Nehemia 13:1-31

  • Nehemia o etsa diphetoho tse ding (1-31)

    • Ho ntshwa karolo ya leshome (10-13)

    • Letsatsi la Sabatha le se ke la silafatswa (15-22)

    • Taelo ya hore ba se ke ba nyala baditjhaba (23-28)

13  Letsatsing leo, buka ya Moshe ya balwa moo batho ba ntseng ba utlwa.+ Ho ne ho ngotswe hore le ka mohla Moamone kapa Momoabe+ ha a lokela ho kena ka phuthehong ya Modimo wa nnete+  hobane Baamone ha ba a ka ba fa Baiseraele bohobe le metsi. Ho ena le hoo, ba ile ba hira Balame hore a lakaletse Baiseraele hore ba hlahelwe ke dintho tse mpe.*+ Le ha ho le jwalo, Modimo wa rona o ile a fetola thohako eo hore e be tlhohonolofatso.+  Hang ha ba utlwa Molao, ba arola bohle ba tswang ditjhabeng* tse ding ho Baiseraele.+  Pele ho moo, moprista ya ikarabellang ditorong* tsa ntlo* ya Modimo wa rona+ e ne e le Eliashibe+ ya neng a amana le Tobia.+  A dumella Tobia hore a sebedise setoro se seholo,* seo pele ba neng ba se sebedisa ho beha nyehelo ya dijo, dibano tse tshweu, disebediswa le karolo ya leshome ya dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli+ tseo e neng e le tsa Balevi,+ dibini le balebedi ba dikeiti ha mmoho le dinyehelo tse fuwang baprista.+  Nakong ena yohle ke ne ke se Jerusalema, etswe ke ile ka ya ho morena selemong sa bo32+ sa Morena Artaseksese+ wa Babilona mme ha morao ka kopa morena hore a ntumelle hore ke tsamaye.  Jwale ka tla Jerusalema mme ka hlokomela ntho e mpe eo Eliashibe+ a neng a e entse ka hore a dumelle Tobia+ hore a sebedise kamore ya ho boloka thepa lebaleng la ntlo ya Modimo wa nnete.  Ntho ena e ile ya nkutlwisa bohloko haholo. Ka hoo, ka lahlela thepa yohle ya ntlo ya Tobia ka ntle ho setoro.*  Ka mora moo, ka fana ka ditaelo tsa hore ho hlwekiswe ditoro yaba ke kgutlisetsa disebediswa tsa ntlo ya Modimo+ wa nnete ho tsona ha mmoho le nyehelo ya dijo le dibano tse tshweu.+ 10  Ke ile ka boela ka fumana hore Balevi+ ba ne ba sa fuwe dikarolo tsa bona,+ ke ka hoo dibini le Balevi ba neng ba sebeletsa ba ileng ba tsamaya, e mong le e mong ho ya sebetsa tshimong ya hae.+ 11  Ka hoo, ka kgalemela batlatsi ba mmusi+ ka re: “Ke hobaneng ha ntlo ya Modimo wa nnete e sa hlokomelwa?”+ Yaba ke bokella Balevi mme ke ba kgutlisetsa moo ba neng ba sebeletsa teng. 12  Bajuda bohle ba tlisa karolo ya leshome+ ya dijo tse kotutsweng, veine e ntjha le oli ditorong.+ 13  Ka beha moprista Shelemia, mokopitsi* Tsadoke le Pedaia wa Molevi hore ba okamele ditoro. Hanane mora wa Zakure, mora wa Matania e ne e le mothusi wa bona ka ha banna bana ba ne ba nkwa ba tshepahala. E ne e le boikarabelo ba bona ho abela bana ba bo bona karolo ya bona. 14  O nkgopole+ ka sena Modimo wa ka mme o se ke wa lebala diketso tsa ka tse bontshang hore ke rata ntlo ya Modimo wa ka le mesebetsi e etswang ho yona.*+ 15  Matsatsing ao, ka bona batho Juda ba hatakela dihatelo tsa veine ka Sabatha,+ ba tlisa diqubu tsa dijo tse kotutsweng mme ba di palamisa hodima ditonki, ba tlisa veine, morara, difeie le morwalo wa mofuta o mong le o mong Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+ Yaba ke ba lemosa hore ba se ke ba rekisa dijo ka letsatsi leo.* 16  Batire ba neng ba dula motseng, ba ne ba tlisa ditlhapi le dintho tse rekiswang tsa mofuta o mong le o mong mme ba rekisetsa batho ba Juda le Jerusalema ka Sabatha.+ 17  Ka hoo, ka kgalemela bahlomphehi ba Juda ka re ho bona: “Ke bokgopo ba eng bona boo le bo etsang hore ebe ha le hlomphe letsatsi la Sabatha? 