Nehemia 11:1-36

  • Jerusalema e ba le baahi hape (1-36)

11  Dikgosana tsa setjhaba di ne di dula Jerusalema+ empa batho ba bang kaofela ba ile ba lahla lotho+ e le ho kgetha a le mong ho ba bang le ba bang ba leshome hore a dule Jerusalema, motseng o halalelang, ha ba bang ba robong ba sala metseng e meng.  Ho feta moo, ho ne ho ena le banna ba ileng ba ithaopela ho dula Jerusalema mme batho ba ile ba lakaletsa banna bao bohle tlhohonolofatso ya Modimo.  Tsena ke dihlooho tsa profinse tse neng di dula Jerusalema. (Batho bohle ba Iseraele, baprista, Balevi, basebeletsi ba tempeleng*+ le bara ba bahlanka ba Solomone+ ba ne ba dula metseng e meng ya Juda, e mong le e mong a dula setsheng sa hae motseng wa habo.+  Jerusalema ho ne ho dula batho ba bang ba Juda le ba Benjamine.) Ho batho ba Juda, ho ne ho ena le Athaia mora wa Uzia, mora wa Zakaria, mora wa Amaria, mora wa Shefatia, mora wa Mahalalele wa bara ba Pereze+  le Maseia mora wa Baruke, mora wa Kolekoze, mora wa Hazaia, mora wa Adaia, mora wa Jojaribe, mora wa Zakaria ya tswang lelapeng la Bashela.  Bara bohle ba Pereze ba neng ba dula Jerusalema e ne e le banna ba matla ba 468.  Batho ba Benjamine e ne e le Salu+ mora wa Meshulame mora wa Joede mora wa Pedaia mora wa Kolaia mora wa Maseia mora wa Ithiele mora wa Jeshaia.  Ka mora hae e le ba lelapa la Gabai le Salai, ba le 928  mme Joele mora wa Zikri e ne e le molebedi wa motse, Juda mora wa Hasenua e le motlatsi wa molebedi. 10  Baprista e ne e le Jedaia mora wa Jojaribe, Jakine,+ 11  Seraia mora wa Hilkia, mora wa Meshulame, mora wa Tsadoke, mora wa Merajothe, mora wa Akitube,+ moetapele wa ntlo* ya Modimo wa nnete 12  le bana ba bo bona ba ileng ba etsa mosebetsi wa ntlo, ba ne ba le 822. Adaia mora wa Jerohame, mora wa Pelalia, mora wa Amzi, mora wa Zakaria, mora wa Pashkure+ mora wa Malkija 13  le bana babo, dihlooho tsa malapa a bontate ba bona, ba ne ba le 242. Amashesai mora wa Azarele, mora wa Ahazai, mora wa Meshilemothe mora wa Imere 14  le bana ba bo bona, bao e neng e le banna ba matla le ba sebete, ba ne ba le 128 mme molebedi wa bona e ne e le Zabdiele ya tswang lelapeng le hlomphehang. 15  Ho Balevi e ne e le Shemaia+ mora wa Hashube, mora wa Azrikame, mora wa Hashabia mora wa Buni 16  le Shabthai+ le Jozabade,+ ba dihlooho tsa Balevi, ba neng ba okametse mosebetsi o ka ntle wa ntlo ya Modimo wa nnete 17  le Matania,+ mora wa Mikea, mora wa Zabdi, mora wa Asafe+ eo e neng e le motsamaisi wa mmino, ya neng a etella pele dithoriso nakong ya thapelo+ le Bakebukia e leng mothusi wa hae le Abda mora wa Shamua mora wa Galale mora wa Jeduthune.+ 18  Balevi bohle motseng o halalelang ba ne ba le 284. 19  Balebedi ba dikeiti e ne e le Akube, Talmone+ le bana ba bo bona ba neng ba lebela dikeiting, ba le 172. 20  Baiseraele kaofela, baprista le Balevi ba ne ba le metseng e meng yohle ya Juda, e mong le e mong a le setsheng seo a se fuweng e le lefa. 21  Basebeletsi ba tempeleng*+ ba ne ba dula Ofele+ mme Ziha le Gishpa ba ne ba okametse basebeletsi ba tempeleng.* 22  Molebedi wa Balevi Jerusalema e ne e le Uzi mora wa Bani, mora wa Hashabia, mora wa Matania+ mora wa Mika, wa bara ba Asafe bao e neng e le dibini. O ne a okametse mosebetsi wa ntlo ya Modimo wa nnete. 23  Ho ne ho ena le taelo e tswang ho morena bakeng sa dibini,+ ya hore di fuwe dintho tse itseng ho latela ditlhoko tsa tsona tsa letsatsi le letsatsi. 24  Pethahia mora wa Meshezabele wa bara ba Zera mora wa Juda e ne e le moeletsi wa morena* bakeng sa taba e nngwe le e nngwe ya setjhaba. 25  Mabapi le metse le masimo a yona, batho ba bang ba Juda ba ne ba dula Kiriathe-arba+ le metsaneng e haufi le yona,* Dibone le metsaneng e haufi le yona, Jekabezele+ le metseng ya yona, 26  Jeshua, Molada,+ Bethe-pelete,+ 27  Hazare-shuale,+ Beersheba le metsaneng e haufi le yona,* 28  Ziklage,+ Mekona le metsaneng e haufi le yona,* 29  Ene-rimone,+ Zora,+ Jarmuthe, 30  Zanowa,+ Adulame le metseng ya yona, Lakishe+ le masimong a yona le Azeka+ le metsaneng e haufi* le yona. Ba dula Beersheba ho ya fihla Phuleng ya Hinome.+ 31  Batho ba Benjamine ba ne ba le Geba,+ Mikmashe, Aija, Bethele+ le metsaneng e haufi le yona,* 32  Anathothe,+ Nobe,+ Anania, 33  Hazore, Rama,+ Gitaime, 34  Hadide, Zeboime, Nebalate, 35  Lode le Ono*+ e leng phula ya ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. 36  Dihlopha tse ding tsa Balevi tse tswang Juda di ile tsa dula motseng wa Benjamine.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”
Ka Seheberu: “o ne a le letsohong la morena.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Mohlomong “Ono, le phula ya ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.”