Mikea 1:1-16

  • Kahlolo ya Samaria le Juda (1-16)

    • Dibe le borabele di baka mathata (5)

1  Mehleng ya Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda,+ Jehova o ile a bua le Mikea*+ ya tswang Moreshethe, a ba a mo bontsha pono e mabapi le Samaria le Jerusalema a re:   “Mamelang, lona ditjhaba tsohle. Utlwa, wena lefatshe le tsohle tse phelang ho wena. Jehova o tempeleng ya hae e halalelang. Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle a ke a le qose.+   Jehova o tloha sebakeng sa hae. O tla theoha mme a tsamaye hodima dithaba lefatsheng.   Dithaba di tla qhibidiha ka tlasa maoto a hae+Le dikgohlo* di tla arohanaJwalo ka mafura ka pela molloLe jwalo ka metsi a qhallwang sebakeng se motheo.   Dintho tsena tsohle di etsahetse ka lebaka la borabele ba JakoboLe ka lebaka la dibe tsa ditloholo tsa Iseraele.+ Ke mang ya lokelang ho behwa molato ka lebaka la borabele ba Jakobo? Na ha se Samaria?+ Ke mang ya lokelang ho behwa molato ka lebaka la dibaka tse phahameng tsa Juda?+ Na ha se Jerusalema?   Ke tla etsa hore Samaria e be qubu ya majweLe hore e be sebaka seo ho lengwang dirapa tsa morara ho sona. Ke tla dihela* majwe a hae kgohlongKe be ke pepese metheo ya hae.   Medimo yohle ya hae ya ditshwantsho, e tla silakanngwa.+ Dimpho tsohle tseo a di fumaneng ka ho ithekisa,* di tla tjheswa.+ Ke tla fedisa ditshwantsho tsohle tsa hae tse rapelwangTseo a di fumaneng e le moputso ha a etsa botekatse. Di tla nkwa hore e tle e be moputso wa matekatse a mang.”   Ka lebaka la dintho tsena ke tla lla mme ke bokolle.+ Ke tla tsamaya ke sa rwala letho maotong ke bile ke sa apara letho.+ Ke tla lla jwalo ka diphokojwe,Ke bokolle jwalo ka dimpshe.   Leqeba la Samaria le ke ke la fola+Ebile le fihlile Juda.+ Kotlo eo e fihlile Jerusalema, keiting ya setjhaba sa ka.+ 10  “Le se ke la bua ka tlokotsi ena Gathe. Le se ke la lla ho hang. Lona baahi ba Bethe-afera,* le ipitike leroleng. 11  Lona baahi ba Shafire, fetang le sa apara letho ebile le swabile. Baahi ba Zanane ha ba a tswa. Ho tla bokollwa Bethe-ezele ebile e ke ke ya hlola e le tshehetsa. 12  Baahi ba Marothe ba ne ba letetse se molemoEmpa Jehova o tlisitse dintho tse mpe keiting ya Jerusalema. 13  Tlamellang kariki sehlopheng sa dipere, lona baahi ba Lakishe.+ Sebe sa moradi wa Sione se tswa ho lonaKa ha le mphetohetse jwalo ka Iseraele.+ 14  O tla fa Moreshethe-gathe dimpho ha a tsamaya. Baahi* ba Akzibe+ ba swetsitse marena a Iseraele. 15  Ke tla le tlisetsa sera se hapang dintho tsohle,+ lona baahi ba Maresha.+ Kganya ya Iseraele e tla fihla Adulame.+ 16  Beolang dihlooho, le kute moriri bakeng sa bana ba lona bao le ba ratang. Iketseng lefatla jwalo ka ntsuHobane ba le nketse bana ba lona mme ba isitswe botlamuweng.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ke kgutsufatso ya Mikaele (e bolelang “Ke Mang ya Tshwanang Modimo?”) kapa Mikaia (e bolelang “Ke Mang ya Tshwanang le Jehova?”).
Kapa: “diphula.”
Ka Seheberu: “tshollela.”
Kapa: “Meputso yohle ya hae ya botekatse.”
Kapa: “Ka tlung ya Afera.”
Ka Seheberu: “Matlo.”