Nehemia 12:1-47

  • Baprista le Balevi (1-26)

  • Ho kgakolwa marako (27-43)

  • Ho tshehetsa mosebetsi wa tempele (44-47)

12  Bana e ne e le baprista le Balevi ba ileng ba nyoloha le Zorobabele+ mora wa Shalatiele,+ le Jeshua:+ Seraia, Jeremia, Esdrase,  Amaria, Maluke, Hatushe,  Shekania, Rehume, Meremothe,  Ido, Ginethoi, Abija,  Mijamine, Madia, Bilga,  Shemaia, Jojaribe, Jedaia,  Salu, Amoke, Hilkia le Jedaia. Bana e ne e le dihlooho tsa baprista le tsa bana ba bo bona mehleng ya Jeshua.  Balevi e ne e le Jeshua, Binui, Kadmiele,+ Sherebia, Juda le Matania+ ya neng a etella pele dipina tsa diteboho ha mmoho le bana babo.  Le Bakbukia le Uni e leng bana ba bo bona, ba ne ba eme ka pela bona bakeng sa mesebetsi ya ho lebela.* 10  Jeshua ya eba ntate wa Jojakime, Jojakime ya eba ntate wa Eliashibe+ mme Eliashibe ya eba ntate wa Jojada.+ 11  Jojada ya eba ntate wa Jonathane mme Jonathane ya eba ntate wa Jadua. 12  Mehleng ya Jojakime, bana e ne e le baprista, dihlooho tsa malapa a bona: Bakeng sa Seraia+ e le Meraia, bakeng sa Jeremia e le Hanania, 13  bakeng sa Esdrase+ e le Meshulame, bakeng sa Amaria e le Johanane, 14  bakeng sa Maluki e le Jonathane, bakeng sa Shebania e le Josefa, 15  bakeng sa Harime+ e le Adna, bakeng sa Merajothe e le Helkai, 16  bakeng sa Ido e le Zakaria, bakeng sa Ginethone e le Meshulame, 17  bakeng sa Abija+ e le Zikri, bakeng sa Miniamine, . . . ,* bakeng sa Moadia e le Pilthai, 18  bakeng sa Bilga+ e le Shamua, bakeng sa Shemaia e le Jonathane, 19  bakeng sa Jojaribe e le Matenai, bakeng sa Jedaia+ e le Uzi, 20  bakeng sa Salai e le Kalai, bakeng sa Amoke e le Ebere, 21  bakeng sa Hilkia e le Hashabia, bakeng sa Jedaia e le Nethaniele. 22  Dihlooho tsa malapa a Balevi di ile tsa ngodiswa ha mmoho le tsa baprista mehleng ya Eliashibe, Jojada, Johanane le Jadua+ ho fihlela ha Dariuse wa Mopersia a se a busa. 23  Balevi bao e neng e le dihlooho tsa malapa ba ile ba ngolwa bukeng ya diketsahalo tsa nakong eo, ho fihlela mehleng ya Johanane mora wa Eliashibe. 24  Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia le Jeshua+ mora wa Kadmiele+ mme bana ba bo bona ba ile ba ema ba shebane le bona bakeng sa ho rorisa Modimo le ho mo leboha ho ya ka moo Davida mohlanka wa Modimo wa nnete a neng a laetse ka teng,+ e le sehlopha sa balebedi se emeng pela sehlopha se seng sa balebedi. 25  Matania,+ Bakbukia, Obadia, Meshulame, Talmone le Akube+ ba ne ba eme e le balebedi ba dikeiti,+ ba lebetse ditoro* tse dikeiting. 26  Banna bana ba ne ba sebeletsa mehleng ya Jojakime mora wa Jeshua+ mora wa Jozadake le mehleng ya letona Nehemia le Esdrase+ eo e neng e le moprista ebile e le mokopitsi.* 27  Ha marako a Jerusalema a ne a bulwa ka molao, ba ile ba batlana le Balevi dibakeng tsohle tseo ba neng ba dula ho tsona mme ba ba tlisa Jerusalema hore ba tlo keteka le bona ba thabile ka dipina tsa diteboho+ le ka disimbala, diletsa tse dikgwele le ka diharepa. 28  Bara ba dibini* ba bokana ha mmoho ho tswa seterekeng,* ho tswa dibakeng tsohle tse potapotileng Jerusalema, ho tswa metseng ya Banetofa,+ 29  ho tswa Bethe-gilgale+ le ho tswa dinaheng tsa Geba+ le Azmavethe,+ etswe dibini di ne di ikahetse metse hohle ho potoloha Jerusalema. 30  Baprista le Balevi ba itlhwekisa mme ba hlwekisa batho,+ dikeiti+ le lerako.