Kosepele ya Luka 23:1-56

  • Jesu o hlaha ka pela Pilato le Heroda (1-25)

  • Jesu le ditlokotsebe tse pedi ba kgokgothelwa dipalong (26-43)

    • “O tla ba le nna Paradeiseng” (43)

  • Jesu o a shwa (44-49)

  • Jesu o a patwa (50-56)

23  Batho bao kaofela ba mo kganna ba mo isa ho Pilato.+  Jwale ba mo qosa+ ba re: “Re fumane monna enwa a ntse a kgelosa setjhaba sa rona, a thibela batho ho patala lekgetho la Sesare+ a bile a re ke yena Kreste morena.”+  Pilato a re ho yena: “Na o Morena wa Bajuda?” Jesu a re: “E, ke yena.”*+  Pilato a re ho baprista ba baholo le ho letshwele: “Ha ke fumane molato ho monna enwa.”+  Empa ba emella Pilato ba re: “O ferekanya batho ka ho ruta Judea ena kaofela ho tloha Galilea ho tla fihla mona.”  Ha Pilato a utlwa ditaba tseo, a botsa hore na monna eo ke Mogalilea.  Ka mora hore a etse bonnete ba hore Jesu o tswa sebakeng se buswang ke Heroda,+ a mo romela ho yena. Ka nako eo, Heroda le yena o ne a le Jerusalema.  Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu hobane esale a utlwela ka yena+ empa a eso mo bone. O ne a lebelletse hore Jesu a etse mohlolo.  Ka hoo, a mo botsa dipotso tse ngata empa Jesu ha a ka a mo araba.+ 10  Le ha ho le jwalo, baprista ba baholo le bangodi ba ne ba eme mme ba mo qosa ba halefile. 11  Heroda le masole a hae ba mo rohaka,+ ba mo soma,+ ba mo apesa seaparo se setle yaba o mo kgutlisetsa ho Pilato. 12  Heroda le Pilato e ne e ntse e le dira empa letsatsing leo ya eba metswalle. 13  Pilato a bitsa baprista ba baholo, babusi ha mmoho le setjhaba 14  yaba o re ho bona: “Le tlisitse monna enwa ho nna le re o hlohlelletsa batho ho fetohela mmuso. Ke mo hlahlobile ka pela lona empa ha ke a fumana a le molato wa dintho tsena tseo le mo qosang ka tsona.+ 15  Heroda le yena ha a ka a mo fumana a le molato. Ke ka hoo a mo kgutliseditseng ho rona. Ha a etsa letho le lebe hoo a ka bang a bolawa. 16  Ka hona, ke tla mo shapa+ ebe ke a mo lokolla.” 17  *—— 18  Empa batho kaofela ba hweletsa ba re: “Bolaya monna enwa o re lokollele Barabase!”+ 19  (Barabase eo ke monna ya neng a kentswe teronkong hobane a thusitse batho ho fetohela mmuso le ka lebaka la polao.) 20  Pilato a bua le bona hape hobane o ne a batla ho lokolla Jesu.+ 21  Empa ba hweletsa ba re: “Ha a kgokgothelwe palong! Ha a kgokgothelwe palong!”*+ 22  A re ho bona ka lekgetlo la boraro: “Hobaneng? O entseng e mpe? Ha ke a fumana a entse letho le lebe hoo a ka bang a bolawa. Ka hona, ke tla mo shapa ebe ke a mo lokolla.” 23  Empa ba hweletsa ba batla hore a kgokgothelwe palong.* Ba ile ba hweletsa haholo hoo Pilato a ileng a ba a inehela.+ 24  Ka hoo, Pilato a etsa qeto ya ho ba kgotsofatsa. 25  A lokolla monna eo ba neng ba mo batla, ya neng a kentswe teronkong hobane a bolaile a bile a fetohetse mmuso empa a fana ka Jesu ho bona hore ba etse ntho eo ba e batlang ka yena. 26  Ha ba ntse ba tsamaisa Jesu, ba emisa monna e mong wa Saerene ya bitswang Simone ya tswang mahaeng yaba ba mo jarisa palo eo Jesu a neng a tlo kgokgothelwa ho yona* hore a sale Jesu morao a e jere.+ 27  Jesu o ne a setswe morao ke letshwele le leholo, hara letshwele leo ho ena le basadi ba ntseng ba mo llela ba bile ba ikotla hobane ba utlwile bohloko. 28  Jesu a hetla yaba o re ho basadi bao: “Baradi ba Jerusalema, kgaotsang ho ntelela. Le llele lona le bana ba lona+ 29  hobane ho na le nako eo ka yona batho ba tla re: ‘Ho lehlohonolo basadi ba se nang bana, ba sa kang ba eba le bana kapa ba nyantsha.’