Nehemia 8:1-18

  • Batho ba ballwa Molao le ho o hlalosetswa (1-12)

  • Batho ba keteka Mokete wa Maphephe (13-18)

8  Batho bohle ba bokana ka morero o tshwanang lebaleng le ka pela Keiti ya Metsi+ yaba ba bolella mokopitsi* Esdrase+ hore a tlise buka ya Molao wa Moshe,+ oo Jehova a neng a o laetse Baiseraele.+  Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa,+ moprista Esdrase a tlisa Molao ka pela phutheho+ ya banna le basadi le ka pela bohle ba neng ba ka mamela mme ba utlwisisa.  Ho tloha mesong ho fihlela motshehare, a o balla hodimo+ a le lebaleng le neng le le ka pela Keiti ya Metsi. A o balla banna, basadi le bohle ba ka utlwisisang mme batho ba ile ba mamela buka ya Molao ka hloko.+  Mokopitsi* Esdrase o ne a eme hodima sethala sa lepolanka se neng se etseditswe ketsahalo eo mme haufi le yena, ka letsohong la hae le letona ho ne ho eme Matithia, Shema, Anaia, Uria, Hilkia le Maseia mme ka ho la hae le letshehadi e le Pedaia, Mishaele, Malkija,+ Hashume, Hash-badana, Zakaria le Meshulame.  Esdrase a bula buka a le hodima sethala moo batho bohle ba kgonang ho mo bona. Ha a e bula, batho bohle ba ema.  Jwale Esdrase a rorisa Jehova Modimo e moholo le wa nnete mme batho bohle ba araba ba re, “Amen!* Amen!”+ Yaba ba phahamisa matsoho. Ba inama mme ba kgumamela Jehova difahleho tsa bona di shebile fatshe.  Jeshua, Bani, Sherebia,+ Jamine, Akube, Shabthai, Hodia, Maseia, Kelita, Azaria, Jozabade,+ Hanane le Pelaia bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlalosetsa batho Molao+ ha batho ba ntse ba eme.  Ba tswela pele ho bala Molao wa Modimo wa nnete o bukeng ka lentswe le phahameng, ba o hlalosa le ho hlakisa hore na o bolelang. Ka hoo, ba thusa batho hore ba utlwisise se neng se balwa.+  Nehemia eo e neng e le letona* le Esdrase+ eo e neng e le moprista ebile e le mokopitsi* le Balevi ba neng ba ruta batho, ba ile ba re ho batho bohle: “Letsatsi lena le a halalela ho Jehova Modimo wa lona.+ Le se ke la utlwa bohloko kapa la lla.” Etswe batho bohle ba ne ba lla ha ba utlwa mantswe a Molao. 10  Nehemia a re ho bona: “Tsamayang, le je dijo tse monate* mme le nwe dintho tse monate hape le fane ka dijo tse ding+ ho ba se nang letho hobane letsatsi lena le a halalela ho Morena wa rona mme le se ke la utlwa bohloko ka ha thabo eo Jehova a le fang yona e a le matlafatsa.”* 11  Balevi ba ne ba thodisa batho bohle ba re: “Le se ke la lla ka ha letsatsi lena le a halalela hape le se ke la utlwa bohloko.” 12  Ka hoo, batho bohle ba tloha ho ya ja le ho nwa le ho fa ba bang dijo hape ba ile ba thaba haholo+ hobane ba ne ba utlwisisa mantswe ao ba a utlwileng.+ 13  Ka letsatsi la bobedi, dihlooho tsa malapa ohle a setjhaba, baprista le Balevi ba bokana ho mokopitsi* Esdrase e le hore ba utlwisise mantswe a Molao haholwanyane. 14  Jwale ba fumana ho ngotswe Molaong oo Jehova a neng a fane ka wona a sebedisa Moshe hore ka kgwedi ya bosupa+ Baiseraele ba lokela ho dula maphepheng* nakong ya mokete 15  le hore ba phatlalatse+ mme ba tsebise batho metseng yohle ya bona le Jerusalema yohle ba re: “Eyang sebakeng se dithaba mme le tlise makala a nang le makgasi a tswang difateng tsa mohlwaare, tsa phaena, tsa mirte le tsa palema le makala a nang le makgasi a tswang difateng tse ding e le hore le etse maphephe ho ya ka se ngotsweng.” 16  Batho ba tswa mme ba tla le makala ao hore ba iketsetse maphephe, e mong le e mong hodima marulelo a hae ha mmoho le mabaleng a bona, mabaleng a ntlo ya Modimo wa nnete,+ lebaleng la Keiti ya Metsi+ le la Keiti ya Efraime.+ 17  Ka hoo, phutheho yohle ya ba neng ba kgutlile botlamuweng ya etsa maphephe mme ya dula ho ona etswe Baiseraele ba ne ba sa ka ba etsa seo ka tsela ena ho tloha mehleng ya Joshua+ mora wa Nune ho fihlela letsatsing leo mme batho ba ile ba thaba haholo.+ 18  Letsatsi le letsatsi ho ne ho balwa buka ya Molao wa Modimo wa nnete,+ ho tloha ka letsatsi la pele ho fihlela ka letsatsi la ho qetela. Ba ile ba etsa mokete ka matsatsi a supileng mme ho ya ka Molao, ka letsatsi la borobedi ho ile ha eba le seboka se hlomphehang.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mongodi.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “Ha ho be jwalo!”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a diprofinse tsa Persia a neng a bitswa ka lona.
Ka Seheberu: “dintho tse nonneng.”
Kapa: “ke qhobosheane.”
Kapa: “mongodi.”