Numere 11:1-35

  • Ho tletleba ho tlisa mollo o tswang ho Modimo (1-3)

  • Batho ba llela nama (4-9)

  • Moshe o ikutlwa a sa tshwanelehe (10-15)

  • Jehova o fa baholo ba 70 moya o halalelang (16-25)

  • Eldade le Medade; Joshua o boulella Moshe (26-30)

  • Ho romelwa dikwekwe; batho ba fuwa kotlo ka lebaka la ho ba meharo (31-35)

11  Setjhaba sa tletleba se halefile ka pela Jehova. Ha Jehova a se utlwa, a halefa haholo yaba mollo o tswang ho Jehova o tjhesa le ho fedisa ba bang qetellong ya diahelo.  Ha setjhaba se hweletsa ho Moshe, a etsa thapedi ho Jehova+ mme mollo wa tima.  Ka hoo, sebaka seo sa rehwa Tabera* hobane mollo o tswang ho Jehova o ne o ba tjhesitse.+  Jwale batho ba mefuta yohle*+ ba neng ba le hara setjhaba ba qala ho ba meharo.+ Baiseraele le bona ba boela ba lla hape ba re: “Ke mang ya tla re fa nama re je?+  Ka nnete re hopotse tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta le dikomkomere, mahapu, diliki,* dieie le konofolo.+  Empa jwale re fellwa ke matla. Ha ho na letho leo re le bonang haese manna ana.”+  Manna+ a ne a tshwana le peo ya korianda+ mme mmala wa ona eka wa mamina a sefate.*  Setjhaba se ne se hasana se a thonaka mme se a sila malwaleng a letsoho kapa se a tula ka hara motulo. Ka mora moo, se ne se a pheha ka dipitseng kapa se a etsa mahobe a sedikadikwe+ mme tatso ya ona e ne e tshwana le ya dikuku tse monate tse nang le oli.  Ha phoka e theohela hodima diahelo bosiu, manna le ona a ne a theohela moo.+ 10  Moshe a utlwa setjhaba se lla, lelapeng le leng le le leng, motho ka mong a le monyako wa tente ya hae. Jehova o ile a halefa haholo+ mme Moshe le yena o ne a sa thaba. 11  Jwale Moshe a re ho Jehova: “Ke hobaneng ha o utlwisitse mohlanka wa hao bohloko? Ke entse eng e sa o thabiseng, hoo o behileng morwalo wa setjhaba see sohle hodima ka?+ 12  Na ke emotse setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng hoo o reng ho nna, ‘Se jare sefubeng sa hao feela jwalo ka ha mohlokomedi* a jara ngwana ya anyang,’ ho se isa naheng eo o ileng wa hlapanya hore o tla e fa baholoholo ba sona?+ 13  Ke tla nka nama kae hore ke e fe setjhaba see sohle? Se ntse se lla ka pela ka, se re, ‘Re fe nama, re je!’ 14  Ha ke kgone ho jara setjhaba sena sohle ke le mong. Se sengata haholo.+ 15  Haeba o tlo nketsa tjee, ke kopa o mpolaye hona jwale.+ Haeba o a nthata, etsa hore ke se ke ka hlola ke bona tlokotsi.” 16  Jehova a araba Moshe a re: “Mpokellele banna ba 70 hara baholo ba Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le balaodi ba setjhaba.+ O ba ise tenteng ya pokano mme ba eme moo le wena. 17  Ke tla theoha+ ebe ke bua le wena moo.+ Ke tla nka o mong wa moya wa ka o halalelang+ ho wena ke o behe ho bona mme ba tla o thusa ho jara morwalo wa setjhaba e le hore o se ke wa o jara o le mong.+ 18  O re ho setjhaba, ‘Itlhwekisetseng hosane+ ka ha le tla ja nama hobane le ile la lla hoo Jehova a ileng a le utlwa+ mme la re: “Ke mang ya tla re fa nama re je? Ho ne ho le monate ha re le Egepeta.”+ Jehova o tla le fa nama mme le tla e ja.+ 19  Le ke ke la e ja ka letsatsi le le leng, a mabedi, a mahlano, a leshome kapa a 20 20  empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e le tenne* le se le bile le e nyonya+ hobane le lahlile Jehova ya hara lona mme le ne le lla ka pela hae le re: “Ke hobaneng ha re tswile Egepeta?”’”