Numere 18:1-32

  • Mesebetsi ya baprista le Balevi (1-7)

  • Dintho tse neng di fuwa baprista (8-19)

    • Selekane sa letswai (19)

  • Balevi ba ne ba lokela ho fuwa karolo ya leshome, le bona ba ne ba lokela ho fana ka yona (20-32)

18  Jehova a re ho Arone: “Wena le bara ba hao ha mmoho le ditloholo tsa hao le tla ikarabella ka diphoso tse etswang sehalalelong+ mme wena le bara ba hao le tla ikarabella ka diphoso tse tla etsahala mosebetsing wa lona wa boprista.+  Hape o atametse bana beno ba leloko la Levi, leloko la ntate wa hao e le hore ba o thuse mme ba sebeletse wena+ le bara ba hao ka pela tente ya Bopaki.+  Ba tla etsa mosebetsi oo o ba fang wona ha mmoho le mosebetsi o amanang le tshebeletso yohle ya tente.+ Le ha ho le jwalo, ba se ke ba atamela disebediswa tsa sebaka se halalelang le aletare e le hore wena le bona le se ke la shwa.+  Ba tla o thusa mme ba etse mesebetsi ya bona e amanang le tente ya pokano le tshebeletso yohle ya tente. Motho ya sa dumellwang* a se ke a le atamela.+  Le etse mosebetsi wa lona wa sebaka se halalelang+ le wa aletare+ e le hore ke se ke ka halefela+ batho ba Iseraele le ho feta.  Ke nkile bana ba bo lona, e leng Balevi, hara Baiseraele e le mpho ya lona.+ Ba filwe Jehova hore ba etse tshebeletso ya tente ya pokano.+  Boikarabelo ba hao le ba bara ba hao ke ho etsa mesebetsi ya lona ya boprista e amanang le aletare le se ka hara kgaretene.+ Le lokela ho etsa tshebeletso ena.+ Ke le file tshebeletso ya boprista e le mpho. Motho ya sa dumellwang* ya tla atamela sehalalelo, o tla bolawa.”+  Jehova a tswela pele ho bua le Arone a re: “Ke o fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetswang.+ Ke file wena le bara ba hao karolo ya dintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+  Ho dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse tjheswang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Dinyehelo tsohle tseo ba di etsang, ho akarelletsa le dinyehelo tsa bona tsa dijo*+ le dinyehelo tsa bona tsa sebe+ le dinyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla di tlisa ho nna. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao. 10  O e jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa.+ Bohle ba batona ba ka e ja. E tla ba ntho e halalelang ho wena.+ 11  Dintho tsena le tsona ke tsa hao: Dimpho tseo ba fanang ka tsona+ ha mmoho le dinyehelo tsohle tse tsokwang+ tsa Baiseraele. Ke di file wena le bara ba hao le baradi ba hao e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ E mong le e mong ya hlwekileng ka tlung ya hao a ka di ja.+ 12  Dihlahiswa tsa bona tsa pele tseo ba di fang Jehova tsa oli yohle e ntlehadi,+ veine yohle e ntjha e monate ka ho fetisisa le koro,* ke o fa tsona.+ 13  Dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa dintho tsohle tse tswang naheng ya bona tseo ba tla di tlisa ho Jehova, e tla ba tsa hao.+ E mong le e mong ya hlwekileng ka tlung ya hao a ka di ja. 14  Ntho e nngwe le e nngwe e nehetsweng ho Modimo Iseraeleng* ke ya hao.+ 15  Letsibolo le leng le le leng la dintho tsohle tse phelang+ leo ba le hlahisang ho Jehova, ebang ke la motho kapa la phoofolo, e tla ba la hao. Le ha ho le jwalo, o lopolle matsibolo+ a batho le matsibolo a diphoofolo tse sa hlwekang.+ 16  O lopolle matsibolo ao ka tefo ya topollo ha a ena le kgwedi ho ya hodimo, ka tefo e lekantsweng ya dikramo tse 57* tsa silevera,+ ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.