Nahume 1:1-15

  • Modimo o a iphetetsa ho dira tsa hae (1-7)

    • Modimo o batla hore ho rapelwe yena feela (2)

    • Jehova o hlokomela ba balehelang ho yena (7)

  • Ninive e tla fediswa (8-14)

    • A ke ke a le fedisa hape (9)

  • Juda o bolellwa ditaba tse monate (15)

1  Ona ke molaetsa wa kahlolo ya Ninive:+ Ke buka e buang ka pono ya Nahume* wa Moelkoshe.   Jehova ke Modimo ya batlang hore ho rapelwe yena feela.+ Jehova o fa dira tsa hae kotlo.+ Ha a lebale diketso tsa tsona tse mpe hape o di tukela ka bohale. Jehova o iphetetsa ho dira tsa hae.   Jehova o matla haholo+ empa o dieha ho halefa,+Jehova a ke ke a tlohela ho otla dira tsa hae.+ Ha a tsamaya ho ba le moya le sefefo. Maru a phahama jwalo ka ha eka ke lerole tlasa maoto a hae.+   O kgalemela lewatle+ ebile o a le omisa,O pshesa dinoka tsohle.+ Dijalo tsa Bashane le Karmele di ponne,+Dithunthung tsa Lebanone le tsona di ponne.   Ha a hlaha dithaba di a sisinyehaLe maralla a a qhibidiha.+ Lefatshe le a reketlaHa mmoho le bohle ba dulang ho lona.+   Ke mang ya ka tiisetsang kgalefo ya hae?+ Ke mang ya ka mamellang bohale ba hae?+ Kgalefo ya hae e tla tuka jwalo ka mollo,Mafika a tla heleha ka lebaka la hae.   Jehova o molemo,+ ke setshabelo mohla letsatsi la mahlomola.+ O hlokomela* ba balehelang ho yena.+   O tla fedisa Ninive jwalo ka ha eka ke ka sekgohola,Dira tsa hae a di lelekele lefifing.   Le tla lohela Jehova mano afe? O tla le fedisetsa ruri. A ke ke a hloka ho le pheta.+ 10  Le hoja batho ba Ninive ba le jwalo ka dihlahla tse meutlwa tse teteaneng,Ba bile ba tshwana le motho ya tahilweng ke biri,*Ba tla tjha jwalo ka ditlhaka tse omeletseng. 11  Motho ya rerelang Jehova mano,Ya fanang ka keletso e se nang thuso, o tla hlaha Ninive. 12  Jehova o re: “Le hoja ba le matla ba bile ba le bangata,Ba tla fediswa, ba fedisetswe ruri.* Ke tla o* otla empa nke ke ka hlola ke o otla hape. 13  Ke tla roba joko e mahetleng a hao,+Diketane tse le fasitseng ke di kgaole dikoto. 14  Jehova o laetse tjena ka Asiria: ‘O ke ke wa hlola o eba le ditloholo. Ke tla thuha diemahale tsa hao tse entsweng ka lepolanka le ka tshepe ntlong* ya medimo ya hao. Ke tla o tjhekela lebitla hobane ha o na thuso.’ 15  Shebang dithabeng, ho na le ya tlisang ditaba tse monate,O phatlalatsa kgotso.+ Keteka mekete ya hao+ wena Juda, o phethe boitlamo ba haoHobane batho ba kgopo ba ke ke ba hlola ba le hlasela hape. Ba tla timetswa.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang Motshedisi.
Ka Seheberu: “tseba.”
Kapa: “biri ya koro.”
Kapa mohlomong: “Ba tla fediswa, ha ke feta.”
E leng Juda.
Kapa: “tempeleng.”