Kosepele ya Luka 16:1-31

  • Papiso ya mohlanka ya sa lokang (1-13)

    • “Ya tshepahalang dinthong tse nyenyane o tshepahala le ho tse kgolo” (10)

  • Molao le Mmuso wa Modimo (14-18)

  • Papiso ya monna wa morui le Lazaro (19-31)

16  Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Morui e mong o ile a bolellwa hore mohlanka ya okametseng ntlo ya hae wa mo senyetsa.  Ka hoo, a mo bitsa mme a re ho yena: ‘Ha ke rate ditaba tseo ke di utlwang ka wena. Tlisa tlaleho ya mosebetsi wa hao ka ha o ke ke wa hlola o okamela ntlo ena.’  Mohlanka eo a re ka pelong: ‘Ke tla etsang ha e le moo monga ka a nkamoha bookamedi? Ha ke na matla a ho sebetsa masimong, le teng ke dihlong ho kopa.  Eke! Ke a tseba hore na ke tla etsang e le hore ha ke tloswa bookameding, batho ba tle ba nkamohele malapeng a bona.’  A bitsa motho e mong le e mong ya kolotang monga hae yaba o re ho wa pele: ‘O kolota monga ka eng?’  A re: ‘Dibate* tse 100 tsa oli ya mohlwaare.’ Mohlanka eo a re ho yena: ‘Kgutla le lengolo la hao la tumellano ya sekoloto, o phakise o ngole hore o kolota tse 50.’  Ka mora moo a re ho e mong: ‘Wena o kolotang?’ A re: ‘Mekotla e 100 ya koro.’* Mohlanka eo a re ho yena: ‘Kgutla le lengolo la hao la tumellano ya sekoloto, o ngole e 80.’  Yaba monga mohlanka eo o a mo babatsa hobane a le bohlale le hoja a ne a sa loka. Etswe batho ba mehleng ena* ba bohlale ho feta bahlanka ba Modimo.*+  Hape ke re ho lona, iketsetseng metswalle ka maruo a lefatshe lena le sa lokang*+ e le hore ha a fela, metswalle eo e ka le amohela dibakeng tsa bodulo tse tla dula di le teng.+ 10  Motho ya tshepahalang dinthong tse nyenyane o tshepahala le ho tse kgolo mme motho ya sa tshepahaleng dinthong tse nyenyane ha a tshepahale le ho tse kgolo. 11  Ka hona, haeba le sa ka la tshepahala ha le sebedisa maruo a lefatshe lee le sa lokang, ke mang ya tla le tshepela maruo a sebele? 12  Haeba le sa ka la tshepahala ha le sebedisa dintho tsa motho e mong, ke mang ya tla le fa tsa lona?+ 13  Ha ho na mohlanka ya ka sebeletsang benghadi ba babedi hobane o tla rata e mong ebe o hloya e mong kapa a hlomphe e mong ebe o tella e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Maruo.”+ 14  Bafarisi le bona ba ne ba mo mametse empa ka ha ba ne ba rata tjhelete, ba ile ba mo soma.+ 15  Jesu a re ho bona: “Le etsa eka le lokile ka pela batho+ empa Modimo o tseba dipelo tsa lona+ hobane dintho tseo batho ba nkang di le bohlokwa di a nyonyeha ho Modimo.+ 16  Molao le mantswe a Baprofeta a ile a phatlalatswa ho fihlela Johanne a fihla. Ho tloha ka nako eo ho ya pele, haesale ditaba tse monate tsa Mmuso wa Modimo di ntse di phatlalatswa mme motho e mong le e mong o sebetsa ka thata hore a kene ho ona.+ 17  Le haeba lehodimo le lefatshe di ka timela, lentswe le leng le le leng le hlahang Molaong le tla phethahala.*+ 18  E mong le e mong ya hlalang mosadi wa hae ebe o nyala e mong o a feba hape mang kapa mang ya nyalang mosadi ya hladilweng le yena o a feba.+ 19  Ho ne ho ena le monna e mong wa morui ya neng a tlwaetse ho apara diaparo tse pherese tsa line, a phela ha monate a etsa mekete ya semetletsa. 20  Ho ne ho boetse ho ena le monna e mong wa mokopakopa ya bitswang Lazaro ya neng a tletse diso. O ne a atisa ho behwa keiting ya morui eo 21  mme a lakatsa ho ja dijo tse welang tafoleng ya morui. Le dintja di ne di tla ebe di nyeka diso tsa hae. 22  Ka mora nako, monna wa mokopakopa a shwa mme mangeloi a mo isa haufi le Abrahama.* Monna wa morui le yena a shwa a patwa. 23  Ha a le Lebitleng* a ntse a hlokofala, a sheba hodimo yaba o bonela Lazaro hole a le haufi le Abrahama.* 24  Ka hoo, a hweletsa a re: ‘Ntate Abrahama, ke kopa o nkgauhele, o re Lazaro a qopetse monwana ka metsing a phodise leleme la ka hobane ke tjha ha bohloko* mollong ona o bohale.’ 25  Abrahama a re ho yena: ‘Ngwanaka, o hopole hore wena o ile wa phela ha monate ha Lazaro a sotlehile. Jwale hona jwale ke nako ya hore a tshediswe, wena o utlwe bohloko. 26  Ntle ho moo, ho na le kgohlo e kgolo pakeng tsa rona le lona e sitisang ba batlang ho tshelela ka ho rona hore ba fete le ba batlang ho tshelela ka ho lona hore ba tshele.’ 27  Morui eo a re: ‘Ntate, haeba ho jwalo, ke kopa o mo rome heso 28  hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a bue le bona ka thata e le hore ba tle ba se ke ba qetella ba le mona moo batho ba utlwang bohloko haholo.’ 29  Empa Abrahama a re: ‘Ba na le mangolo a Moshe le a Baprofeta, ba tla rutwa ke ona.’+ 30  Monna eo a re: ‘Ntate Abrahama, ba ke ke ba mamela empa haeba motho e mong ya tsohileng bafung a ka ya ho bona ba tla baka.’ 31  Abrahama a re ho yena: ‘Haeba ba sa mamele ditaba tse ka hara mangolo a Moshe+ le a Baprofeta, ba ke ke ba mamela le ha mofu a ka tsoha.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Bate e lekana le dilithara tse 22. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “dikore tse 100 tsa koro.” Kore e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Segerike: “bara ba leseli.”
Ka Segerike: “maruo a sa lokang.”
Ka Segerike: “ha ho tlhaku le e nngwe e nyenyane ka ho fetisisa kapa letshwao le le leng le ke keng la phethahala.”
Ka Segerike: “a mo nkela sefubeng sa Abrahama.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sefubeng sa Abrahama.”
Kapa: “ke utlwa bohloko bo boholo.”