Nehemia 5:1-19

  • Nehemia o laela hore batho ba tlohele ho qhekella ba bang (1-13)

  • Nehemia ha a inahane boyena feela (14-19)

5  Le ha ho le jwalo, banna le basadi ba bona ba ile ba ipelaetsa kgahlanong le bana ba bo bona ba Bajuda.+  Ba bang ba ne ba re: “Re na le bara le baradi ba bangata. Re lokela ho fumana dijo* e le hore re je mme re nne re phele.”  Ba bang ba ne ba re: “Re fana ka masimo, dirapa tsa rona tsa morara le matlo a rona e le hore re tle re fumane dijo nakong ya tlala.”  Ba bang bona ba ne ba re: “Re adimane ka masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara e le hore re ka fumana tjhelete ya ho patala lekgetho* la morena.+  Rona le bana ba bo rona re a tshwana* ebile bana ba rona ba tshwana le bana ba bona. Le ha ho le jwalo, re lokela ho fana ka bara le baradi ba rona hore e be makgoba mme baradi ba bang ba rona e se e ntse e le ona.+ Empa ha re na matla a ho thibela sena hobane masimo a rona le dirapa tsa rona tsa morara e se e le tsa batho ba bang.”  Ke ile ka halefa haholo ha ke utlwa sello sa bona le mantswe ana.  Ka hoo, ka nahana ka dintho tsena ka pelong ya ka mme ka bua le bahlomphehi le batlatsi ba mmusi ka re ho bona: “Kaofela ha lona le patadisa bana ba bo lona tswala.”*+ Ho ekelletsa moo, ka hlophisa hore ho be le seboka se seholo ka lebaka la bona.  Ka re ho bona: “Re entse sohle se matleng a rona ho lopolla bana ba bo rona ba Bajuda ba neng ba rekisitswe ditjhabeng. Jwale na le lona le rekisa bana ba bo lona+ e le hore re tle re ba reke hape?” Yaba ba fellwa ke mantswe mme ba thola tu!  Yaba ke re: “Ntho eo le e etsang ha e a loka. Na ha le a lokela ho tshaba Modimo wa rona+ e le hore dira tsa rona di se ke tsa re nyefola? 10  Ho feta moo, nna le bana beso le bahlanka ba ka re ba adima tjhelete le koro.* Ka kopo, a re tloheleng ho batla tswala.+ 11  Ke a le kopa hle, letsatsing lena le fe batho bana masimo a bona,+ dirapa tsa bona tsa morara, meru ya bona ya mehlwaare le matlo a bona. Hape le kgutlise tswala* eo le neng le ba batla yona ya tjhelete, ya koro,* ya veine e ntjha le ya oli.” 12  Yaba ba re: “Re tla kgutlisetsa dintho tsena ho bona mme re ke ke ra ba batla letho. Re tla etsa feela jwalo ka ha o boletse.” Ka hoo, ka bitsa baprista mme ka etsa hore banna bao ba itlame hore ba tla etsa seo ba se tshepisitseng. 13  Hape ka hlohlora seaparo* sa ka mme ka re: “Ka tsela e tshwanang, e se eka Modimo wa nnete a ka hlohlora ntlo le dintho tsa motho e mong le e mong ya sa phetheng tshepiso ena mme ka tsela e tshwanang, a ke a hlohlorwe mme a sale a se na letho.” Phutheho yohle ya re: “Amen!”* Yaba ba rorisa Jehova mme batho ba etsa seo ba se tshepisitseng. 14  Ho feta moo, ho tloha letsatsing leo ka lona ke behilweng hore ke be letona la bona+ naheng ya Juda, ka selemo sa bo20+ ho ya selemong sa bo32+ sa Morena Artaseksese+ e leng dilemo tse 12, nna le bana beso ha re a ka ra ja dijo tse neng di fuwa letona.+ 15  Empa matona a bileng teng pele ho nna a ne a imetsa batho mme a nka dikotwana* tse 40 tsa silevera ho bona letsatsi le letsatsi bakeng sa bohobe le veine. Hape bahlanka ba ona ba ne ba hatella batho. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo+ ka lebaka la ho tshaba Modimo.+ 16  Ho feta moo, le nna ke ile ka etsa mosebetsi wa ho lokisa lerako lena mme ha re a ka ra fumana le ha e le tshimo.+ Bahlanka bohle ba ka ba ile ba phuthehela moo bakeng sa mosebetsi. 17  Ho ne ho ena le Bajuda le batlatsi ba mmusi ba 150 ba neng ba ja tafoleng ya ka ha mmoho le ba neng ba tla ho rona ba tswa ditjhabeng tse ding. 18  Letsatsi le letsatsi ke ne ke lokisetswa* poho e le nngwe, dinonyana le dinku tse tsheletseng tse kgethilweng le veine e ngata ya mofuta o mong le o mong hanngwe matsatsing a leshome. Ho sa tsotellehe tsena tsohle, ha ke a ka ka batla dijo tse fuwang letona hobane batho ba ne ba se ba ntse ba hula ka thata mosebetsing wa bona. 19  Modimo wa ka, o nkgopole ka lebaka la dintho tsohle tse ntle tseo ke di etseditseng batho bana.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sethabathaba.”
Kapa: “re nama e le nngwe le madi a le mang.”
Kapa: “phaello.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
E leng phesente e le nngwe ka kgwedi.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka hlohlora sefuba sa ka.”
Kapa: “Ha ho be jwalo!”
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “ke ne ke patala hore ke lokisetswe.”