Nehemia 3:1-32

  • Marako a hahwa botjha (1-32)

3  Moprista ya phahameng Eliashibe+ le bana babo ba baprista, ba ema mme ba haha Keiti ya Dinku.+ Ba e halaletsa*+ mme ba kenya mamati a yona. Ba e halaletsa ho ya fihla Toreng ya Mea+ le ho ya fihla Toreng ya Hananiele.+  Pela bona ho ne ho haha banna ba Jeriko+ mme pela bona ho haha Zakure mora wa Imri.  Bara ba Hasena ba ile ba haha Keiti ya Ditlhapi,+ ba e etsa ka difate+ yaba ba kenya mamati a yona, ba kenya dithupa tsa yona tse kwalang menyako mme ba kenya le mekwallo ya yona.  Pela bona Meremothe+ mora wa Uria mora wa Hakoze a lokisa lerako mme pela bona Meshulame+ mora wa Berekia mora wa Meshezabele a lokisa lerako, pela bona Tsadoke mora wa Baana le yena a lokisa lerako.  Pela bona Batekowa+ ba lokisa lerako empa ba hlaheletseng setjhabeng ha ba a ka ba ikokobetsa hore ba etse mosebetsi oo baokamedi ba bona ba neng ba ba file wona.  Jojada mora wa Pasea le Meshulame mora wa Besodeia ba lokisa Keiti ya Motse wa Kgale,+ ba e etsa ka difate yaba ba kenya mamati a yona, ba kenya dithupa tsa yona tse kwalang menyako mme ba kenya le mekwallo ya yona.  Pela bona Melatia Mogibeone+ le Jadone Momeronothe ba lokisa lerako, banna ba Gibeone le Mizpa+ ba neng ba le tlasa bolaodi ba* letona la sebaka se ka Nqane ho Noka.*+  Pela bona e mong wa batho ba etsang dintho tsa kgauta e leng Uziele mora wa Harhaia a lokisa lerako mme pela hae Hanania e mong wa batswaki ba ditlolo* a lokisa lerako yaba ba ala majwe* Jerusalema ho ya fihla Lerakong le Sephara.+  Pela bona Refaia mora wa Hure, kgosana ya halofo ya setereke sa Jerusalema, a lokisa lerako. 10  Pela bona Jedaia mora wa Harumafe a lokisa lerako le neng le le ka pela ntlo ya hae mme pela hae Hatushe mora wa Hashabeneia le yena a lokisa lerako. 11  Malkija mora wa Harime+ le Hashube mora wa Pahathe-moabe+ ba lokisa karolo e nngwe ya lerako* le Tora ya Dionto.+ 12  Pela bona Shalume mora wa Haloheshe, kgosana ya halofo ya setereke sa Jerusalema, a lokisa lerako le baradi ba hae. 13  Hanune le baahi ba Zanowa+ ba lokisa Keiti ya Phula+ yaba ba kenya mamati a yona, dithupa tsa yona tse kwalang menyako le mekwallo ya yona. Ba lokisa lerako le etsang dimithara tse 445* ho ya fihla Keiting ya Diqubu Tsa Molora.+ 14  Malkija mora wa Rekabe, kgosana ya setereke sa Bethe-hakereme+ a lokisa Keiti ya Diqubu Tsa Molora. A kenya mamati a yona, dithupa tsa yona tse kwalang menyako le mekwallo ya yona. 15  Shalune mora wa Kolekoze, kgosana ya setereke sa Mizpa,+ a lokisa Keiti ya Sediba,+ a e rulela yaba o kenya mamati a yona, dithupa tsa yona tse kwalang menyako le mekwallo ya yona. A lokisa le lerako la Letamo+ la Molatswana o yang Serapeng sa Morena+ le ho ya fihla Ditepising+ tse theohang Motseng wa Davida.+ 16  Pela hae Nehemia mora wa Azbuke, kgosana ya halofo ya setereke sa Bethe-zure,+ a lokisa lerako ho tloha ka pela Dibaka Tsa Lepato Tsa Davida+ ho ya fihla letamong+ le neng le hahilwe le ho ya fihla Ntlong ya ba Matla. 