Numere 16:1-50

  • Kora, Dathane le Abirame ba fetohela Modimo (1-19)

  • Batho ba fetohetseng Modimo ba a ahlolwa (20-50)

16  Kora+ mora wa Izehare,+ mora wa Kohathe,+ mora wa Levi,+ a ema ha mmoho le Dathane le Abirame bara ba Eliabe+ le One mora wa Pelethe, wa bara ba Rubene.+  Ba hanyetsa Moshe, ba ena le banna ba 250 ba Baiseraele, dikgosana tsa setjhaba, ba kgethilweng hara phutheho, banna ba tsebahalang.  Ka hoo, ba bokana ho hanyetsa+ Moshe le Arone yaba ba re ho bona: “Re kgathetse ke lona! Setjhaba sohle se a halalela,+ kaofela ha sona mme Jehova o hara sona.+ Jwale ke hobaneng ha le iphahamisetsa phutheho ya Jehova?”  Ha Moshe a utlwa sena, hanghang a kgumama mme a inamela fatshe.  Jwale a re ho Kora le ho batshehetsi bohle ba hae: “Hoseng Jehova o tla tsebahatsa eo e leng wa hae+ le ya halalelang le ya dumelletsweng ho mo atamela+ mme motho eo a tla mo kgetha,+ o tla dumellwa ho atamela ho yena.  Le etse tjena: Wena Kora le batshehetsi bohle ba hao,+ nkang dipane tsa mollo+  le tshele mollo* ka hara tsona mme le tshele dibano ho tsona ka pela Jehova hosane. Motho eo Jehova a tla mo kgetha,+ ke yena ya halalelang. Lona bara ba Levi,+ jwale le se le fetelletse!”  Yaba Moshe o re ho Kora: “Ke kopa le mmamele lona bara ba Levi.  Na le nka e le ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele,+ o le dumelletse hore le atamele ho yena, e le hore le ka etsa tshebeletso ya tabernakele ya Jehova le ho ema ka pela setjhaba ho se sebeletsa?+ 10  Na le nka e le ntho e nyenyane hore ebe o entse hore lona ha mmoho le bana ba bo lona bohle, lona bara ba Levi, le atamele haufi le yena? Na le boetse le batla ho leka ho fumana boprista?+ 11  Ka lebaka leo, wena le batshehetsi bohle ba hao ba bokaneng le hanyetsa Jehova. Ha e le Arone, e ne e boetse e le mang hore le mo korotlele?”+ 12  Ha morao Moshe a romeletsa hore ho bitswe Dathane le Abirame+ bara ba Eliabe empa ba re: “Re ke ke ra tla! 13  Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi ho tla re bolaela lefeelleng?+ Na jwale o boetse o batla ho re busa ka ho feletseng?* 14  E kae naha e phallang lebese le mahe a dinotshi+ eo o itseng o tla re isa ho yona e le hore o re fe lefa la naha le serapa sa morara? Na o tla honya mahlo a banna bao? Re ke ke ra tla!” 15  Ka hoo, Moshe a halefa haholo mme a re ho Jehova: “O se ke wa amohela nyehelo ya bona ya dijo.* Ha ke a nka le ha e le tonki e le nngwe ya bona kapa ka lematsa le ya mong wa bona.”+ 16  Jwale Moshe a re ho Kora: “Hosane o itlhahise le batshehetsi bohle ba hao ka pela Jehova, wena le bona le Arone. 17  E mong le e mong a nke pane ya hae ya mollo mme a tshele dibano ka hara yona mme e mong le e mong a hlahise pane ya hae ya mollo ka pela Jehova, e be dipane tsa mollo tse 250. Wena ha mmoho le Arone le nke dipane tsa lona tsa mollo.” 18  Ka hoo, e mong le e mong wa bona a nka pane ya hae ya mollo mme ba tshela mollo* le dibano ka hara tsona yaba ba ema monyako wa tente ya pokano ha mmoho le Moshe le Arone. 19  Ha Kora a se a bokeletse batshehetsi+ ba hae ho tla hanyetsana le Moshe le Arone monyako wa tente ya pokano, kganya ya Jehova ya bonahala ho setjhaba sohle.+ 20  Jwale Jehova a re ho Moshe le Arone: 21  “Ikaroleng ho sehlopha sena e le hore ke se fedise hanghang.”+ 22  Ka hoo, ba kgumama mme ba inamisa dihlooho, ba re: “Oho hle Modimo, wena ya fanang ka bophelo ho batho bohle,+ na sebe sa motho a le mong se tla etsa hore o halefele setjhaba sohle?”+ 23  Yaba Jehova o re ho Moshe: 24  “Bua le setjhaba mme o re ho sona, ‘Tlohang ditenteng tsa Kora, Dathane le Abirame!’”+ 25  Moshe a ema a ya ho Dathane le Abirame. Baholo+ ba Iseraele ba ya le yena. 26  A re ho setjhaba: “Ke kopa le tlohe pela ditente tsa banna bana ba kgopo mme le se ke la thetsa ntho le ha e le efe ya bona e le hore le se ke la fediswa ka lebaka la dibe tsa bona.” 27  Kapelepele ba tloha pela ditente tsa Kora, Dathane le Abirame ka mahlakoreng ohle. Yaba Dathane le Abirame ba a tswa mme ba ema menyako ya ditente tsa bona ha mmoho le basadi ba bona, bara ba bona le bana ba bona ba banyenyane. 