Nehemia 4:1-23

  • Mosebetsi o tswela pele le hoja ho ena le dikganyetso (1-14

  • Ba sebetsa ba tshwere dibetsa (15-23)

4  Hang ha Sanbalate+ a utlwa hore re haha lerako botjha, a halefa* haholo yaba o tswela pele ho soma Bajuda.  A bua ka pela bana babo le masole a Samaria a re: “Bajuda baa ba fokolang ba etsang? Na ba tla kgona ho etsa mosebetsi oo ka bobona? Na ba tla etsa mahlabelo? Na ba tla qeta ka letsatsi? Na ba ntse ba tla kgona ho sebedisa majwe a tjheleng ka ho a ntsha diqubung tseo tsa marole?”+  Tobia+ wa Moamone+ ya neng a eme pela hae a re: “Le haeba phokojwe e ka hlwella hodima lerako la bona la majwe leo ba le hahang, e ne e tla le diha.”  Modimo wa rona, re kopa o utlwe ka moo ba re nyatsang ka teng,+ o kgutlisetse ho nyefola ha bona hodima dihlooho tsa bona+ mme o nehelane ka bona ho dira tsa bona naheng ya botlamuwa.  O se ke wa kwahela molato wa bona kapa wa hlakola sebe sa bona ka pela hao+ hobane ba rohakile dihahi.  Ka hoo, ra nna ra haha lerako mme la kopanngwa, la hahwa botjha ho fihlela halofong ya lona mme batho ba tswela pele ho sebetsa ka dipelo tsohle tsa bona.  Hang ha Sanbalate, Tobia,+ Baarabia,+ Baamone le Baashdode+ ba utlwa hore marako a Jerusalema a ne a ntse a lokiswa le hore dikgeo di ne di kwalwa, ba halefa haholo.  Ba rera bolotsana ba ho tla lwantsha Jerusalema le ho baka moferefere ho yona.  Empa ra rapela Modimo wa rona mme ra dula re behile molebedi hore a re sireletse bosiu le motshehare. 10  Le ha ho le jwalo, batho ba Juda ba ne ba re: “Basebetsi* ha ba sa na matla mme ho bohlaswa* haholo. Re ke ke ra kgona ho haha lerako.” 11  Dira tsa rona tsona tsa nna tsa re: “Le pele ba lemoha kapa ba re bona, re tla kena hara bona re ba bolaye, re emise mosebetsi.” 12  Neng kapa neng ha Bajuda ba dulang haufi le bona ba kena motseng, ba ne ba dula ba re ho rona:* “Ba tla tla ho rona ba tswa dibakeng tsohle.” 13  Ka hoo, ka beha banna dibakeng tse tlasetlase ka mora lerako moo ho bulehileng. Ka ba beha ho ya ka malapa ba tshwere disabole, marumo le diqha tsa bona. 14  Ha ke bona hore ba tshohile, ka ema ka potlako mme ka re ho bahlomphehi+ le batlatsi ba mmusi le batho ba bang kaofela: “Le se ke la ba tshaba.+ Hopolang Jehova, o moholo ebile ke ya phahameng.+ Le lwanele bana ba bo lona, bara ba lona le baradi ba lona, basadi ba lona le malapa a lona.” 15  Ka mora hore dira tsa rona di utlwe hore re tseba seo di neng di tlo se etsa le hore Modimo wa nnete o sentse morero wa tsona, kaofela ha rona re ile ra kgutlela lerakong ho ya sebetsa. 16  Ho tloha ka letsatsi leo ho ya pele, halofo ya banna ba ka e ne e etsa mosebetsi+ mme halofo e nngwe ya bona e tshwere marumo, dithebe le diqha ebile e apere diaparo tsa ntwa tse entsweng ka tshepe. Dikgosana+ tsona di ne di eme ka mora Bajuda 17  ba hahang lerako. Basebetsi ba jarang dintho ba ne ba sebetsa ka letsoho le le leng, ha le leng le tshwere sebetsa.* 18  Sehahi se seng le se seng se ne se kentse sabole thekeng ha se ntse se haha mme motho ya lokelang ho letsa lenaka+ o ne a eme pela ka. 19  Ka re ho bahlomphehi le batlatsi ba mmusi le batho ba bang kaofela: “Mosebetsi o moholo ebile o pharaletse mme re arohane lerakong, e mong o hole haholo le e mong. 20  Ha le utlwa modumo wa lenaka le tle mme le bokane moo re leng teng. Modimo wa rona o tla re lwanela.”+ 21  Ka hoo, ra tswela pele ho sebetsa ha halofo e nngwe e ne e tshwere marumo, ho tloha mesong ho fihlela bosiu ha dinaledi di hlaha. 22  Ka nako eo ka re ho batho: “Banna ba ke ba qete bosiu ba le ka hara Jerusalema, e mong le e mong a ena le mohlanka wa hae. Ba tla re lebela bosiu mme motshehare ba sebetse.” 23  Nna le bana beso, bahlanka+ ba ka le balebedi ba ileng ba ntshala morao, ha re a ka ra hlobola diaparo tsa rona. E mong le e mong wa rona o ne a tshwere sebetsa ka letsohong la hae le letona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “kgopeha.”
Kapa: “Ba jarang morwalo.”
E leng ditene tse neng di tletse fatshe ha motse o ne o fediswa.
Ka Seheberu: “ka makgetlo a leshome.”
Kapa: “lerumo.”