Levitike 9:1-24

  • Arone o etsa dinyehelo (1-24)

9  Ka letsatsi la borobedi,+ Moshe a bitsa Arone le bara ba hae le baholo ba Iseraele.  A re ho Arone: “Inkele namane e nyenyane ya nyehelo ya sebe+ le ramo ya nyehelo ya setjheso, ebe tse phetseng hantle mme o di hlahise ka pela Jehova.  Empa o re ho Baiseraele, ‘Nkang phooko* ya nyehelo ya sebe mme bakeng sa nyehelo ya setjheso le nke namane le ramo e nyenyane. Ka bobedi e be tse nang le selemo, tse phetseng hantle.  Le nke le poho le ramo bakeng sa mahlabelo a kopanetsweng+ hore ho etswe sehlabelo ka tsona ka pela Jehova le nyehelo ya dijo*+ e kopantsweng le oli hobane kajeno Jehova o tla bonahala ho lona.’”+  Ba tlisa tsohle tseo Moshe a laetseng hore ba di tlise ka pela tente ya pokano. Setjhaba sohle sa atamela mme sa ema ka pela Jehova.  Moshe a re: “Jehova o laetse hore le etse sena e le hore kganya ya Jehova e ka bonahala ho lona.”+  Moshe a re ho Arone: “Atamela aletareng o hlahise nyehelo ya hao ya sebe+ le ya setjheso mme o etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa hao+ le ba lelapa la hao. O hlahise nyehelo ya setjhaba+ o be o se etsetse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe+ feela jwalo ka ha Jehova a laetse.”  Kapelepele Arone a atamela aletareng yaba o itlhabela namane ya nyehelo ya sebe.+  Bara ba Arone ba tlisa madi+ ho yena yaba o a qopetsa ka monwana mme o a tlotsa manakeng a aletare. A tshela madi a mang kaofela karolong e ka tlase ya aletare.+ 10  A etsa nyehelo ya sebe ka ho tjhesa mafura, diphio le mafura a sebeteng aletareng feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 11  A tjhesetsa nama le letlalo la namane eo ka ntle ho diahelo.+ 12  Arone a hlaba phoofolo ya nyehelo ya setjheso yaba bara ba hae ba mo fa madi a yona mme a a fafatsa mahlakoreng ohle a aletare.+ 13  Ba mo fa nama ya nyehelo eo le hlooho ya yona mme a di tjhesetsa aletareng hore di kubelle. 14  A hlatswa mala le ditlhakwana mme a di tjhesetsa aletareng le nyehelo ya setjheso e le hore di kubelle. 15  A hlahisa nyehelo ya setjhaba yaba o nka podi ya nyehelo ya sebe bakeng sa setjhaba, a e hlaba mme a etsa nyehelo ya sebe ka yona jwalo ka ha a entse ka nyehelo ya pele. 16  A boela a hlahisa nyehelo ya setjheso mme a e etsa ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng.+ 17  A hlahisa nyehelo ya dijo,+ a tlatsa e nngwe ya yona letsohong la hae mme a e tjhesa e le hore e kubelle aletareng, ho ekelletsa nyehelong ya setjheso ya hoseng.+ 18  A hlaba poho le ramo ya sehlabelo se kopanetsweng seo e neng e le sa setjhaba. Bara ba Arone ba mo fa madi a tsona mme a a fafatsa mahlakoreng ohle a aletare.+ 19  Ha e le dikarolo tse mafura tsa poho,+ mohatla o mafura wa ramo, mafura a kwahetseng mala, diphio le mafura a sebeteng,+ 20  ba di beha hodima difuba tsa poho le ramo yaba Arone o di tjhesa aletareng e le hore di kubelle.+ 21  Empa difuba le leoto le letona Arone a di tsokela kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova feela jwalo ka ha Moshe a ne a laetse.+ 22  Arone a phahamisetsa matsoho ho setjhaba a se hlohonolofatsa+ yaba o theoha aletareng ka mora ho etsa nyehelo ya sebe, nyehelo ya setjheso le mahlabelo a kopanetsweng. 23  Qetellong Moshe le Arone ba kena ka tenteng ya pokano yaba ba a tswa mme ba hlohonolofatsa setjhaba.+ Setjhaba sohle sa bona kganya ya Jehova.+ 24  Ha setjhaba sohle se bona mollo o tswang ho Jehova+ o tjhesa nyehelo ya setjheso le mafura a aletareng, sa hweletsa mme sa kgumama.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “podi e tona.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Se thetsitse fatshe ka dihlooho.