Numere 1:1-54

  • Banna ba ngodisetswa sesole (1-46)

  • Balevi ha ba a dumellwa ho ba masole (47-51)

  • Tlhophiso ya ho hloma ditente (52-54)

1  Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta,+ Jehova a bua le Moshe lefeelleng la Sinai+ ka tenteng ya pokano*+ a re:  “Balang+ Baiseraele* kaofela ho ya ka malapa a bona, mabitso a baholoholo ba bona le palo ya mabitso a bohle ba batona.  Wena le Arone le ngodise bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo+ bao e ka bang masole a Iseraele. Le ba bale ho latela dihlopha tsa bona.*  Lelokong le leng le le leng la Iseraele le kgethe monna a le mong eo e leng hlooho ya leloko leo a tswang ho lona.+  Ana ke mabitso a banna ba tla ema le lona: Lelokong la Rubene e tla ba Elizure+ mora wa Shedeure,  lelokong la Simeone e tla ba Shelumiele+ mora wa Zurishadai.  Ho la Juda e tla ba Nashone+ mora wa Aminadabe.  Ho la Isakare e tla ba Nethaniele+ mora wa Zuare.  Ho la Zabulone e tla ba Eliabe+ mora wa Helone. 10  Ho bara ba Josefa, lelokong la Efraime+ e tla ba Elishama mora wa Amihude. Lelokong la Manase e be Gamaliele mora wa Pedazure. 11  Ho la Benjamine e tla ba Abidane+ mora wa Gideoni. 12  Ho la Dane e be Akiezere+ mora wa Amishadai. 13  Ho la Ashere e tla ba Pagiele+ mora wa Okrane. 14  Lelokong la Gade e tla ba Eliasafe+ mora wa Deuele. 15  Ho la Nefthali e be Ahira+ mora wa Enane. 16  Bana ke bona ba kgethilweng hara setjhaba hore e be dikgosana+ tsa maloko a bona, ba okamele banna ba dikete ba Iseraele.”+ 17  Moshe le Arone ba bitsa banna bana ba neng ba kgethilwe. 18  Ba kgobokanya setjhaba sohle ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi e le hore e mong le e mong wa bona a ka ngodiswa ka lebitso ho ya ka malapa a bona le mabitso a baholoholo ba bona, ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo+ 19  feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. Yare ha ba le lefeelleng la Sinai a ba ngodisa.+ 20  Bana ba Rubene letsibolo la Iseraele+ ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 21  Lelokong la Rubene ho ngodisitswe ba 46 500. 22  Bana ba Simeone+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 23  Lelokong la Simeone ho ngodisitswe ba 59 300. 24  Bana ba Gade+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 25  Lelokong la Gade ho ngodisitswe ba 45 650. 26  Bana ba Juda+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 27  Lelokong la Juda ho ngodisitswe ba 74 600. 28  Bana ba Isakare+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 29  Lelokong la Isakare ho ngodisitswe ba 54 400. 30  Bana ba Zabulone+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 31  Lelokong la Zabulone ho ngodisitswe ba 57 400. 32  Ditloholo tsa Josefa ka Efraime+ di ile tsa ngodiswa ka malapa, mabitso a tsona le a baholoholo ba tsona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 33  Lelokong la Efraime ho ngodisitswe ba 40 500. 34  Bana ba Manase+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 35  Lelokong la Manase ho ngodisitswe ba 32 200. 36  Bana ba Benjamine+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 37  Lelokong la Benjamine ho ngodisitswe ba 35 400. 38  Bana ba Dane+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 39  Lelokong la Dane ho ngodisitswe ba 62 700. 40  Bana ba Ashere+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 41  Lelokong la Ashere ho ngodisitswe ba 41 500. 42  Bana ba Nefthali+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 43  Lelokong la Nefthali ho ngodisitswe ba 53 400. 44  Bana ke bao Moshe, Arone le dikgosana tse 12 tsa Iseraele ba ileng ba ba ngodisa. Kgosana e nngwe le e nngwe e ne e emela leloko leo e tswang ho lona. 45  Baiseraele bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e ka bang masole a Iseraele, ba ile ba ngodiswa ho ya ka mabitso a baholoholo ba bona. 46  Palo ya bohle ba ngodisitsweng e bile 603 550.+ 47  Empa malapa a hlahang lelokong la Levi+ ha a ka a ngodiswa ha mmoho le bona.+ 48  Yaba Jehova o re ho Moshe: 49  “Leloko la Levi ke lona feela leo o ke keng wa le ngodisa mme o se ke wa le kenyelletsa palong ya Baiseraele ba bang.+ 50  O kgethe Balevi hore ba hlokomele tabernakele ya Bopaki,+ disebediswa tsohle tsa yona le ntho e nngwe le e nngwe ya yona.+ Ba jare tabernakele le disebediswa tsohle tsa yona,+ ba sebeletse ho yona+ ba be ba hlome ditente ho e potoloha.+ 51  Balevi ba tlose tabernakele neng kapa neng ha e hloka ho tloswa,+ ha e hloka ho hlongwa ba e hlome. Empa motho ya tla e atamela a sa dumellwa* a bolawe.+ 52  Moiseraele e mong le e mong a hlome tente ya hae sebakeng seo a se abetsweng, e mong le e mong sehlopheng sa habo.*+ Ba dule ditenteng tsa bona ka dihlopha.* 53  Balevi ba lokela ho hloma ditente tsa bona ho potoloha tabernakele ya Bopaki e le hore ke se ke ka halefela setjhaba sa Baiseraele.+ Ke bona ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela* tabernakele ya Bopaki.”+ 54  Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ba fela ba etsa jwalo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “tabernakeleng.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”
E leng motho eo e seng Molevi.
Sehlopha ka seng se na le maloko a mararo.
Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”
Kapa: “ho lebela; ho sebeletsa.”