+ 30  Ba tla re ho dithaba: ‘Re weleng hodimo!’ le ho maralla: ‘Re pateng!’+ 31  Haeba ba etsa dintho tsee ha sefate se le mongobo, ho tla etsahalang ha se omeletse?” 32  Banna ba babedi ba ditlokotsebe le bona ba ne ba ntse ba kgannwa hore ba yo bolawa mmoho le yena.+ 33  Ha ba fihla sebakeng se bitswang Lehata,+ ba mo kgokgothela palong dipakeng tsa ditlokotsebe tseo, se seng se le ka ho le letona, se seng ka ho le letshehadi.+ 34  Empa Jesu a re: “Ntate, o ba tshwarele hobane ha ba tsebe hore na ba etsang.” Yaba masole ao a lahla lotho e le hore a arolelane diaparo tsa hae.+ 35  Batho ba ne ba eme ba shebeletse empa babusi bona ba mo tsheha ba re: “O pholositse ba bang. Haeba ke yena Kreste ya kgethilweng ke Modimo, ha a ipholose.”+ 36  Masole le ona a mo soma yaba a mo tlisetsa veine e bodila a re:+ 37  “Haeba o Morena wa Bajuda, ipholose.” 38  Hape ka hodima hlooho ya hae ho ne ho ena le boto e ngotsweng: “Enwa ke Morena wa Bajuda.”+ 39  Empa e mong wa ditlokotsebe tse neng di kgokgothetswe a mo nyefola+ a re: “Akere o Kreste? Ipholose le rona o re pholose.” 40  Empa setlokotsebe se seng sa mo kgalemela sa re: “E le hore ha o tshabe Modimo le ha e le moo o fumane kotlo e tshwanang le ya monna eo? 41  Rona re ahlotswe ka nepo hobane re fumana ditholwana tsa mesebetsi ya rona empa monna enwa yena ha a etsa letho le lebe.” 42  A boela a re: “Jesu, o nkgopole ha o kena Mmusong wa hao.”+ 43  Yaba Jesu o re ho yena: “Ka nnete ke a o jwetsa letsatsing lena, o tla ba le nna Paradeiseng.”+ 44  Ka nako eo e ne e ka ba 12 motshehare* empa lefifi le ile la aparela naha yohle ka dihora tse tharo*+ 45  hobane kganya ya letsatsi e ile ya fela yaba kgaretene ya sehalalelo+ e taboha ka lehare.+ 46  Yaba Jesu o a hweletsa o re: “Ntate, ke beha bophelo* ba ka matsohong a hao.”+ Ha a qeta ho tjho jwalo a shwa.+ 47  Ka ha molaodi wa sesole o ile a bona hore na ho etsahetseng, a rorisa Modimo a re: “Ka nnete monna enwa o ne a lokile.”+ 48  Ha batho bohle ba neng ba bokane moo ba shebeletse ba bona dintho tse ileng tsa etsahala, ba kgutlela hae ba ntse ba ikotla difubeng ka lebaka la ho utlwa bohloko. 49  Bohle ba neng ba tlwaelane le yena ha mmoho le basadi ba neng ba mo feleheditse ho tloha Galilea, ba ne ba eme hojana ba shebile dintho tsena.+ 50  Ho ne ho ena le monna e mong ya bitswang Josefa eo e neng e le setho sa Lekgotla, e ne e le monna ya lokileng.+ 51  Monna enwa ha a ka a tshehetsa morero wa bona o mobe ka Jesu. O ne a tswa Arimathea e leng motse wa Bajudea hape a lebelletse Mmuso wa Modimo. 52  O ile a ya ho Pilato a kopa setopo sa Jesu. 53  A se theola+ yaba o se phuthela ka line ya boleng bo botle, a se beha ka lebitleng le tjhekilweng lefikeng+ leo ho seng motho ya kileng a patelwa ka ho lona. 54  E ne e le letsatsi la ho itokisetsa+ Sabatha+ ka ha e ne e le haufi. 55  Basadi ba neng ba tlile le Jesu ba tswa Galilea le bona ba tsamaya mme ba sheba lebitla le hore na setopo sa Jesu se ne se behilwe jwang.+ 56  Yaba ba a kgutla ho ya lokisa dinoko le dioli tse nkgang ha monate. Empa ka Sabatha ba phomola+ hobane e ne e le molao.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “Ke wena ya tjhong.” Ke mokgabopuo o bontshang ho dumela.
Kapa: “Mo bolaele palong.”
Kapa: “bolaelwe palong.”
Kapa: “palo eo batho ba hlokofatswang ho yona.” Sheba Tlhaloso ya Palo.
Ka Segerike: “ka hora ya botshelela.”
Ka Segerike: “ho fihlela ka hora ya borobong.”
Kapa: “moya.”