Nehemia 1:1-11

  • Ditaba tse tswang Jerusalema (1-3)

  • Thapelo ya Nehemia (4-11)

1  Ana ke mantswe a Nehemia*+ mora wa Hakalia: Ka kgwedi ya Kisleve* selemong sa bo20, ke ne ke le Shushane*+ ntlong ya morena.*  Ka nako eo, Hanani+ e leng e mong wa bana beso, a fihla le banna ba bang ba tswang Juda yaba ke ba botsa ka Bajuda ba neng ba phonyohile botlamuweng+ le ka Jerusalema.  Ba re: “Ba setseng moo profinseng, ba phonyohileng botlamuweng ba maemong a hlobaetsang ebile ba theotswe seriti.+ Marako a Jerusalema a wele+ le dikeiti tsa yona di tjhesitswe ka mollo.”+  Eitse hang ha ke utlwa mantswe ana, ka dula fatshe ka lla mme ka qeta matsatsi a mangata ke hlomohile. Ka nna ka itima dijo+ ka ba ka rapela ka pela Modimo wa mahodimo.  Ka re: “Jehova, Modimo wa mahodimo, Modimo e moholo le ya hlomphehang,* ya tshepahallang selekane sa hae le ya ratang batho ba mo ratang le ba mamelang ditaelo tsa hae,+  e se eka tsebe ya hao e ka mamela le mahlo a hao a buleha e le hore o mamele thapelo ya ka eo ke e rapelang ka pela hao kajeno. Ke rapella bahlanka ba hao ba Baiseraele bosiu le motshehare,+ ka nako yohle ke ntse ke bolela dibe tseo ba o sitetsweng ka tsona. Nna le ba lelapa la Ntate re entse sebe.+  Ruri re o etseditse bobodu+ ka ho se mamele ditaelo le melao eo o e fileng mohlanka wa hao Moshe.+  Ke kopa o hopole mantswe ao o a laetseng* mohlanka wa hao Moshe a reng: ‘Haeba le sa tshepahale, ke tla le hasanya hara ditjhaba.+  Empa ha le ka kgutlela ho nna, la boloka ditaelo tsa ka le ho di phetha, le hoja le ka hasanngwa la ba hole pheletsong ya lefatshe, ke tla le bokella+ ho tswa moo mme ke le tlise sebakeng seo ke kgethileng ho etsa hore lebitso la ka le dule ho sona.’+ 10  Ke bahlanka ba hao ebile ke batho ba hao, bao o ba lopolotseng ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le matla.+ 11  Jehova, ke kopa o mamele thapelo ya ka le thapelo ya bahlanka ba hao ba thabelang ho hlompha lebitso la hao. Ke kopa o etse hore kajeno ke atlehe mme e se eka monna enwa a ka nkgauhela.”+ Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Jah o a Tshedisa.”
Kapa: “Susa.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “tshabehang.”
Kapa: “temoso eo o e fileng.”