Numere 12:1-16

  • Miriame le Arone ba bua Moshe hampe (1-3)

    • Moshe o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle (3)

  • Jehova o buella Moshe (4-8)

  • Miriame o otlwa ka lepera (9-16)

12  Miriame le Arone ba qala ho bua Moshe hampe ka lebaka la mosadi wa Mokushe eo Moshe a ileng a mo nyala.+  Ba ne ba re: “Na Jehova o bua a sebedisa Moshe feela? Na ha a bue a sebedisa le rona?”+ Jehova o ne a mametse.+  Monna enwa Moshe, o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle*+ ba teng lefatsheng.  Kapele Jehova a re ho Moshe le Arone le Miriame: “Tsamayang, ka boraro ba lona, le ye tenteng ya pokano.” Ka hoo, ba tsamaya ha mmoho ba le bararo.  Jehova a theoha a le lerung*+ yaba o ema monyako wa tente mme o bitsa Arone le Miriame. Yaba ba tla ba le babedi.  Jwale Modimo a re: “Ke kopa le mmamele. Haeba ho ne ho ena le moprofeta wa Jehova hara lona, ke ne ke tla itsebahatsa ho yena ponong+ mme ke ne ke tla bua le yena torong.+  Empa ha ho jwalo ka mohlanka wa ka Moshe. Setjhaba sohle* sa ka se hlokomelwa ke yena.*+  Ke bua le yena jwalo ka ha motho a bua le motho e mong,*+ ka tsela e hlakileng, eseng ka dilotho mme o bona ponahalo ya Jehova. Jwale ke hobaneng ha le sa ka la tshaba ho bua mohlanka wa ka Moshe hampe?”  Ka hoo, Jehova a ba halefela haholo mme a tloha pela bona. 10  Ha leru le tloha hodima tente, Miriame o ne a otlilwe ka lepera, a le mosweu jwalo ka lehlwa.+ Arone a sheba Miriame mme a bona hore o ne a otlilwe ka lepera.+ 11  Kapelepele Arone a re ho Moshe: “Ke a o kopa, morenaka! Ke kopa o se ke wa re tlohela hore re fuwe kotlo ka lebaka la sebe sena. Ntho eo re e entseng ke bowatla. 12  Ke kopa o se ke wa mo tlohela hore a dule a tshwana le ngwana ya hlahileng a shwele, eo karolo e nngwe ya nama ya hae e senyehileng.” 13  Moshe a hweletsa ho Jehova a re: “Ka kopo Modimo, mo fodise. Ke a o kopa hle!”+ 14  Jehova a re ho Moshe: “Haeba ntate wa hae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a tlotloloha ka matsatsi a supileng? Jwale a ke a behellwe ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng+ mme ka mora moo a ka kgutlisetswa diahelong.” 15  Ka hoo, Miriame a behellwa ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng+ mme setjhaba ha se a ka sa tsamaya ho fihlela Miriame a kgutliseditswe diahelong. 16  Ka mora moo, setjhaba sa tloha Hazerothe+ mme sa hloma ditente lefeelleng la Parane.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “o ne a ikokobeditse ho feta motho le ha e le ofe.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu: “Ntlo yohle.”
Ka Seheberu: “Ntlong yohle ya ka, o a tshepahala.”
Ka Seheberu: “molomo le molomo.”