28  Jwale Moshe a re: “Le tla tseba ka sena hore Jehova o nthometse ho etsa dintho tsena tsohle le hore ha di itswele pelong ya ka:* 29  Haeba batho bana ba shwa ka tsela e tlwaelehileng jwalo ka batho ba bang kaofela mme haeba ba fuwa kotlo e tshwanang le ya batho bohle, jwale etlaba ha ke a rongwa ke Jehova.+ 30  Empa haeba Jehova a etsa ntho e sa tlwaelehang ka bona mme lefatshe le buleha* le ba kwenya ha mmoho le ntho e nngwe le e nngwe ya bona mme ba theohela Lebitleng* ba ntse ba phela, le tla tseba hore banna bana ba hlomphollotse Jehova.” 31  Hang ha a qeta ho bua mantswe ana ohle, lefatshe le tlasa bona la petsoha.+ 32  Lefatshe la buleha* mme la ba kwenya ha mmoho le malapa a bona, batho bohle ba Kora+ le thepa yohle ya bona. 33  Ka hoo, bona ha mmoho le bohle ba neng ba ba tshehetsa ba theohela Lebitleng* ba phela, lefatshe la ba kwahela mme ba ile ba fediswa hara phutheho.+ 34  Baiseraele bohle ba neng ba ba potolohile ba baleha ha ba utlwa ba hweletsa. Ba ne ba re: “Re tshaba hore lefatshe le ka tloha la re kwenya!” 35  Yaba ho ba le mollo o tswang ho Jehova+ mme wa tjhesa banna ba 250 ba neng ba nyehela dibano.+ 36  Jehova a re ho Moshe: 37  “Bolella Eleazare mora wa moprista Arone hore a ntshe dipane tsa mollo+ ka hara mollo hobane di a halalela. Hape o mo bolelle hore a qhalle mollo* oo hole. 38  Dipane tsa mollo tsa banna bao ba entseng sebe yaba ba a shwa, di etswe masenke a masesaane a tla manehwa aletareng+ hobane ba di hlahisitse ka pela Jehova mme di ile tsa halalela. E lokela ho ba pontsho ho Baiseraele.”+ 39  Ka hoo, moprista Eleazare a nka dipane tsa mollo tsa koporo tse neng di hlahisitswe ke ba ileng ba tjheswa mme a di tula bakeng sa ho di manamisa aletareng 40  feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile le yena ka Moshe. E ne e le ntho e hopotsang Baiseraele hore motho ya sa dumellwang* ha a lokela ho atamela hore a tjhese dibano ka pela Jehova,+ le hore ho se ke ha eba le motho ya tshwanang le Kora le batshehetsi ba hae.+ 41  Letsatsing le hlahlamang, Baiseraele kaofela ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ba re: “Lona ba babedi, le bolaile batho ba Jehova.” 42  Ha batho ba se ba bokane ha mmoho ba hanyetsana le Moshe le Arone, ba sheba tente ya pokano mme e ne e kwahetswe ke leru yaba kganya ya Jehova e a bonahala.+ 43  Moshe le Arone ba ya ka pela tente ya pokano+ 44  mme Jehova a re ho Moshe: 45  “Tlohang hara batho bana e le hore ke ba fedise hanghang.”+ Ha ba utlwa sena ba kgumama mme ba inamisa dihlooho.+ 46  Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka pane ya mollo mme o tshele mollo* o tswang aletareng+ ka ho yona. O tshele dibano hodima wona ebe o ya ho setjhaba ka potlako, o se etsetse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe+ hobane Jehova o halefile haholo. Bolwetse bo kotsi bo qadile!” 47  Hanghang Arone a e nka feela jwalo ka ha Moshe a ne a buile mme a mathela hara phutheho. Bolwetse bo ne bo se bo qadile hara setjhaba. Ka hoo, a tshela dibano ka hara pane ya mollo mme a etsetsa setjhaba sehlabelo sa tshwarelo ya dibe. 48  A ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang mme qetellong bolwetse bo bolayang ba fela. 49  Batho ba ileng ba bolawa ke bolwetse boo ba ne ba le 14 700, ntle le batho ba shweleng ka lebaka la Kora. 50  Qetellong ha Arone a kgutlela ho Moshe monyako wa tente ya pokano, bolwetse bo bolayang bo ne bo fedile.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Mohlomong ke mashala a tjhesang.
Kapa: “ho re laola.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Mohlomong ke mashala a tjhesang.
Kapa: “ha ke etse se batlwang ke nna.”
Ka Seheberu: “le bula molomo wa lona.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “la ahlamisa molomo wa lona.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Mona ho buuwa ka mashala kapa molora o neng o setse pela dipane kapa ka hara tsona.
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
Mohlomong ke mashala a tjhesang.