dinonyana kapa a diphoofolo. 27  Mang kapa mang ya jang madi, a bolawe+ setjhabeng sa habo.’” 28  Jehova a bua le Moshe a re: 29  “Bolella Baiseraele o re, ‘Mang kapa mang ya hlahisang sehlabelo sa hae se kopanetsweng ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova karolo e nngwe ya nyehelo ya hae e tswang sehlabelong sa hae se kopanetsweng.+ 30  A tlise mafura+ le sefuba ka matsoho a hae e le nyehelo e tjhesetswang Jehova mme o tla e tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ 31  Moprista o tla etsa hore mafura a kubelle hodima aletare+ empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.+ 32  Le tla fa moprista leoto le letona e le karolo e halalelang e tswang mahlabelong a lona a kopanetsweng.+ 33  Mora wa Arone ya hlahisang madi a mahlabelo a kopanetsweng le mafura, o tla nka leoto le letona e le kabelo ya hae.+ 34  Mahlabelong a kopanetsweng a Baiseraele, ke nka sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto la karolo e halalelang mme ke di fa moprista Arone le bara ba hae. Ke molao o tla dula o le teng bakeng sa Baiseraele.+ 35  Ena e ne e le karolo e tswang dinyehelong tsa Jehova tse tjheswang ka mollo e lokelang ho behellwa ka thoko bakeng sa baprista, e leng Arone le bara ba hae, letsatsing leo ka lona ba hlahiswang ho sebeletsa Jehova e le baprista.+ 36  Jehova o laetse Baiseraele hore ba bafe karolo ena letsatsing leo ba tlotswang ka lona.+ Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko ya bona.’” 37  Ona ke molao wa nyehelo ya setjheso,+ nyehelo ya dijo,+ nyehelo ya sebe,+ nyehelo ya molato,+ sehlabelo sa tlhomamiso+ le sehlabelo se kopanetsweng+ 38  feela jwalo ka ha Jehova a laetse Moshe Thabeng ya Sinai,+ letsatsing leo a laetseng Baiseraele hore ba hlahise dinyehelo tsa bona ho Jehova lefeelleng la Sinai.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.