Kosepele ya Luka 9:1-62

  • Baapostola ba 12 ba fuwa ditaelo tsa mosebetsi wa ho ruta (1-6)

  • Heroda o makatswa ke Jesu (7-9)

  • Jesu o fepa batho ba 5 000 (10-17)

  • Petrose o re Jesu ke Kreste (18-20)

  • Jesu o profeta lefu la hae (21, 22)

  • Tsela ya ho ba morutuwa wa nnete (23-27)

  • Tjhebahalo ya Jesu e a fetoha (28-36)

  • Moshanyana ya nang le modemona o a fodiswa (37-43a)

  • Jesu o profeta lefu la hae hape (43b-45)

  • Barutuwa ba pheha kgang ka hore na ke mang e moholo (46-48)

  • Ya seng kgahlanong le rona o eme le rona (49, 50)

  • Batho ba Samaria ha ba amohele Jesu (51-56)

  • Tsela ya ho ba morutuwa wa Jesu (57-62)

9  A bitsa baapostola ba hae ba 12 yaba o ba fa matla a ho leleka bademona bohle+ le ho phekola mafu.+  Ka mora moo, a ba roma hore ba rute ka Mmuso wa Modimo le ho fodisa batho ba kulang,  a re ho bona: “Le se ke la nka mofao bakeng sa leeto, le ha e le lere, mokotla wa dijo, bohobe, tjhelete* kapa diaparo* tse pedi.+  Hohle moo le fihlang, le dule ntlong ya motho ho fihlela le tloha motseng oo.+  Kae kapa kae moo ba sa le amoheleng, le hlohlore lerole maotong a lona ha le tswa moo e le bopaki ba hore le ba lemositse.”*+  Ba tloha ba ya le metse ba ntse ba phekola batho ba bile ba ba bolella molaetsa wa Mmuso wa Modimo.+  Yaba Heroda* mmusi wa setereke o utlwela ka dintho tsohle tse etsahetseng. A makatswa ke ho utlwa batho ba re Johanne o tsositswe bafung.+  Ba bang ba re ke Elia, ba bang bona ba re ke moprofeta e mong wa kgale ya tsositsweng bafung.+  Heroda a re: “Ha ke kgaotse Johanne hlooho,+ jwale eo ya etsang dintho tsee yena ke mang?” Yaba o batla ho mo bona.+ 10  Ha baapostola ba kgutla ba mo phetela hore na ba entseng.+ Yaba o tsamaya le bona ba le bang ba ya motseng o bitswang Bethsaida.+ 11  Ha batho ba utlwa ka taba ena ba ba sala morao. Jesu a ba amohela ka mosa, a bua le bona ka Mmuso wa Modimo a ba a fodisa ba kulang.+ 12  Ha e eba mantsiboya baapostola ba hae ba tla ho yena ba re: “Ere batho bana ba tsamaye ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le dijo hobane mona ho hole.”+ 13  Jesu a re ho bona: “Lona ba feng dijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi feela, ntle le haeba re ka yo ba rekela dijo.” 14  Ho ne ho ena le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ereng ba ikarole ba dule ka dihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15  Ba etsa jwalo yaba batho kaofela ba dula fatshe. 16  Jesu a nka mahobe a mahlano le ditlhapi tse pedi, a sheba lehodimong a kopa tlhohonolofatso. A di qhetsola, a di fa barutuwa, barutuwa bona ba di fa batho. 17  Bohle ba ja ba kgora mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng dijo tse setseng.+ 18  Ha morao ha a ntse a rapela a le mong, barutuwa ba tla ho yena yaba o re ho bona: “Batho ba re ke mang?”+ 19  Ba re ho yena: “Ba bang ba re o Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re o Elia, ba bang bona ba re o e mong wa baprofeta ba kgale ya tsositsweng bafung.”+ 20  A re ho bona: “Lona le re ke mang?” Petrose a re: “O Kreste ya rometsweng ke Modimo.”+ 21  A ba kopa hore ba se ke ba jwetsa mang kapa mang ka taba ena.+ 22  A boela a re: “Mora motho o tla hloriswa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangodi ba ke ke ba mo amohela mme o tla bolawa+ ebe o tsoswa ka letsatsi la boraro.”+ 23  A re ho batho bohle: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntshala morao, a se ke a hlola a iphelela.+ A ikemisetse ho mamella mahloriso* letsatsi le letsatsi mme a nne a ntatele.+ 24  Mang kapa mang ya batlang ho sireletsa bophelo ba hae, o tla fellwa ke bona. Empa mang kapa mang ya shwang hobane e le molatedi wa ka, o tla phela hape.+ 25  Ha e le hantle motho o tla fumana molemo ofe haeba a rua lefatshe lohle empa a feletswe ke bophelo ba hae kapa a intsha kotsi?+ 26  Etswe mang kapa mang ya ntshwabelang le ya swabelang ditaba tsa ka, Mora motho le yena o tla mo swabela ha a tla ka kganya ya hae, ya Ntate wa hae le ya mangeloi a halalelang.+ 27  Ka nnete ke re ho lona, ho na le ba bang ba emeng mona bao ho hang ba ke keng ba shwa pele ba bona Mmuso wa Modimo.”+ 28  Ha ho se ho fetile matsatsi a ka bang robedi a buile mantswe ao, a tsamaya le Petrose, Johanne le Jakobo ba ya thabeng ho ya rapela.+ 29  Ha a ntse a rapela, sefahleho sa hae sa fetoha mme diaparo tsa hae tsa eba bosweu bo benyang. 