Kosepele ya Luka 24:1-53

  • Jesu o a tsoswa (1-12)

  • Tseleng e yang Emmause (13-35)

  • Jesu o hlaha hara barutuwa (36-49)

  • Jesu o nyolohela lehodimong (50-53)

24  Ka letsatsi la pele la beke ba ya lebitleng hoseng haholo ba nkile dintho tse nkgang ha monate tseo ba neng ba di lokisitse.+  Empa ba fumana lejwe le suthiseditswe ka thoko ho lebitla.+  Ha ba kena ba fumana setopo sa Morena Jesu se le siyo.+  Ha ba sa ntse ba maketse jwalo, ba bona banna ba babedi ba apereng diaparo tse bosweu bo benyang ba ema pela bona.  Basadi bao ba ne ba tshohile yaba ba a inama. Banna bao ba re ho bona: “Ke hobaneng ha le tla mabitleng ho tla batlana le motho ya phelang?+  Ha a yo mona, o tsositswe. Hopolang hore na o ile a reng ho lona ha a ntse a le Galilea.  O ile a re ho tla fanwa ka Mora motho ho baetsadibe, a kgokgothelwe palong ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.”+  Basadi bao ba hopola mantswe a hae.+  Yaba ba tloha lebitleng moo ba yo bolella baapostola ba 11 le batho ba bang kaofela dintho tsena tsohle.+ 10  Basadi bao e ne e le Maria Magdalena, Joanna le Maria mme wa Jakobo. Basadi ba bang kaofela ba neng ba le teng, le bona ba ile ba bolella baapostola dintho tsena. 11  Empa ba ne ba sa kgolwe basadi bao hobane ba utlwa ba bua dintho tse se nang kelello. 12  Empa Petrose a ema a mathela lebitleng. Eitse ha a nyarela a fumana masela feela. Ka hoo, a tloha a ntse a ipotsa hore na ho etsahetseng. 13  Letsatsing lona leo barutuwa ba babedi ba ne ba ya Emmause, e ka bang bohole ba dikhilomithara tse 11* ho tloha Jerusalema. 14  Ba ne ba ntse ba buisana ka dintho tsena tsohle tse etsahetseng. 15  Ha ba ntse ba buisana jwalo, Jesu a tla yaba o tsamaya le bona 16  empa ba ne ba sa hlokomele hore ke yena.+ 17  A re ho bona: “Le phehile kgang kang?” Yaba ba ema moo ba utlwile bohloko. 18  E mong wa bona ya bitswang Cleopase a re ho yena: “Ho tla jwang hore ebe ha o tsebe* dintho tse sa tswa etsahala Jerusalema? Kapa ha o dule teng?” 19  Yaba o re ho bona: “Dintho dife?” Ba re ho yena: “Ditaba tsa Jesu wa Monazaretha.+ O ne a tsebahala ho Modimo le batho e le moprofeta ya buang mantswe a matla le ya etsang mehlolo.+ 20  Baprista ba baholo le babusi ba rona ba ile ba fana ka yena hore a ahlolelwe lefu+ yaba ba mo kgokgothela palong. 21  Re ne re tshepile hore monna enwa ke yena ya tla lopolla Iseraele.+ E se e le letsatsi la boraro dintho tsena di etsahetse. 22  Hape basadi ba bang bao e leng barutuwa le bona ba ile ba re bolella ditaba tse makatsang. Ba ne ba tsohelletse lebitleng+ 23  yaba ba fumana setopo sa hae se le siyo. Ba kgutla ba re bolella hore ba bone mangeloi a itseng Jesu o a phela. 24  Ebile ba bang ho rona mona ba ile ba ya lebitleng+ mme ba fumana le se na letho feela jwalo ka ha basadi bao ba ne ba tjhulo, le yena Jesu ha ba a ka ba mo bona.” 25  Ka hoo, a re ho bona: “Lona ba se nang kutlwisiso le ba diehang ho dumela dintho tsohle tseo baprofeta ba ileng ba di bua, 26  ho ne ho hlokahala hore Kreste a utlwiswe bohloko ka tsela ena+ le hore a tlotliswe.”