Malakia 1:1-14

  • Jehova o rata batho ba hae (1-5)

  • Baprista ba etsa mahlabelo ka diphoofolo tse holofetseng (6-14)

    • Lebitso la Modimo le tla hlomphuwa ditjhabeng (11)

1  Phatlalatso e tswang ho Modimo: Ona ke molaetsa oo Jehova a o fang Baiseraele a sebedisa Malakia:*  Jehova o re: “Ke le bontshitse hore ke a le rata.”+ Empa lona le re: “O re bontshitse jwang hore o a re rata?” Jehova a re: “Na Esau ha se ngwanabo Jakobo?+ Empa ke ne ke rata Jakobo  mme ke hloile Esau.+ Ke ile ka etsa hore dithaba tsa hae di se ke tsa eba le letho+ ka ba ka siya lefa la hae le diphokojwe naheng.”+  Baedomo ba re, ‘Le hoja re fedisitswe, re tla kgutla re lokise dintho tse sentsweng.’ Empa Jehova wa mabotho o re, ‘Ha ba haha ke tla heletsa mme ba tla bitswa “naha ya bokgopo” le “batho bao Jehova a ba ahlotseng ka ho sa feleng.”+  Le tla bona ka mahlo a lona mme le tla re: “E se eka Jehova a ka roriswa naheng ya Iseraele.”’  Jehova wa mabotho o re ho lona baprista ba sa hlompheng lebitso la hae: ‘Mora o hlompha ntate wa hae+ le mohlanka o hlompha monghadi wa hae. Ka hoo, haeba ke ntate,+ ke hobaneng ha le sa ntlhomphe?+ Haeba ke monghadi,* ke hobaneng ha le sa hlomphe lebitso la ka?’* Empa le re: “Ha re a hlompha lebitso la hao jwang?”+  “Ka ho tlisa dijo* tse silafetseng aletareng ya ka.” Empa le re: “Re o silafaditse jwang?” Ka hore le re: “Tafole* ya Jehova+ ke ntho e nyonyehang.”  Ha le tlisa phoofolo e foufetseng e le sehlabelo le re: “Ha re etse ntho e mpe.” Le ha le tlisa phoofolo e holofetseng kapa e kulang le ntse le re: “Ha re etse ntho e mpe.”+ Jehova wa mabotho o re: “Lekang ho di isa ho letona la lona le tle le bone hore na le tla le amohela kapa le le hauhele.”  Jehova wa mabotho o re: “Kopang Modimo hore a le hauhele. Na o tla le amohela le mo etsetsa mahlabelo a mofuta oo?” 10  Jehova wa mabotho o re: “Ha ho le ya mong ho lona ya batlang ho kwala mamati*+ kapa ho kgantsha aletare ya ka a sa patalwe.+ Ha le nthabise ebile ha ke thabele nyehelo eo le ntlisetsang yona e le mpho.”+ 11  Jehova wa mabotho o re: “Lebitso la ka le tla hlomphuwa ditjhabeng ho tloha botjhabela ho ya bophirimela.+ Ho tla etswa hore mahlabelo a kubelle ho be ho etswe le dinyehelo e le hore ho roriswe lebitso la ka, e le mpho e amohelehang hobane lebitso la ka le tla hlomphuwa* ditjhabeng.”+ 12  Empa le le* silafatsa+ ka ho re, ‘Tafole ya Jehova ha e a hlweka ebile ditholwana le dijo tsa yona di a nyonyeha.’+ 13  Jehova wa mabotho o re le boetse le re: ‘Mosebetsi ona o a tena!’ ebile le o swenyetsa dinko. Hape Jehova o re: “Le ntlisetsa diphoofolo tse utswitsweng, tse holofetseng le tse kulang. Le ntlisetsa dintho tsa mofuta oo e le mpho. Na le lebeletse hore ke di amohele?”+ 14  Jehova wa mabotho o re: “Ho madimabe motho ya etsetsang Jehova kano le mahlabelo ka phoofolo e holofetseng* empa a ena le phoofolo e phetseng hantle mohlapeng wa hae. Ke nna Morena e moholo+ mme lebitso la ka le tla tshajwa le be le hlomphuwe hara ditjhaba.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Moromuwa wa Ka.”
Kapa: “monghadi e moholo.”
Kapa: “ntshabe.”
Kapa: “Aletare.”
Ka Seheberu: “bohobe.”
Ho buuwa ka mosebetsi wa ho kwala mamati a tempele.
Kapa: “le tla ba leholo.”
Kapa mohlomong: “le ntshilafatsa.”
Kapa: “e sa phelang hantle.”