30  Ho ne ho ena le banna ba babedi ba ntseng ba buisana le Jesu, e ne e le Moshe le Elia. 31  Ba hlaha ba kganya yaba ba qala ho bua ka hore Jesu o tla falla lefatsheng ha a le Jerusalema.+ 32  Petrose le barutuwa ba bang ba ne ba imetswe ke boroko empa ha ba hlaphohelwa ba bona Jesu a kganya+ a eme le banna ba babedi. 33  Ha banna bao ba itokisetsa ho tloha, Petrose a re ho Jesu: “Mosuwe, ke hantle hore ebe re mona. Jwale ha re hlomeng ditente tse tharo, e nngwe e be ya hao, e nngwe e be ya Moshe, e nngwe e be ya Elia.” Empa o ne a sa ikutlwe hore na o ntse a reng. 34  Ha a sa ntse a bua ha hlaha leru, la ba kwahela yaba ba a tshoha. 35  Lentswe+ la hlaha lerung leo la re: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo kgethileng.+ Mo mameleng.”+ 36  Ha lentswe leo le hlaha Jesu o ne a se a setse a le mong. Ba thola tu! yaba ba qeta nako ho se motho eo ba mo bolellang ntho eo ba e boneng.+ 37  Letsatsi le hlahlamang ha ba theoha thabeng, letshwele la kgahlanyetsa Jesu.+ 38  Monna e mong a hweletsa hara letshwele a re: “Mosuwe, ke kopa o thuse* mora wa ka, ke ngwanaka a le mong feela.+ 39  O kenwa ke modemona, o etsa hore a lle, a tsitsipane a be a tswe makweba ka hanong. Ha a mo kene o tswa ka thata. 40  Ke ile ka kopa barutuwa ba hao hore ba mo ntshe empa ba ile ba hloleha.” 41  Ha Jesu a araba a re: “Lona moloko o se nang tumelo o bileng o leng kgopo,+ ke tla dula le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neng? Tlisa mora wa hao kwano.”+ 42  Eitse ha ngwana a atamela, modemona a mo lahlela fatshe a etsa hore a thothomele ha bohloko. Jesu a kgalemela modemona eo, a fodisa ngwana yaba o mo isa ho ntate wa hae. 43  Batho kaofela ba tsota matla a Modimo. Ha ba sa ntse ba makaditswe ke dintho tseo a di entseng, a re ho barutuwa ba hae: 44  “Mamelang mantswe ana ka hloko, le a hopole: Mora motho o tlo rekiswa* ebe ho fanwa ka yena matsohong a batho.”+ 45  Le ha ho le jwalo, ba ne ba sa utlwisise hore na o bolelang. Taba ena e ne e entswe lekunutu e le hore ba se ke ba e utlwisisa hape ba ne ba tshaba ho mo botsa hore na o bolelang. 46  Ba qala ho ngangisana ka hore na ke mang e moholo hara bona.+ 47  Ka ha Jesu o ne a tseba hore na ba nahanang, a nka ngwana e monyenyane a mo emisa pela hae 48  yaba o re ho bona: “Mang kapa mang ya amohelang ngwana e monyenyane jwalo ka enwa ka lebaka la lebitso la ka le nna wa nkamohela. Mang kapa mang ya nkamohelang o amohela le ya nthomileng.+ Etswe ya itshwarang jwalo ka ngwana e monyenyane hara lona kaofela ke yena e moholo.”+ 49  Johanne a re: “Mosuwe, re bone motho e mong a leleka bademona ka lebitso la hao mme ra leka ho mo thiba hobane o ne a sa tsamaye le rona.”+ 50  Jesu a re ho yena: “Le se ke la leka ho mo thiba hobane mang kapa mang ya seng kgahlanong le lona o eme le lona.” 51  Ha nako ya hore Jesu a nyolohele lehodimong+ e ntse e atamela, o ile a ikemisetsa ho ya Jerusalema. 52  A roma ba bang ba barutuwa ba hae hore ba mo etelle pele. Yaba ba ya Samaria ho mo lokisetsa moo a tla fihlela teng. 53  Empa ha ba a ka ba mo amohela+ hobane o ne a ikemiseditse ho ya Jerusalema. 54  Ha Jakobo le Johanne+ ba hlokomela ba re: “Morena, re laele mollo hore o theohe lehodimong o ba timetse?”+ 55  Jesu a sheba ka ho bona yaba o a ba kgalemela. 56  Yaba ba ya motseng o mong. 57  Ha ba le tseleng motho e mong a re ho yena: “Ke tla o latela kae kapa kae moo o yang teng.” 58  Empa Jesu a re ho yena: “Diphokojwe di na le moo di dulang* le dinonyana di na le dihlaha empa Mora motho yena ha a na ntlo.”*+ 59  Jesu a re ho e mong: “Eba molatedi wa ka.” Monna eo a re: “Morena, ke kopa ho yo pata Ntate pele.”+ 60  Empa Jesu a re ho yena: “Tlohela bafu+ ba pate bafu ba bona, wena tsamaya o phatlalatse Mmuso wa Modimo hohle.”+ 61  E mong yena a re: “Ke tla o latela Morena empa ntumelle ke yo re ba lelapa la ka ba sale hantle.” 62  Jesu a re ho yena: “Motho ya behang letsoho mohomeng empa a hetlile morao,+ ha a tshwanelwe ke Mmuso wa Modimo.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Segerike: “silevera.”
Kapa: “seaparo sa bobedi.”
Ka Segerike: “e be bopaki ho bona.”
E leng Heroda Antipase. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “a nke palo ya hae ya tlhokofatso.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “shebe.”
Kapa: “ekwa.”
Kapa: “di na le dilao.”
Ka Segerike: “ha ho na moo a ka patang hlooho ya hae teng.”