Nehemia 9:1-38

  • Batho ba ipolela dibe (1-38)

    • Jehova ke Modimo ya tshwarelang (17)

9  Ka letsatsi la bo24 la kgwedi ya bosupa, Baiseraele ba ile ba bokana, ba itima dijo ba apere masela a hwashang* ba bile ba itshetse ka mobu.+  Bao e leng ditloholo tsa Iseraele ba ikarola ho bohle bao e seng Baiseraele,+ ba ema mme ba bolela dibe tsa bona le diphoso tsa bontate ba bona.+  Jwale ba ema moo ba neng ba le teng yaba ba qeta dihora tse ka bang tharo* hoseng ba balla hodimo buka ya Molao+ wa Jehova Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo, ba ne ba ipolela dibe mme ba inamela Jehova Modimo wa bona.  Jeshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Buni, Sherebia,+ Bani le Kenani ba ema sethaleng+ se phahamisitsweng sa Balevi mme ba hweletsa ho Jehova Modimo wa bona.  Balevi e leng Jeshua, Kadmiele, Bani, Hashabeneia, Sherebia, Hodia, Shebania le Pethahia ba re: “Emang mme le rorise Jehova Modimo wa lona ka ho sa feleng.+ Ba ke ba rorise lebitso la hao le kganyang, le tshwanelwang ke ho halaletswa le ho roriswa.  Ke wena Jehova o le mong,+ o entse mahodimo esita le lehodimo la mahodimo le tsohle tse ho ona,* lefatshe le tsohle tse hodima lona, mawatle le tsohle tse ho ona. Kaofela o di boloka di phela le mabotho a mahodimo a a o inamela.  Ke wena Jehova Modimo wa nnete ya ileng a kgetha Abrame,+ wa mo ntsha Ure+ ya Bakalde mme wa mo reha Abrahama.+  O ile wa bona hore o ne a o tshepahalla ka pelo yohle.+ Ka hoo, wa etsa selekane le yena sa hore o tla fa yena le bana* ba hae+ naha ya Bakanana, Bahethe, Baamore, Bapereze, Bajebuse le Bagirgashe mme wa phethahatsa ditshepiso tsa hao hobane o lokile.  O ile wa bona ka moo baholoholo ba rona ba neng ba sotleha ka teng Egepeta+ mme wa utlwa sello sa bona Lewatleng le Lefubedu. 10  Yaba o etsa dipontsho le mehlolo tse otlang Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ya hae+ ka ha o ne o tseba hore ba ile ba hlorisa batho ba hao.+ O tsebahaditse lebitso la hao mme le ntse le tsebahala le kajeno.+ 11  Wa arola lewatle ka pela bona mme ba tshela hara lona moo ho ommeng+ yaba o lahlela batho ba ba lelekisang botebong ba lewatle jwalo ka lejwe le lahlelwang maqhubung a matla.+ 12  Wa ba tsamaisa ka leru* motshehare le ka mollo* bosiu, ho ba kgantshetsa tsela eo ba lokelang ho tsamaya ka yona.+ 13  Wa theohela Thabeng ya Sinai+ wa bua le bona o le lehodimong+ mme wa ba fa dikahlolo tse lokileng, melao ya nnete,* melawana le ditaelo tse molemo.+ 14  Wa ba tsebisa Sabatha+ ya hao e halalelang mme wa ba fa ditaelo, melawana le molao o sebedisa mohlanka wa hao Moshe. 15  Wa ba fa bohobe bo tswang lehodimong ha ba lapile,+ wa ba hlahisetsa metsi lefikeng ha ba nyorilwe,+ wa ba wa re ba nke naha eo o neng o ikanne* hore o tla ba fa yona. 16  Ha e le baholoholo ba rona bona, ba ile ba itaola,+ ba eba manganga*+ yaba ha ba mamele ditaelo tsa hao. 17  Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala diketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha o di etsa. Ba eba manganga* mme ba kgetha moetapele hore ba kgutlele bokgobeng ba bona Egepeta.+ Empa ka ha o Modimo ya ikemiseditseng ho tshwarela,* ya utlwelang batho bohloko le ya mohau,* ya diehang ho halefa le ya lerato,*+ ha o a ka wa ba lahla.+ 18  Esita le ha ba ne ba iketseditse namane ya tshepe* mme ba re, ‘Enwa ke Modimo wa lona ya ileng a le etella pele ho tswa Egepeta’+ mme ba etsa diketso tse kgolo tse bontshang hore ha ba o hlomphe, 19  le nakong eo, o ile wa ba hauhela haholo mme ha o a ka wa ba tlohela lefeelleng.+ Leru ha le a ka la tloha hodima bona motshehare ho ba tsamaisa tseleng. Le bosiu mollo ha o a ka wa tloha ho ba kgantshetsa tsela eo ba lokelang ho tsamaya ka yona.+ 20  O ile wa ba fa moya* wa hao hore ba be bohlale+ mme ha o a ka wa ba tima manna.+ O ile wa ba fa le metsi ha ba nyorilwe.+ 21  Wa ba fa dijo ha ba le lefeelleng ka dilemo tse 40.+ Ba ne ba sa haellwe ke letho. Diaparo tsa bona ha di a ka tsa taboha+ le maoto a bona ha a ka a ruruha. 22  Wa ba fa mebuso le ditjhaba mme wa ba arolela tsona ka dikoto,+ ba nka naha ya Sihone+ e leng naha ya morena wa Heshbone+ ha mmoho le naha ya Oge+ morena wa Bashane. 23  Wa etsa hore bara ba bona ba be bangata jwalo ka dinaledi tsa mahodimo.+ Yaba o ba kenya naheng eo o neng o tshepisitse baholoholo ba bona hore ba tla kena ho yona mme ba e nke.