17  Pela hae Balevi bana ba lokisa lerako: Rehume mora wa Bani mme pela hae Hashabia kgosana ya halofo ya setereke sa Keila,+ a lokisa lerako bakeng sa setereke sa hae. 18  Pela hae bana ba bo bona ba lokisa lerako, Bavai mora wa Henadade, kgosana ya halofo ya setereke sa Keila. 19  Pela hae Ezere mora wa Jeshua,+ kgosana ya Mizpa, o ne a lokisa karolo e nngwe ka pela moepa o yang Pokellong ya Dihlomo e Setshehetsong sa Lerako.+ 20  Pela hae Baruke mora wa Zabai+ a sebetsa ka mafolofolo mme a lokisa karolo e nngwe, ho tloha Setshehetsong sa Lerako ho ya fihla monyako wa ntlo ya moprista ya phahameng Eliashibe.+ 21  Pela hae Meremothe+ mora wa Uria, mora wa Hakoze a lokisa karolo e nngwe, ho tloha monyako wa ntlo ya Eliashibe ho ya fihla moo ntlo ya Eliashibe e fellang teng. 22  Pela hae baprista ba setereke sa Jordane,*+ ba lokisa lerako. 23  Pela bona Benjamine le Hashube ba lokisa lerako ka pela ntlo ya bona. Pela bona Azaria mora wa Maseia mora wa Anania a lokisa lerako haufi le ntlo ya hae. 24  Pela hae Binui mora wa Henadade a lokisa karolo e nngwe, ho tloha ntlong ya Azaria ho ya fihla Setshehetsong sa Lerako+ le ho ya fihla khoneng ya lerako. 25  Pela hae Palale mora wa Uzai a lokisa lerako ka pela Setshehetso sa Lerako le ka pela tora e hlaheletseng, e pela Ntlo ya Morena*+ e ka hodimo ya Lebala la Balebedi.+ Pela hae e ne e le Pedaia mora wa Paroshe.+ 26  Basebeletsi ba tempeleng*+ ba neng ba dula Ofele,+ ba lokisa lerako ho ya fihla ka pela Keiti ya Metsi+ ka botjhabela le toreng e hlahelletseng. 27  Pela bona Batekowa+ ba lokisa karolo e nngwe, ho tloha ka pela tora e kgolo e hlaheletseng ho ya fihla lerakong la Ofele. 28  Baprista ba lokisa lerako ka hodima Keiti ya Dipere,+ e mong le e mong ka pela ntlo ya hae. 29  Pela bona Tsadoke+ mora wa Imere a lokisa lerako ka pela ntlo ya hae. Pela hae Shemaia mora wa Shekania, mohlokomedi wa Keiti e ka Botjhabela,+ a lokisa lerako. 30  Pela hae Hanania mora wa Shelemia le Hanune mora wa botshelela wa Zalafe ba lokisa karolo e nngwe. Pela hae Meshulame+ mora wa Berekia a lokisa lerako ka pela holo ya hae. 31  Pela hae Malkija, setho sa mokgatlo wa batho ba etsang dintho tsa kgauta, a lokisa lerako ho ya fihla ntlong ya basebeletsi ba tempeleng*+ le borakgwebo, ka pela Keiti ya Tlhahlobo le ho ya fihla kamoreng e marulelong a khoneng ya lerako. 32  Pakeng tsa kamore e marulelong a khoneng ya lerako le Keiti ya Dinku,+ batho ba etsang dintho tsa kgauta le borakgwebo ba lokisa lerako.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “nehela ho Modimo.”
Ka Seheberu: “ba terone ya.”
Kapa: “ka Nqane ho Eufrate.”
Kapa: “batho ba etsang dinkgisamonate.”
Kapa: “etsa pheifemente ka matlapa.”
Kapa: “karolo e lekantsweng.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa mohlomong: “seterekeng se haufi.”
Kapa: “Phaleisi.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanweng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “bao ho fanweng ka bona.”