Nehemia 10:1-39

  • Batho ba itlama hore ba tla mamela Molao (1-39)

    • “Re ke ke ra furalla ntlo ya Modimo wa rona” (39)

10  Ba ileng ba paka le ho tiisa tumellano ena+ ke Letona* Nehemia mora wa HakaliaLe Tsedekia,  Seraia, Azaria, Jeremia,  Pashkure, Amaria, Malkija,  Hatushe, Shebania, Maluke,  Harime,+ Meremothe, Obadia,  Daniele,+ Ginethone, Baruke,  Meshulame, Abija, Mijamine,  Mazia, Bilgai le Shemaia, bana ke baprista.  Balevi e ne e le Jeshua mora wa Azania, Binui wa bara ba Henadade, Kadmiele+ 10  le bana ba bo bona Shebania, Hodia, Kelita, Pelaia, Hanane, 11  Mika, Rehobe, Hashabia, 12  Zakure, Sherebia,+ Shebania, 13  Hodia, Bani le Beninu. 14  Dihlooho* tsa setjhaba e ne e le Paroshe, Pahathe-moabe,+ Elame, Zatu, Bani, 15  Buni, Azgade, Bebai, 16  Adonija, Bigvai, Adine, 17  Atere, Ezekiase, Azure, 18  Hodia, Hashume, Bezai, 19  Harife, Anathothe, Nebai, 20  Magpiashe, Meshulame, Hezire, 21  Meshezabele, Tsadoke, Jadua, 22  Pelatia, Hanane, Anaia, 23  Hoshea, Hanania, Hashube, 24  Haloheshe, Pilha, Shobeke, 25  Rehume, Hashabna, Maseia, 26  Akija, Hanane, Anane, 27  Maluke, Harime le Baana. 28  Batho ba bang kaofela e leng baprista, Balevi, balebedi ba dikeiti, dibini, basebeletsi ba tempeleng,* le e mong le e mong ya ileng a ikarola ho batho ba dinaha tse ding hore a latele Molao wa Modimo wa nnete+ ha mmoho le basadi ba bona, bara le baradi ba bona le bohle ba nang le tsebo le kutlwisiso,* 29  ba ile ba tshehetsa bana ba bo bona le banna ba hlomphehang mme ba itlama hore ba welwe ke bomadimabe haeba ba sa tsamaye Molaong wa Modimo wa nnete, oo Modimo wa nnete a neng a fane ka wona a sebedisa mohlanka wa hae Moshe le ho boloka ka hloko ditaelo tsohle tsa Jehova Morena wa rona, dikahlolo tsa hae le melawana ya hae. 30  Re ke ke ra fana ka baradi ba rona ho batho ba dinaha tse ding ebile re ke ke ra nka baradi ba bona hore ba nyalwe ke bara ba rona.+ 31  Haeba batho ba dinaha tse ding ba ka tlisa thepa le dijo* tse kotutsweng tsa mofuta o mong le o mong hore ba di rekise ka letsatsi la Sabatha, re ke ke ra reka letho ho bona ka Sabatha+ kapa ka letsatsi le halalelang.+ Re tla boela re tlohele dihlahiswa tsa selemo sa bosupa+ le sekoloto se seng le se seng seo re eso se patalwe.+ 32  Hape, e mong le e mong wa rona a itlama ka boikarabelo ba hore o tla fana ka dikramo tse ka bang nne tsa silevera* selemo le selemo bakeng sa tshebeletso ya ntlo* ya Modimo wa rona,+ 33  bakeng sa bohobe,*+ nyehelo ya dijo* ya ka mehla,+ nyehelo ya setjheso ya ka mehla ya Disabatha+ le ya ha dikgwedi di qala+ le bakeng sa mekete e ketekwang ka nako e itseng,+ bakeng sa dintho tse halalelang, bakeng sa dinyehelo tsa dibe+ e le ho kwahela dibe tsa Iseraele le bakeng sa mosebetsi wohle wa ntlo ya Modimo wa rona. 34  Hape, ra lahla lotho mabapi le patsi eo baprista, Balevi le batho ba lokelang ho e tlisa ntlong ya Modimo wa rona ho ya ka malapa a bontate ba rona, ka dinako tse behilweng selemo le selemo, ho e tjhesa hodima aletare ya Jehova Modimo wa rona, ho ya ka se ngotsweng Molaong.+ 35  Selemo le selemo re tla tlisa dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa naha ya rona le dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa mofuta o mong le o mong wa sefate sa ditholwana ntlong ya Jehova,+ 36  re tlise le matsibolo* a bara ba rona le a diphoofolo tsa rona+ ho ya ka se ngotsweng Molaong le matsibolo a mehlape ya rona ya diphoofolo tse kgolo le tse nyenyane. Re tla di tlisa ntlong ya Modimo wa rona ho baprista ba sebeletsang ka tlung ya Modimo wa rona.+ 37  Re lokela ho tlisa dihlahiswa tsa pele tsa dijo tse kotutsweng tse sitsweng,+ nyehelo ya rona, ditholwana tsa sefate sa mofuta o mong le o mong,+ veine e ntjha le oli+ ho baprista ditorong* tsa ntlo ya Modimo wa rona+ le karolo ya leshome e tswang naheng ya rona ho Balevi+ ka ha Balevi ke bona ba fumanang karolo ya leshome metseng yohle eo re lemang ho yona. 38  Moprista, mora wa Arone, o tlameha ho ba le Balevi ha ba lata karolo ya leshome. Karolong ya leshome eo ba e fumaneng, Balevi ba lokela ho nyehela karolo ya leshome ntlong ya Modimo wa rona,+ dikamoreng* tsa setoro. 39  Etswe Baiseraele le bara ba Balevi ba lokela ho tlisa monehelo+ wa dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli+ ditorong mme ke moo disebediswa tsa sehalalelo di leng hona teng ha mmoho le baprista ba sebeletsang, balebedi ba dikeiti le dibini. Re ke ke ra furalla ntlo ya Modimo wa rona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.
Kapa: “Baetapele.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”
Kapa mohlomong: “bohle ba neng ba hodile ka ho lekaneng hore ba ka utlwisisa.”
Mohlomong e ne e le koro kapa harese.
Ka Seheberu: “karolo ya boraro ya shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “tempele.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
E leng bohobe ba pontsho.
Bara ba hlahileng pele.
Kapa: “dikamoreng tse bolokang thepa; diholong tsa ho jela.”
Kapa: “diholong tsa ho jela.”