+ 31  Ka tlisa dikgosana tsa Juda hodima lerako. Ho ekelletsa moo, ka beha dihlopha tse pedi tse kgolo tsa dibini tsa diteboho le dihlopha tse tla di sala morao. Se seng sa tsamaya ho ya ka ho le letona hodima lerako ho ya Keiting ya Diqubu Tsa Molora.+ 32  Hoshai le halofo ya dikgosana tsa Juda ba ne ba tsamaya ka mora tsona 33  ha mmoho le Azaria, Esdrase, Meshulame, 34  Juda, Benjamine, Shemaia le Jeremia. 35  Ba ne ba ena le ba bang ba bara ba baprista ba tshwereng diterompeta+ e leng Zakaria mora wa Jonathane, mora wa Shemaia, mora wa Matania, mora wa Mikaia, mora wa Zakure mora wa Asafe+ 36  le bana babo e leng Shemaia, Azarele, Milalai, Gilalai, Mai, Nethaniele, Juda le Hanani, ba tshwere diletsa tsa mmino tsa Davida+ mohlanka wa Modimo wa nnete mme mokopitsi* Esdrase+ o ne a le ka pela bona. 37  Ho tloha Keiting ya Sediba,+ ba ile ba nyoloha ka Ditepisi+ tsa Motse wa Davida+ ka moepa wa lerako ka hodima Ntlo ya Davida le ho ya fihla Keiting ya Metsi+ ka botjhabela. 38  Sehlopha se seng sa dibini tsa diteboho se ne se tsamaya se hlaha ka lehlakoreng le leng* mme nna ka se sala morao ha mmoho le halofo ya batho. Sa feta Tora ya Dionto,+ Lerakong le Sephara+ 39  le ka hodima Keiti ya Efraime,+ Keiting ya Motse wa Kgale,+ Keiting ya Ditlhapi,+ Toreng ya Hananiele,+ Toreng ya Mea le Keiting ya Dinku+ yaba se emisa Keiting ya Balebedi. 40  Qetellong dihlopha tse pedi tsa dibini tsa diteboho tsa ema ka pela ntlo ya Modimo wa nnete mme le nna ka ema moo ha mmoho le halofo ya batlatsi ba mmusi 41  le baprista e leng Eliakime, Maseia, Miniamine, Mikaia, Elioenai, Zakaria le Hanania ba tshwere diterompeta 42  le Maseia, Shemaia, Eleazare, Uzi, Johanane, Malkija, Elame le Ezere. Dibini tsa binela hodimo di etellwa pele ke Izrahia. 43  Letsatsing leo ba ile ba etsa mahlabelo a maholo mme ba thaba+ hobane Modimo wa nnete o ile a etsa hore ba thabe haholo. Esita le basadi le bana ba ne ba thabile,+ hoo thabo ya Jerusalema e neng e ka utluwa hole haholo.+ 44  Letsatsing leo, ho ile ha behwa banna hore ba okamele ditoro*+ bakeng sa menehelo,+ dihlahiswa tsa pele+ le dikarolo tsa leshome.+ Ka hara ona ba ne ba lokela ho bokella karolo ya dihlahiswa tse tswang masimong a metse tse fuwang baprista le Balevi+ ho ya ka Molao,+ etswe batho ba Juda ba ne ba thabile ka lebaka la baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa. 45  Ba qala ho hlokomela mosebetsi wa Modimo wa bona le mosebetsi wa tlhwekiso feela jwalo ka ha dibini le balebedi ba dikeiti ba ne ba etsa, ho ya ka moo Davida le mora wa hae Solomone ba neng ba laetse ka teng. 46  Kgale kwana mehleng ya Davida le Asafe, ho ne ho ena le batsamaisi* ba dibini le ba dipina tsa thoriso le tsa ho leboha Modimo.+ 47  Mehleng ya Zorobabele+ le mehleng ya Nehemia, Baiseraele bohle ba ne ba fana ka menehelo ho dibini+ le ho balebedi ba dikeiti,+ ho ya ka seo ba se hlokang letsatsi le letsatsi. Ba ne ba boetse ba behella karolo e nngwe ka thoko bakeng sa Balevi+ mme Balevi le bona ba behella karolo e nngwe ka thoko bakeng sa ditloholo tsa Arone.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “nakong ya tshebeletso.”
Ho bonahala eka mona Mangolo a Seheberu a tlositse lebitso.
Kapa: “dikamore tse bolokang thepa; diholo tsa ho jela.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “Le dibini tse kwetlisitsweng.”
E leng setereke se pela Jordane.
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “ka pele.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Ka Seheberu: “dihlooho.”