+ 27  Yaba o qala ho ba hlalosetsa dintho tsohle tse hlahang ka Mangolong tse amanang le yena, a qala ka Mangolo a ngotsweng ke Moshe le a Baprofeta kaofela.+ 28  Ha ba le haufi le motse oo ba neng ba ya ho wona, yena a etsa eka o fetela pejana. 29  Empa ba mo phehella hore a se ke a tsamaya ba re: “Dula le rona hobane e se e ntse e le mantsiboya.” Yaba o dula le bona. 30  Ha a dutse le bona* tafoleng ba ntse ba ja, a nka bohobe, a rapela, a bo qhetsola yaba o ba fa bona.+ 31  Ka hoo, ba hlokomela hore na ke mang yaba o a ba nyamella.+ 32  Ba buisana ba re: “Ha se feela re neng re thabile* ha a ntse a bua le rona tseleng, ha a ntse a re hlalosetsa* Mangolo ka tsela e hlakileng.” 33  Yaba hanghang ba kgutlela Jerusalema, ba fumana baapostola ba 11 ba ena le barutuwa ba bang 34  ba ntse ba re: “Ka nnete Morena o tsositswe, o ile a ba a ya ho Simone.”+ 35  Barutuwa bao ba babedi ba ba phetela hore na ho etsahetseng ha ba le tseleng le hore ba ile ba hlokomela hore ke yena ha ba mo bona a qhetsola bohobe.+ 36  Ha ba ntse ba bua ka dintho tsena, Jesu a hlaha hara bona yaba o re: “Kgotso e be le lona.”+ 37  Empa ka ha ba ne ba tshohile, ba ne ba nahana hore ba bona lengeloi.* 38  Ka hoo, a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tshwenyehile, ke hobaneng ha le ena le dipelaelo? 39  Shebang matsoho le maoto a ka hore le tle le bone hore ke nna. Ntshwareng le bone hobane mangeloi ha a na nama le masapo empa le a bona hore nna ke na le tsona.” 40  Ha a tjho jwalo a ba bontsha maoto le matsoho a hae. 41  Empa ba ne ba ntse ba sa kgolwe hobane ba thabile haholo ba bile ba maketse yaba o re ho bona: “Ha le na dijo moo?” 42  Ba mo fa tlhapi e besitsweng 43  yaba o a e nka o e ja ba ntse ba mo shebile. 44  Jwale a re ho bona: “Ha ke ne ke ena le lona, ke ile ka le bolella+ hore dintho tsohle tse ngotsweng Molaong wa Moshe, Dipesalemeng le tseo Baprofeta ba di ngotseng ka nna di tla phethahala.”+ 45  A ba thusa ho utlwisisa Mangolo hantle+ 46  yaba o re ho bona: “Mangolo a re Kreste o ne a tla hlokofatswa ebe o tsoswa bafung ka letsatsi la boraro+ 47  mme molaetsa wa hore batho ba bake e le hore ba tshwarelwe dibe+ o ne o tla phatlalatswa ditjhabeng tsohle+ ho qala Jerusalema, o phatlalatswa ka lebitso la hae.+ 48  Le tla ba dipaki tsa ditaba tsena.+ 49  Hape ke tla le fa ntho eo Ntate a tshepisitseng ho e tlisa. Empa le dule motseng ona ho fihlela le fumana matla a tswang lehodimong.”+ 50  A tsamaya le bona ho ya fihla Bethani yaba o phahamisa matsoho o a ba hlohonolofatsa. 51  Ka mora hore a ba hlohonolofatse, a arohana le bona mme a nyolohela lehodimong.+ 52  Ba mo kgumamela* mme ba kgutlela Jerusalema ba thabile haholo.+ 53  Ba ne ba ya tempeleng letsatsi le leng le le leng ba rorisa Modimo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “ditediamo tse 60.” Setediamo se lekana le dimithara tse 185. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa mohlomong: “Na ke wena feela moeti Jerusalema ya sa tsebeng?”
Kapa: “otlile lehlakore.”
Ka Segerike: “dipelo tsa rona di neng di tjhesa.”
Ka Segerike: “bulela.”
Ka Segerike: “moya.”
Kapa: “inamela.”