18  Na ntho ee ha se eo baholoholo ba lona ba ileng ba e etsa, hoo Modimo wa rona a ileng a tlisa tlokotsi ee yohle hodima rona le ho motse oo? Le etsa hore Modimo a halefele Iseraele le ho feta ka ho silafatsa Sabatha.”+ 19  Hang ha meriti e kwahela dikeiti tsa Jerusalema pele ho Sabatha, ka laela hore mamati a kwalwe. Ka boela ka re ho se ke ha bulwa ho fihlela ka mora Sabatha mme ka emisa ba bang ba bahlanka ba ka dikeiting e le hore ho se ke ha eba le dintho tse ka kenang ka letsatsi la Sabatha. 20  Ka hoo, borakgwebo le barekisi ba dintho tsa mofuta o mong le o mong tse rekiswang, ba qeta bosiu bohle ba le ka ntle ho Jerusalema hanngwe kapa habedi. 21  Ka ba kgalemela ka re ho bona: “Ke hobaneng ha le qeta bosiu bohle le le ka pela lerako? Haeba le ka etsa jwalo hape, ke tla le tlosa ka nkane.” Ho tloha ka nako eo ho ya pele, ha ba a ka ba hlola ba tla ka Sabatha. 22  Yaba ke bolella Balevi hore ba itlhwekise ka mehla mme ba tle ho tla lebela dikeiti e le ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela.+ Modimo wa ka, o nkgopole le ka sena mme o nkutlwele bohloko ho ya ka lerato* la hao.+ 23  Matsatsing ao, ke ile ka boela ka bona Bajuda ba nyetseng* basadi+ ba Baashdode,+ ba Baamone le ba Bamoabe.+ 24  Halofo ya bara ba bona e ne e bua Seashdode, halofo e nngwe e bua puo ya ditjhaba tse fapaneng empa ho se le ya mong wa bona ya buang Sejuda. 25  Ka hoo, ka ba kgalemela mme ka ba lemosa ka dikahlolo tsa Modimo, ka otla banna ba bang ba bona,+ ka ba hlotha moriri mme ka etsa hore ba hlapanye ka Modimo ka re: “Ha le a lokela ho dumella baradi ba lona hore ba nyalwe ke bara ba bona mme ha le a lokela ho dumella bara ba lona hore ba nyale baradi ba bona mme le lona ha le a lokela ho ba nyala.+ 26  Na ha se ka lebaka la bona Morena Solomone wa Iseraele a ileng a etsa sebe? Hara ditjhaba tse ngata ho ne ho se na morena ya jwalo ka yena.+ O ne a ratwa ke Modimo wa hae,+ hoo Modimo a ileng a mo etsa morena wa Iseraele yohle. Empa basadi bao e seng Baiseraele ba ile ba etsa hore le yena a etse sebe.+ 27  Na ha se ntho e makatsang hore ebe le entse bobe boo bo boholo ka ho se tshepahalle Modimo wa rona mme la nyala basadi bao e seng Baiseraele?”+ 28  E mong wa bara ba Jojada+ mora wa moprista ya phahameng Eliashibe,+ e ne e le mokgwenyana wa Sanbalate+ Mohorone. Ka hoo, ka re a tlohe pela ka. 29  Modimo wa ka, o ba hopole hobane ba silafaditse boprista le selekane sa boprista+ le sa Balevi.+ 30  Ka ba hlwekisa mekgweng yohle ya baditjhaba mme ka abela baprista le Balevi mesebetsi, e mong le e mong mosebetsing wa hae.+ 31  Ka boela ka lokisetsa hore ho be le nako ya ho tlisa patsi+ le ya ho tlisa dihlahiswa tsa pele tse butswitseng. Modimo wa ka, o nkgopole ka dintho tse ntle.*+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “thohako.” Sheba Tlhaloso.
E leng basadi bao e neng e se Baiseraele le bana ba bona.
Kapa: “dikamoreng tse bolokang thepa; diholong tsa ho jela.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “kamore e bolokang thepa; holo ya ho jela.”
Kapa: “holo ya ho jela.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “tsela eo e hlokomelwang ka yona.”
Kapa mohlomong: “letsatsing leo ka ba lemosa hore ba se ke ba rekisa dijo.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba tlisitse ka matlung a bona.”
Kapa: “se molemo.”