Nehemia 6:1-19

  • Bahanyetsi ba tswela pele ho leka ho sitisa mosebetsi wa ho haha marako (1-14)

  • Lerako le qetwa ka matsatsi a 52 (15-19)

6  Ha Sanbalate, Tobia,+ Gesheme wa Moarabia+ le dira tsa rona tse ding kaofela di bolellwa hore ke hahile lerako botjha+ le hore ho ne ho se na dikgeo ho lona (le hoja ho fihlela nakong eo ke ne ke eso kenye mamati dikeiting),+  hanghang Sanbalate le Gesheme ba nthomella molaetsa o reng: “Tloo, re behe nako ya ho kopana ho o mong wa metsana ya Thota ya Ono.”+ Empa ba ne ba rerile ho nntsha kotsi.  Ka hoo, ka romela baromuwa ho bona ka re: “Ke phathahane ka mosebetsi o moholo, nke ke ka kgona ho theoha. Le batla ke tlohele mosebetsi hore ke tle ho lona?”  Ba ile ba nthomella molaetsa o tshwanang ka makgetlo a mane mme ka nna ka ba araba ka tsela e tshwanang.  Yaba Sanbalate o romela mohlanka wa hae ho nna ka molaetsa o tshwanang ka lekgetlo la bohlano, a tshwere lengolo le butsweng.  Lengolo leo le ne le re: “Batho ba ditjhaba ba ntse ba bua taba ya hore wena le Bajuda le rera ho fetohela morena.+ Gesheme+ le yena o bua ntho e tshwanang. Ke ka lebaka leo o hahang lerako. Hape ditlaleho di re o tlo ba morena wa bona.  Ebile o kgethile baprofeta hore ba phatlalatse ka wena motseng wohle wa Jerusalema ba re, ‘Ho na le morena Juda!’ Morena o tlo bolellwa dintho tsena. Jwale tloo re tlo buisana ka taba ena.”  Le ha ho le jwalo, ka mo romella karabo e reng: “Dintho tseo o di buang ha di a etsahala. O iqapetse tsona.”  Kaofela ha bona ba ne ba leka ho re tshosa ba re: “Ba tla kgathala matla* mme ba ke ke ba qeta mosebetsi.”+ Empa ka rapela ka re: “Modimo, mphe matla.”*+ 10  Yaba ke ya ntlong ya Shemaia mora wa Delaia mora wa Mehetabele ha a ntse a kwaletswe moo. O ile a re: “A re behe nako ya ho kopana ntlong ya Modimo wa nnete, ka hara tempele mme re kwale mamati a tempele etswe ba tlo o bolaya. Ba tlo o bolaya bosiu.” 11  Empa ka re: “Na motho ya jwalo ka nna o lokela ho baleha? Na motho ya jwalo ka nna a ka kena ka tempeleng yaba o a phela?+ Nke ke ka kena!” 12  Yaba ke a hlokomela hore moprofeta enwa o ne a sa rongwa ke Modimo empa Tobia le Sanbalate+ ba ne ba mo hirile hore a tlo nthetsa. 13  O ne a hirilwe hore a tlo ntshosa le ho nkgelosa hore ke etse sebe e le hore ba ka ba le lebaka la ho ntshenya lebitso le ho nnyefola. 14  Modimo wa ka, o hopole Tobia,+ Sanbalate, diketso tsena, moprofeta Noadia le baprofeta ba bang kaofela bao ka mehla ba neng ba leka ho ntshosa. 15  Lerako le ile la qetwa ka letsatsi la bo25 la Elule.* Le ile la hahwa ka matsatsi a 52. 16  Hang ha dira tsohle tsa rona di utlwa ka taba ena le ditjhaba tsohle tse re potolohileng di bona sena, tsa swaba haholo,*+ tsa bona hore Modimo ke yena ya re thusitseng ho etsa mosebetsi ona. 17  Matsatsing ao, bahlomphehi+ ba Juda ba ne ba romela mangolo a mangata a yang ho Tobia mme Tobia o ne a ba araba. 18  Batho ba bangata Juda ba ile ba hlapanya hore ba tla mo tshehetsa ka ha e ne e le mokgwenyana wa Shekania mora wa Ara.+ Mora wa hae Johanane o ne a nyalane le moradi wa Meshulame+ mora wa Berekia. 19  Ba ne ba dula ba mpolella dintho tse ntle ka yena mme ba mo bolella seo ke se buileng. Jwale Tobia a nna a romela mangolo e le hore a ntshose.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “matlafatsa matsoho a ka.”
Ka Seheberu: “Matsoho a bona a tla tepella.”
Ka Seheberu: “tsa nyahama haholo mahlong a tsona.”