* Tekanyo e sebediswang e lekana le dikramo tse ka bang 11.* 17  Ke feela letsibolo la poho kapa letsibolo la konyana e tona kapa letsibolo la podi leo o sa lokelang ho le lopolla.+ Ke dintho tse halalelang. O fafatse madi a tsona aletareng+ mme o etse hore mafura a tsona a kubelle e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+ 18  Nama ya tsona e lokela ho ba ya hao jwalo ka sefuba sa nyehelo e tsokwang le jwalo ka leoto le letona.+ 19  Menehelo yohle e halalelang eo Baiseraele ba tla e nehela ho Jehova,+ ke o file yona le bara ba hao le baradi ba hao e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ Ke selekane sa letswai* se tla dula se le teng ka pela Jehova bakeng sa hao ha mmoho le bana ba hao.” 20  Jehova a re ho Arone: “O ke ke wa ba le lefa naheng ya bona mme ha ho karolo ya naha ya bona eo e tla ba ya hao.+ Ke nna karolo ya hao le lefa la hao hara Baiseraele.+ 21  Ke file bara ba Levi karolo e nngwe le e nngwe ya leshome+ Iseraeleng e le lefa bakeng sa tshebeletso eo ba e etsang, e leng tshebeletso ya tente ya pokano. 22  Batho ba Iseraele ba se ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, ho seng jwalo ba tla ba le sebe mme ba tla shwa. 23  Balevi ba etse tshebeletso ya tente ya pokano. Ke bona ba tla arabella diphoso tsa batho ba Iseraele.+ Taelo ya hore ha ba a lokela ho ba le lefa hara Baiseraele, e tla dula e le teng melokong yohle ya lona.+ 24  Lefa leo ke le fileng Balevi ke karolo ya leshome eo batho ba Iseraele ba faneng ka yona, eo ba tla e fa Jehova. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bona, ‘Ha ba a lokela ho ba le lefa hara Baiseraele.’”+ 25  Yaba Jehova o re ho Moshe: 26  “O re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ya leshome eo ke le fileng yona bakeng sa lefa la lona+ mme ho tswa karolong eo ya leshome le lokela ho nehela karolo ya leshome e le monehelo ho Jehova.+ 27  E tla nkwa e le monehelo wa lona, jwalo ka ha eka ke koro* ya seotlong+ kapa dihlahiswa tse feletseng tsa sehatelo sa veine kapa sa oli. 28  Ka tsela ena le lona le tla fana ka monehelo ho Jehova bakeng sa dikarolo tsohle tsa leshome tseo le di amohelang ho Baiseraele mme ho tswa ho tsona le lokela ho fana ka monehelo bakeng sa Jehova o yang ho moprista Arone. 29  Le nehele ho Jehova monehelo wa mofuta o mong le o mong ho tswa ho dimpho tsohle tse ntlehadi tseo le di filweng+ e le ntho e halalelang.’ 30  O re ho bona, ‘Ha le fana ka tse ntlehadi tsa tsona, tse salang e tla ba tsa lona Balevi jwalo ka ha eka ke dihlahiswa tsa seotlo sa lona le dihlahiswa tsa sehatelo sa lona sa veine kapa sa oli. 31  Lona le ba ntlo ya lona le ka di jella sebakeng se seng le se seng hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebeletso ya lona eo le e etsang tenteng ya pokano.+ 32  Le ke ke la ba le sebe ho sena ha feela le nehela tse ntlehadi tsa tsona mme le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa Baiseraele, ho seng jwalo le tla shwa.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
E leng ntho e nngwe le e nngwe e halaleditsweng ho Modimo ka hore e nehelwe ho Modimo hoo e ke keng ya kgutla.
Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “kgathollang.”
E leng selekane se tla dula se le teng le se sa fetoheng.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.