Nahume 2:1-13

  • Ninive e tla sengwa (1-13)

    • “Dikeiti tsa dinoka di tla bulwa” (6)

2  Lona baahi ba Ninive, le tla futuhelwa ke motho ya tla le hasanya.+ Lebelang marako a lona a sireletsang motse,Le lebele ditsela tsa lona. Itokisetseng ntwa, le hlomele.   Jehova o tla etsa hore Jakobo a hlomphuwe hape,A etse jwalo le ka IseraeleHobane sera se ba senyeditse,+Se ba senyeditse difate tsa bona tsa morara.   Dithebe tsa masole a Ninive di kgubedu,Diaparo tsa ona di kgubedu tlere! Dikariki tsa ona di benya jwalo ka molloLetsatsing leo ka lona a itokisetsang ntwaMme banna ba leotsa marumo a bona a entsweng ka patsi ya sefate sa junipere.   Dikariki tsa masole a bona tsa ntwa di matha ka lebelo diterateng,Di ya hodimo le tlase dimmarakeng. Di kganya jwalo ka dirumula, di lebelo jwalo ka lehadima.   Morena wa Asiria o tla bitsa masole a hae a matla. Ha a ntse a tsamaya, a tla kgothometseha,A mathele lerakong la motseE le ho le sireletsa ka thata.   Dikeiti tsa dinoka di tla bulwaMme ntlo ya morena e tla heleha.   Ho se ho entswe qeto, Ninive o hlobodisitswe,O tla nkwa a iswe botlamuweng ebe basebeletsi ba hae ba barwetsana ba a lla,Ba lle jwalo ka maeba ba ntse ba ikotla difuba.   Ho tloha ha Ninive+ e le teng esale eka letamoEmpa hona jwale batho ba a baleha. “Kgutlang! Kgutlang!” Empa ha ho le ya mong ya kgutlang.+   Ikgapeleng silevera, le ikgapele kgauta. Dintho tse bolokilweng di ngata haholo,Ho tletse dintho tsa bohlokwa tsa mefutafuta. 10  Motse o bodutu, ke lesupi.+ Baahi ba wona ba wele ke letswalo,* mangole a bona a a tsherema,Ba a bonahala hore ba pudufaletswe. 11  Ho etsahetseng ka motse o neng o ka selao sa ditau,+ moo ditau* di neng di jella teng,Moo tau e neng e tsamaya le madinyane a yona,Moo ho neng ho se na motho ya ka di tshosang? 12  Tau e ile ya rusolla diphofu tse lekaneng ho fepa madinyane a yona,Ya di rusolla le bakeng sa ditauhadi tsa yona. Ya tlatsa selao sa yona ka diphoofolo tseo e di bolaileng,Diphoofolo tseo e di harotseng. 13  Jehova wa mabotho o re: “Ke tla o hlasela wena Ninive,+ ke tjhese dikariki tsa hao tsa ntwa,+Ke tla bolaya bahlankana ba hao* ka sabole,Ke o thibele hore o se ke wa hlola o tlatlapa lefatshe,Baromuwa ba hao ba ke ke ba hlola ba utlwahala.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Pelo di nyahame.”
Ka Seheberu: “ditau tse moetse.”
Ka Seheberu: “ditau tsa hao tse moetse.”