Numere 13:1-33

  • Dihlwela tse 12 di romelwa Kanana (1-24)

  • Dihlwela tse leshome di fana ka tlaleho ya leshano (25-33)

13  Jehova a bua le Moshe a re:  “Roma banna hore ba yo hlwela* naha ya Kanana eo ke e fang Baiseraele. Le rome monna a le mong ho tswa lelokong le leng le le leng,+ eo e leng kgosana lelokong la habo.”+  Ka hoo, ha ba le lefeelleng la Parane,+ Moshe a ba roma ho ya ka taelo ya Jehova. Banna bao bohle e ne e le dihlooho tsa Baiseraele.  Ana ke mabitso a bona: Lelokong la Rubene e le Shamua mora wa Zakure,  lelokong la Simeone e le Shafate mora wa Hori,  lelokong la Juda e le Kalebe+ mora wa Jefune,  lelokong la Isakare e le Igale mora wa Josefa,  lelokong la Efraime e le Hoshea+ mora wa Nune,  lelokong la Benjamine e le Palti mora wa Rafu, 10  lelokong la Zabulone e le Gadiele mora wa Sodi, 11  lelokong la Josefa,+ bakeng sa leloko la Manase+ e le Gaddi mora wa Susi, 12  lelokong la Dane e le Amiele mora wa Gemali, 13  lelokong la Ashere e le Sethure mora wa Mikaele, 14  lelokong la Nefthali e le Nabi mora wa Vofsi, 15  lelokong la Gade e le Geuele mora wa Maki. 16  Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela* naha. Moshe a reha Hoshea mora wa Nune lebitso la Joshua.*+ 17  Ha Moshe a ba roma ho ya hlwela* naha ya Kanana, o ile a re ho bona: “Nyolohelang mane Negebe mme le nyolohele sebakeng se dithaba.+ 18  Le shebe hore na naha eo e jwang+ le hore na batho ba dulang ho yona ba matla kapa ba a fokola, ba mmalwa kapa ba bangata 19  le hore na naha eo e ntle kapa e mpe le hore na metse eo ba dulang ho yona e sireleditswe ka marako kapa tjhe. 20  Le shebe hore na naha eo e ruile* kapa e futsanehile*+ le hore na ho na le difate ho yona kapa tjhe. Le be sebete+ mme le nke tse ding tsa ditholwana tsa naha eo.” E ne e le nako eo morara wa pele o butswitseng ka yona.+ 21  Ka hoo, ba nyoloha mme ba hlwela* naha ho tloha lefeelleng la Zine+ ho ya Rehobe+ haufi le Lebo-hamathe.*+ 22  Ha ba nyolohela Negebe ba fihla Hebrone+ moo Akimane, Sheshai le Talmai,+ e leng Baanake+ ba neng ba dula teng. Hebrone e ne e hahilwe dilemo tse supileng pele ho Zowane ya Egepeta. 23  Ha ba fihla Kgohlong* ya Eshkole,+ ba kgaola lekala le nang le morara o mongata, leo banna ba babedi ba neng ba lokela ho le jara hodima palo ha mmoho le dikgarenate le difeie.*+ 24  Ba reha sebaka seo Kgohlo ya Eshkole*+ ka lebaka la morara o mongata oo Baiseraele ba o kgileng moo. 25  Ka mora matsatsi a 40+ ba kgutla ho tswa hlwela* naha. 26  Ka hoo, ba kgutlela ho Moshe le Arone le ho setjhaba sohle sa Baiseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba tlisa tlaleho ho setjhaba sohle mme ba se bontsha ditholwana tsa naha. 27  Ba tlalehela Moshe ba re: “Re kene naheng eo o re rometseng ho yona. E phalla lebese le mahe a dinotshi+ mme tsena ke ditholwana tsa yona.+ 28  Le ha ho le jwalo, batho ba dulang naheng eo ba matla mme metse ya bona e sireleditsweng ka marako e meholo haholo. Re bone le Baanake moo.+ 29  Baamaleke+ ba dula naheng ya Negebe+ mme Bahethe, Bajebuse+ le Baamore+ ba dula sebakeng se dithaba. Bakanana+ ba dula pela lewatle+ le pela Jordane.” 30  Jwale Kalebe a leka ho kgutsisa setjhaba ha se ntse se eme ka pela Moshe a re: “A re nyoloheng hanghang mme jwang kapa jwang re tla e hapa hobane re ka e hlola.”+ 31  Empa banna ba ileng ba nyoloha le yena ba re: “Re ke ke ra kgona ho lwantsha batho bao hobane ba matla ho re feta.”+ 32  Ba nna ba bolella Baiseraele dintho tse mpe+ ka naha eo ba tswang ho e hlwela* ba re: “Naha eo re tswang ho e hlahloba ke naha eo batho ba bolawang ho yona mme batho bohle bao re ba boneng ho yona ke batho ba boholo bo sa tlwaelehang.+ 33  Re bone Banefilime moo, bara ba Anake+ ba tswang ho* Banefilime. Ha re ipapisa le bona re ne re tshwana le ditsie.* Le bona ha ba re sheba ba ne ba bona re tshwana le ditsie.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”
Kapa: “hlahloba.”
Ka Seheberu: “e nonne.”
Ka Seheberu: “e otile.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
Kapa: “difeiga.”
E bolelang “Sehlopha sa Morara.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “hlahloba.”
Kapa: “ditloholo tsa.”
Kapa: “marutle.”