Numere 22:1-41

  • Balake o hira Balame (1-21)

  • Tonki ya Balame e a bua (22-41)

22  Baiseraele ba tsamaya mme ba hloma ditente tsa bona lehwatateng la Moabe ka pela Jordane ba shebane le Jeriko.+  Balake+ mora wa Zipore a bona sohle seo Baiseraele ba neng ba se entse Baamore  mme Bamoabe ba tshoha setjhaba seo haholo hobane se ne se le sengata. Bamoabe ba ne ba thothomela ke tshabo ka lebaka la Baiseraele.+  Ka hoo, Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane:+ “Setjhaba sena se tla qeta dibaka tsohle tsa rona tse re potolohileng feela jwalo ka ha poho e qeta jwang bo naheng.” Balake mora wa Zipore e ne e le morena wa Moabe ka nako eo.  A romela baromuwa hore ba bitse Balame mora wa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pela Noka* e naheng ya habo a re: “Ho na le setjhaba se tswileng Egepeta. Se kwahetse lefatshe*+ mme se dutse ka pela ka.  Jwale ka kopo, tloo o bitsetse setjhaba sena bomadimabe bakeng sa ka+ ka ha se matla ho mpheta. Mohlomong nka se hlola mme ke se leleke naheng hobane ke tseba hantle hore eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse mme eo o mo bitsetsang bomadimabe o welwa ke bomadimabe.”  Ka hoo, baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tsamaya ba nkile tefo ya bonohe matsohong a bona mme ba ya ho Balame+ yaba ba mo bolella molaetsa wa Balake.  Yaba o re ho bona: “Dulang mona bosiung bona mme ke tla le bolella lentswe le ha e le lefe leo Jehova a mpolellang lona.” Ka hoo, dikgosana tsa Moabe tsa dula le Balame.  Jwale Modimo a tla ho Balame mme a re:+ “Banna baa ba nang le wena ke bomang?” 10  Balame a re ho Modimo wa nnete: “Balake mora wa Zipore, morena wa Moabe, o rometse molaetsa ho nna a re, 11  ‘Setjhaba se tswang Egepeta se kwahetse lefatshe.* Jwale tloo mme o se bitsetse bomadimabe bakeng sa ka.+ Mohlomong nka kgona ho se lwantsha mme ke se leleke.’” 12  Empa Modimo a re ho Balame: “O se ke wa tsamaya le bona. O se ke wa bitsetsa setjhaba seo bomadimabe hobane se hlohonolofaditswe.”+ 13  Balame a tsoha hoseng mme a re ho dikgosana tsa Balake: “Kgutlelang naheng ya habo lona hobane Jehova o hanne ha ke tsamaya le lona.” 14  Ka hoo, dikgosana tsa Moabe tsa tsamaya mme tsa kgutlela ho Balake yaba di re: “Balame o hanne ho tla le rona.” 15  Le ha ho le jwalo, Balake a boela a romela dikgosana, a romela tse ngata le tse hlomphehang ho feta tsa pele. 16  Tsa fihla ho Balame mme tsa re ho yena: “Balake mora wa Zipore o itse, ‘Ke kopa hore o se ke wa dumella letho ho o thibela ho tla ho nna 17  hobane ke tla o fa moputso o moholo mme ke tla etsa ntho le ha e le efe eo o reng ke e etse. Ka hoo, ka kopo tloo mme o bitsetse setjhaba sena bomadimabe bakeng sa ka.’” 18  Empa Balame a araba bahlanka ba Balake a re: “Le haeba Balake a ne a ka mpha ntlo ya hae e tletseng silevera le kgauta, ke ne nke ke ka etsa letho leo Jehova Modimo wa ka a sa ntaelang hore ke le etse ebang e le ntho e nyenyane kapa e kgolo.+ 19  Empa ka kopo le lona salang mona bosiung bona, e le hore ke tle ke utlwe hore na keng hape eo Jehova a tla mpolella yona.”+ 20  Jwale Modimo a tla ho Balame bosiu yaba o re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, tsamaya le bona. Empa o bue feela mantswe ao ke tla o bolella ona.”+ 21  Ka hoo, Balame a tsoha hoseng mme a qhaneha tonki* ya hae yaba o tsamaya le dikgosana tsa Moabe.