Numere 2:1-34

  • Diahelo di hlophiswa ho ya ka maloko a mararo (1-34)

    • Leloko la Juda le hloma ditente ka botjhabela (3-9)

    • Leloko la Rubene le hloma ditente ka borwa (10-16)

    • Balevi ba hloma ditente tsa bona bohareng (17)

    • Leloko la Efraime le hloma ditente ka bophirimela (18-24)

    • Leloko la Dane le hloma ditente ka leboya (25-31)

    • Palo ya banna bohle ba ngodisitsweng (32-34)

2  Jehova a bua le Moshe le Arone, a re:  “Baiseraele ba hlome ditente tsa bona moo sehlopha sa bona sa maloko a mararo+ se abetsweng ho dula teng. Motho e mong le e mong a be pela letshwao la moholoholo wa hae. Ba hlome ditente tsa bona hore di potolohe tente ya pokano mme di shebe ka ho yona.  Ba hlomang ditente tsa bona ka botjhabela, e be sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Juda ho ya ka dihlopha tsa bona.* Kgosana ya bara ba Juda ke Nashone+ mora wa Aminadabe.  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 74 600.+  Leloko la Isakare le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora wa Zuare.  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+  Pela hae e tla ba leloko la Zabulone. Kgosana ya bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora wa Helone.  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 57 400.+  Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Juda ke ba 186 400. Ba tlohe pele.+ 10  Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Rubene+ se be ka borwa ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Rubene ke Elizure+ mora wa Shedeure. 11  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 46 500.+ 12  Leloko la Simeone le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora wa Zurishadai. 13  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 59 300.+ 14  Pela hae e be leloko la Gade. Kgosana ya bara ba Gade ke Eliasafe+ mora wa Reuele. 15  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 45 650.+ 16  Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Rubene ke ba 151 450. E be ba bobedi ba ho tloha.+ 17  Ha tente ya pokano e tloswa,+ ditente tsa Balevi di be bohareng ba ditente tse ding. Ba tsamaye ka tsela e tshwanang le eo ba hlomang ditente ka yona,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ya ka dihlopha tsa bona tsa maloko a mararo. 18  Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Efraime ke Elishama+ mora wa Amihude. 19  Ba ngodisitsweng lebothong la hae ke ba 40 500.+ 20  Pela hae e be leloko la Manase.+ Kgosana ya bara ba Manase ke Gamaliele+ mora wa Pedazure. 21  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 32 200.+ 22  Pela hae e be leloko la Benjamine. Kgosana ya bara ba Benjamine ke Abidane+ mora wa Gideoni. 23  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 35 400.+ 24  Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Efraime ke ba 108 100. E be ba boraro ba ho tloha.+ 25  Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Dane se be ka leboya ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Dane ke Akiezere+ mora wa Amishadai. 26  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+ 27  Leloko la Ashere le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Ashere ke Pagiele+ mora wa Okrane. 28  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 41 500.+ 29  Pela hae e be leloko la Nefthali. Kgosana ya bara ba Nefthali ke Ahira+ mora wa Enane. 30  Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 53 400.+ 31  Bohle ba ngodisitsweng ditenteng tsa Dane ke ba 157 600. E be ba ho qetela ba ho tloha+ ho ya ka dihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.” 32  Bana ke Baiseraele ba neng ba ngodisitswe ho ya ka mabitso a baholoholo ba bona. Bohle ba ditenteng ba ngodisitsweng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+ 33  Empa Balevi ha ba a ka ba ngodiswa+ ha mmoho le Baiseraele ba bang+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 34  Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ena ke tsela eo ka yona ba neng ba hloma ditente dihlopheng tsa bona tsa maloko a mararo+ ebile ke tsela eo ba neng ba tloha ka yona,+ e mong le e mong ho ya ka lelapa la habo le ho ya ka mabitso a baholoholo ba hae.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”
Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”
Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”
Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”