+ 24  Ka hoo, bara ba bona ba kena yaba ba nka naha.+ O ile wa ba thusa hore ba hlole Bakanana+ bao e neng e le baahi ba naha, wa nehelana ka bona le marena a bona ha mmoho le baahi ba naha matsohong a bona hore ba etse seo ba se ratang ka Bakanana. 25  Ba hapa metse e sireleditsweng ka thata+ le naha e nang le mobu o motle*+ mme ba nka matlo a tletseng dintho tsohle tse ntle, didiba tse tjhekilweng, dirapa tsa morara, meru ya mohlwaare+ le difate tse ngata tsa ditholwana. Ka hoo, ba ile ba ja, ba kgora mme ba nona le ho phela ha monate ka lebaka la molemo wa hao o moholo. 26  Le ha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela yaba ba a o fetohela+ mme ba furalla Molao* wa hao. Ba bolaya baprofeta ba hao ba neng ba ba lemosa hore ba kgutlele ho wena mme ba etsa dintho tse bontshang hore ho hang ha ba o hlomphe.+ 27  Ka lebaka leo, wa nehelana ka bona matsohong a bahanyetsi ba bona+ ba ileng ba nna ba ba phedisa ka thata.+ Empa ba ne ba hweletsa ho wena ha ho se ho le boima mme o ne o ba utlwa o le mahodimong. Ka ha o mohau, o ne o ba fa bapholosi ba neng ba ba pholosa matsohong a bahanyetsi ba bona.+ 28  Empa hang ha ba se ba lokolohile, ba ne ba boela ba o sitelwa.+ O ne o ba tlohela matsohong a dira tsa bona mme di ba hlola.*+ Jwale ba ne ba kgutla ebe ba kopa thuso ho wena.+ O ne o ba utlwa o le mahodimong mme nako le nako o ba pholosa hobane o mohau.+ 29  Le hoja o ne o ba lemosa hore ba boele ba mamele Molao wa hao, ba ile ba ikgohomosa mme ba hana ho mamela ditaelo tsa hao.+ Ba etsa sebe ka ho tlola melao ya hao eo haeba motho a ne a ka e mamela, a neng a tla phela.+ Empa ba ile ba eba manganga mme ba o furalla, ba satalatsa melala mme ba hana ho mamela. 30  O ile wa ba mamella+ ka dilemo tse ngata mme ka moya wa hao wa nna wa ba lemosa o sebedisa baprofeta ba hao empa ba hana ho mamela. Qetellong wa nehelana ka bona matsohong a batho ba dinaha tse ding.+ 31  Ka hobane o mohau, ha o a ka wa ba fedisa+ kapa wa ba lahla ka ha o Modimo ya utlwelang batho bohloko* le ya mohau.+ 32  Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla le ya phahameng, ya tshepahaletseng selekane sa hae le ya bontshitseng lerato,+ o se ke wa nka mathata ohle a re hlahetseng a le manyenyane, mathata a hlahetseng rona le marena a rona, dikgosana tsa rona,+ baprista ba rona,+ baprofeta ba rona,+ baholoholo ba rona le batho ba hao bohle ho tloha mehleng ya marena a Asiria+ ho fihlela letsatsing lena. 33  O bile ya lokileng dinthong tsohle tse re etsahaletseng hobane o ile wa tshepahala empa ke rona ba entseng dintho tse mpe.+ 34  Ha e le marena a rona, dikgosana tsa rona, baprista ba rona le baholoholo ba rona, ha ba a ka ba boloka Molao wa hao ebile ha ba a ka ba mamela ditaelo tsa hao kapa dikgopotso* tsa hao tseo o ileng wa ba lemosa ka tsona. 35  Le ha ba ne ba buswa ke marena a bona mme o ba hlohonolofaditse ka dintho tse ngata tse ntle, ba bile ba dula naheng e kgolo le e nang le mobu o motle* eo o ileng wa ba fa yona, ha ba a ka ba o sebeletsa+ kapa ba tlohela ho etsa dintho tse mpe. 36  Kajeno ke rona bana re makgoba+ naheng eo o ileng wa e fa baholoholo ba rona hore ba je ditholwana tsa yona mme ba thabele dintho tsa yona tse ntle. 37  Dihlahiswa tsa yona tse ngata ke tsa marena ao o a behileng hore a re buse ka lebaka la dibe tsa rona.+ A a re busa* mme a busa le diphoofolo tsa rona ho ya ka ho rata ha ona jwale re imetswe haholo. 38  Ka lebaka la dintho tsena tsohle, re etsa tumellano e ngotsweng+ mme dikgosana tsa rona, Balevi ba rona le baprista ba rona ba tiisa tumellano ena.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “kotara ya letsatsi.”
Ka Seheberu: “lebotho lohle la ona.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Kapa: “melao e ka tsheptjwang.”
Ka Seheberu: “o phahamisitse letsoho la hao.”
Ka Seheberu: “satalatsa melala ya bona.”
Kapa: “ya nang le lerato le tshepahalang.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “Modimo ya bontshang diketso tsa ho tshwarela.”
Ka Seheberu: “satalatsa melala ya bona.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Ka Seheberu: “moya o molemo.”
Kapa: “nonneng.”
Ka Seheberu: “Ba lahlela Molao wa hao ka mora mekokotlo ya bona.”
Kapa: “ripitla.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “ditemoso.”
Kapa: “o nonneng.”
Ka Seheberu: “A busa mmele ya rona.”