+ 22  Empa Modimo a halefa haholo hobane Balame o ne a tsamaya mme lengeloi la Jehova la ema tseleng ho mo thibela. Balame o ne a palame tonki ya hae mme a ena le bahlanka ba hae ba babedi. 23  Ha tonki e bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tshwere sabole, ya leka ho kgeloha tsela hore e ye tshimong. Empa Balame a qala ho otla tonki eo hore a e kgutlisetse tseleng. 24  Yaba lengeloi la Jehova le ema tseleng e tshesaane e pakeng tsa dirapa tse pedi tsa morara, e neng e ena le marako a majwe ka mahlakoreng a mabedi. 25  Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ya qala ho ipetelletsa lerakong mme ya petelletsa leoto la Balame lerakong yaba Balame o e otla hape. 26  Lengeloi la Jehova la boela la feta mme la ema sebakeng se patisaneng moo ho seng tsela ya ho kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. 27  Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ya botha Balame a ntse a e palame. Ka hoo, Balame a halefa haholo mme a nna a e otla ka molamu wa hae. 28  Qetellong Jehova a etsa hore tonki eo e bue*+ yaba e re ho Balame: “Ke o entseng hore o nkotle ka makgetlo aa a mararo?”+ 29  Balame a araba tonki eo a re: “Ke hobane o nkentse sethoto. Hoja ke ne ke ena le sabole letsohong la ka, ke ne ke tla o bolaya.” 30  Jwale tonki ya re ho Balame: “Na ha ke tonki ya hao eo o e palameng bophelo bohle ba hao ho fihlela letsatsing lee? Na ho na le mohla nkileng ka o etsa tjee?” Yaba o re: “Tjhe!” 31  Jwale Jehova a tutubolla mahlo a Balame+ mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tshwere sabole. Hanghang a kgumama mme a inamisa hlooho. 32  Lengeloi la Jehova la re ho yena: “Ke hobaneng ha o otlile tonki ya hao ka makgetlo aa a mararo? Ke tlo o thiba hobane ntho eo o e etsang ha e dumellane le thato ya ka.+ 33  Tonki e ile ya mpona mme ya leka ho nqoba ka makgetlo ana a mararo.+ Hoja ya se ke ya nqoba, hona jwale nka be ke o bolaile empa yona ke e tlohetse hore e phele.” 34  Balame a re ho lengeloi la Jehova: “Ke entse sebe hobane ke ne ke sa tsebe hore ke wena ya emeng tseleng ho nkgahlanyetsa. Empa haeba o sa batle hore ke tsamaye, ke tla kgutla.” 35  Empa lengeloi la Jehova la re ho Balame: “Tsamaya le banna bana empa o bue feela mantswe ao ke tla o bolella ona.” Ka hoo, Balame a tswela pele ho tsamaya le dikgosana tsa Balake. 36  Ha Balake a utlwa hore Balame o tlile, hanghang a tswa ho ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o lebopong la Arnone moeding wa naha. 37  Balake a re ho Balame: “Na ha ke a roma batho hore ba o bitse? Ke hobaneng ha o sa tla ho nna? Na o ne o nahana hore nke ke ka kgona ho o lefa moputso o moholo?”+ 38  Balame a re ho Balake: “Ke tlile ho wena. Empa na ke tla dumellwa ho bua ntho le ha e le efe eo ke batlang ho e bua? Ke tla bua feela mantswe ao Modimo a reng ke a bue.”+ 39  Ka hoo, Balame a tsamaya le Balake mme ba fihla Kiriathe-huzothe. 40  Balake a etsa mahlabelo a dikgomo le dinku mme a romela a mang ho Balame le ho dikgosana tseo a neng a ena le tsona. 41  Hoseng Balake a nka Balame mme a mo tlisa Bamothe-baale. Ha a le moo o ne a ka kgona ho bona setjhaba sohle.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho ka etsahala hore ke Eufrate.
Kapa: “naha.”
Kapa: “naha.”
Ka Seheberu: “tonki e tshehadi.”
Ka Seheberu: “a bula molomo wa tonki eo e tshehadi.”