+ 21  Moshe a re: “Setjhaba seo ke leng hara sona se na le banna ba 600 000 ba tsamayang ka maoto*+ le ha ho le jwalo o itse, ‘Ke tla se fa nama mme se tla ja nama e ngata kgwedi kaofela.’ 22  Haeba ho ka hlajwa mehlape yohle ya dinku le ya dipodi le mehlape ya diphoofolo tse kgolo, na e tla se lekana? Le haeba ditlhapi tsohle tse lewatleng di ka tshwaswa, na di ka se lekana?” 23  Jehova a re ho Moshe: “Na Jehova a ka hloleha ho etsa ntho ee?*+ Jwale o tla bona hore na seo ke se buang se tla etsahala kapa tjhe.” 24  Ka hoo, Moshe a tswa mme a bolella setjhaba mantswe a Jehova. A bokella banna ba 70 ho baholo ba setjhaba mme a ba emisa ho potoloha tente ya pokano.+ 25  Jwale Jehova a theoha a le lerung,+ a bua le yena+ yaba o nka o mong wa moya o halalelang+ o neng o le ho yena mme o o beha ho baholo ba 70 kaofela. Eitse hang ha moya o theohela ho bona, ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta*+ empa ha ba a ka ba etsa jwalo hape. 26  Ho ne ho ena le banna ba babedi ba neng ba setse diahelong. Lebitso la e mong e le Eldade mme la e mong e le Medade. Moya o halalelang wa qala ho theohela ho bona ka ha ba ne ba le hara bao mabitso a bona a neng a ngotswe fatshe empa ba ne ba sa ya tenteng ya pokano. Ka hoo, ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta diahelong. 27  Mohlankana e mong a matha mme a tlalehela Moshe a re: “Eldade le Medade ba itshwere jwalo ka baprofeta diahelong!” 28  Jwale Joshua+ mora wa Nune, ya ileng a sebeletsa Moshe ho tloha e sa le mohlankana, a arabela a re: “Moshe morenaka, ba thibe!”+ 29  Empa Moshe a re ho yena: “O se ke wa tshwenyeha ka nna hobane ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta le hore Jehova a behe moya wa hae ho bona.” 30  Ha morao Moshe a kgutlela diahelong ha mmoho le baholo ba Iseraele. 31  Moya o tswang ho Jehova wa foka ka matla mme wa kganna dikwekwe* ho tloha lewatleng, wa di dihela hohle ho potoloha diahelo.+ Boholo ba sebaka seo di neng di se kwahetse ka mahlakoreng ohle a diahelo e ne e ka ba leeto la letsatsi mme di ne di tletse hoo di neng di ka etsa mithara* ho tloha fatshe. 32  Ka hoo, setjhaba sa ema letsatsi leo lohle le bosiu bohle le letsatsi lohle le hlahlamang mme sa bokella dikwekwe. Ha ho motho ya ileng a bokella tse ka tlase ho dinkgo tse leshome tse kgolohadi* mme ba nna ba di ala fatshe ho potoloha diahelo ka hohle. 33  Empa ha nama e ne e sa ntse e le pakeng tsa meno a bona, le pele ba ka e hlafuna, Jehova a halefela setjhaba seo haholo yaba Jehova o qala ho bolaya setjhaba ka polao e kgolo haholo.+ 34  Ka hoo, ba reha sebaka seo lebitso la Kibrothe-hatava*+ hobane ke moo setjhaba se meharo se ileng sa patwa teng.+ 35  Setjhaba sa tloha Kibrothe-hatava sa ya Hazerothe mme sa dula Hazerothe.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Ho Tjha” e leng ho tuka.
E leng batho bao e seng Baiseraele.
Ke mofuta wa eiye.
Ka Seheberu: “deliame.”
Kapa: “mohlokomedi wa monna.”
Kapa: “ho fihlela e tswa dinkong tsa lona.”
E leng banna ba neng ba ka ya ntweng.
Ka Seheberu: “Na letsoho la Jehova le lekgutshwanyane?”
Kapa: “ba qala ho profeta.”
Dinonyana tse nyenyane tse tenya.
Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dihomere tse leshome.” Homere e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.
E bolelang “Dibaka Tsa Lepato Tsa Takatso.”