Numere 20:1-29

  • Miriame o shwella Kadeshe (1)

  • Moshe o otla lefika mme o etsa sebe (2-13)

  • Baedomo ba hana ha Baiseraele ba feta (14-21)

  • Lefu la Arone (22-29)

20  Ka kgwedi ya pele, setjhaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Zine mme sa dula Kadeshe.+ Ke hona moo Miriame+ a ileng a shwella teng mme a patwa teng.  Jwale ho ne ho se na metsi bakeng sa setjhaba+ yaba se ikopanya hore se hanyetse Moshe le Arone.  Setjhaba sa qabana le Moshe+ sa re: “Hoja ra shwa ha bana ba bo rona ba ne ba shwella ka pela Jehova.  Ke hobaneng ha le tlisitse phutheho ya Jehova lefeelleng lee hore re tlo shwella moo le diphoofolo tsa rona?+  Ke hobaneng ha le re ntshitse Egepeta la re tlisa sebakeng see se sebe?+ Ha se sebaka seo re ka lemang peo ho sona, difeie,* difate tsa morara le dikgarenate ebile ha ho na metsi a nowang.”+  Moshe le Arone ba tloha ka pela phutheho ba tla monyako wa tente ya pokano, ba fihla ba kgumama ba inamisitse dihlooho yaba kganya ya Jehova e qala ho bonahala ho bona.+  Yaba Jehova o re ho Moshe:  “Nka molamu ebe wena le abuti wa hao Arone le bokella setjhaba. Le bue le lefika e le hore le fane ka metsi setjhaba se ntse se shebile. Metsi a tla tswa lefikeng, le a fe setjhaba le diphoofolo tsa sona e le hore di nwe.”+  Ka hoo, Moshe a nka molamu ka pela Jehova+ feela jwalo ka ha a ne a mo laetse. 10  Yaba Moshe le Arone ba bitsetsa phutheho ka pela lefika. Moshe a re ho yona: “Mamelang lona marabele! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?”+ 11  Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habedi ka molamu wa hae. Metsi a tswa a le mangata yaba setjhaba se nwa metsi le diphoofolo tsa sona.+ 12  Ha morao Jehova a re ho Moshe le Arone: “Ka ha ha le a ka la bontsha tumelo ho nna le ho nkgalaletsa ka pela setjhaba sa Iseraele, le ke ke la kenya phutheho ena naheng eo ke tla e fa yona.”+ 13  Ana ke metsi a Meriba*+ moo Baiseraele ba ileng ba qabana le Jehova, hoo a ileng a ikgalaletsa hara bona. 14  Ka mora moo, Moshe a romela baromuwa hore ba ye ho morena wa Edomo+ ha ba le Kadeshe ba re: “Ngwaneno Iseraele+ o re, ‘O tseba hantle ditsietsi tsohle tse re hlahetseng. 15  Bontate ba rona ba ile ba ya Egepeta+ mme ra dula Egepeta ka dilemo* tse ngata+ mme Baegepeta ba re tshwara hampe le bontate ba rona.+ 16  Qetellong ra hweletsa ho Jehova+ yaba o a re utlwa mme a romela lengeloi+ ho re ntsha Egepeta mme ke rona bana re Kadeshe, motse o qetellong ya naha ya hao. 17  Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao. Re ke ke ra feta hara masimo a hao kapa hara dirapa tsa hao tsa morara ebile re ke ke ra nwa metsi a didiba tsa hao. Re tla tsamaya Tseleng ya Morena* re sa kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi ho fihlela re fetile naheng ya hao.’”+ 18  Le ha ho le jwalo, morena wa Edomo a re ho bona: “Le se ke la feta naheng ya ka. Haeba le ka feta ke tla le hlasela.” 19  Baiseraele ba re ho yena: “Re tla nyoloha ka tsela e kgolo mme haeba rona le diphoofolo tsa rona re nwa metsi a hao, re tla a patala.+ Ha re batle letho le leng haese hore re fete re itsamaela ka maoto.”+ 20  Ho ntse ho le jwalo a re: “Le se ke la feta.”+ Yaba morena wa Edomo o a tswa ho tla kopana le bona a ena le batho ba bangata le lebotho la sesole* le matla. 21  Morena wa Edomo a hana ho dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ka hoo Baiseraele ba mo tlohela.+ 22  Setjhaba sohle sa Iseraele sa tloha Kadeshe mme sa fihla Thabeng ya Hore.+ 23  Ha Moshe le Arone ba le Thabeng ya Hore, qetellong ya naha ya Edomo, Jehova a re ho bona: 24  “Arone o tla shwa.*+ A ke ke a kena naheng eo ke tla e fa Baiseraele hobane ka bobedi ba lona le fetohetse taelo ya ka mabapi le metsi a Meriba.+ 25  Nka Arone le mora wa hae Eleazare mme o ba nyollele Thabeng ya Hore. 26  O hlobodise Arone diaparo*+ tsa hae o di apese mora wa hae Eleazare+ mme Arone o tla shwella moo.” 27  Ka hoo, Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse mme ba hlwa Thaba ya Hore setjhaba sohle se ba shebile. 28  Jwale Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae mme a di apesa mora wa hae Eleazare. Ka mora moo, Arone a shwella moo ka hodima thaba.+ Yaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng. 29  Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, Baiseraele bohle ba llela Arone ka matsatsi a 30.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “difeiga.”
E bolelang “Ho Qabana.”
Ka Seheberu: “matsatsi.”
E leng tsela e kgolo.
Ka Seheberu: “le letsoho.”
Ka Seheberu: “o tla nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.
E leng tsa boprista.