Numere 23:1-30

  • Maele a pele a Balame (1-12)

  • Maele a bobedi a Balame (13-30)

23  Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona+ mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.”  Kapelepele Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse. Yaba Balake le Balame ba nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+  Balame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso, nna ke tsamaye. Mohlomong Jehova o tla bua le nna. Ntho le ha e le efe eo a tla mpontsha yona, ke tla o bolella yona.” Ka hoo, a ya leralleng le se nang letho.  Modimo a kopana le Balame+ mme Balame a re ho yena: “Ke hlophisitse dialetare tse supileng mme ke nyehetse poho le ramo aletareng ka nngwe.”  Jehova a laela Balame hore na a reng,+ a re: “Kgutlela ho Balake mme o bue mantswe ana.”  Ka hoo, a kgutla mme a bona hore Balake le dikgosana tsohle tsa Moabe di ne di eme pela nyehelo ya hae ya setjheso.  Jwale Balame a bua maele ana a reng:+ “Balake morena wa Moabe o ntlositse Arame,+Ho tloha dithabeng tsa botjhabela: ‘Tloo o bitsetse Jakobo bomadimabe bakeng sa ka. Tloo o nyatse Iseraele.’+   Ke jwang nka bitsetsang bomadimabe bao Modimo a sa ba bitsetsang bomadimabe? Ke jwang nka nyatsang bao Jehova a sa ba nyatsang?+   Ke ba bona ke le hodima mafika,Ke ba bona ke le maralleng. E le setjhaba ba dula moo ba le bang,+Ha ba ipalelle hara ditjhaba.+ 10  Ke mang ya ka balang lerole la Jakobo+Kapa ya ka balang le ha e ka ba kotara ya batho ba Iseraele? Ere nke ke shwe lefu la ba lokilengMme qetello ya ka e ke e tshwane le ya bona.” 11  Yaba Balake o re ho Balame: “Ke hobaneng ha o nkentse tjee? Ke o tlisitse mona hore o tlo bitsetsa dira tsa ka bomadimabe empa wena o di hlohonolofaditse.”+ 12  A araba a re: “Ke buile seo Jehova a itseng ke se bue.”+ 13  Balake a re ho yena: “Ke kopa o tle le nna sebakeng se seng seo o tla ba bona o le ho sona. O ke ke wa ba bona kaofela. O tla kgona ho bona feela karolo e itseng ya bona. Ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 14  Ka hoo, a mo isa tshimong ya Zofime, ka hodima Pisga+ mme a haha dialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+ 15  Ka hoo, Balame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso ebe nna ke ya mane ke yo bua le Modimo.” 16  Jehova a kopana le Balame mme a mo laela hore na a reng,+ a re: “Kgutlela ho Balake mme o bue mantswe ana.” 17  Ka hoo, a tla ho Balake mme a bona hore o ne a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso mme dikgosana tsa Moabe di ne di ena le yena. Balake a re: “Jehova o itseng?” 18  Yaba o bua maele ana a reng:+ “Ema Balake mme o mamele. Mmamele, wena mora wa Zipore. 19  Modimo ha se motho hore a bue leshano+Ebile ha se mora wa motho hore a fetole monahano wa hae.*+ Ha a buile ntho, na a ke ke a e etsa? Ha a buile, na a ke ke a phetha?+ 20  Ke tlile mona ho tla hlohonolofatsa,Jwale Modimo o ba hlohonolofaditse+ mme nke ke ka kgona ho fetola seo.+ 21  Ha a dumelle hore Jakobo a louweEbile ha a dumelle hore Iseraele e hlahelwe ke kgathatso. Jehova Modimo wa hae o na le bona+Mme ba mo rorisa ka mantswe a phahameng ba phatlalatsa hore ke morena wa bona. 22  Modimo o ba ntsha Egepeta.+ O jwalo ka manaka a poho e hlaha bakeng sa bona.+ 23  Ha ho mantswe a boloi a bakelang Jakobo bomadimabe+Kapa bonohe le ha e le bofe kgahlanong le Iseraele.+ Nakong ena ho ka thwe ka Jakobo le Iseraele: ‘Bonang seo Modimo a se entseng.’ 24  Sena ke setjhaba se tla phahama jwalo ka tauMme jwalo ka tau, se tla iphahamisa.+ Se ke ke sa robala se eso je phofuLe ho nwa madi a diphofu tse bolailweng.” 25  Yaba Balake o re ho Balame: “Haeba o sa ba bitsetse bomadimabe, jwale le teng o se ke wa ba hlohonolofatsa.” 26  Balame a araba Balake a re: “Na ha ke a ka ka re ho wena, ‘Ke tla etsa sohle seo Jehova a tla se bua’?”+ 27  Balake a re ho Balame: “Ke kopa o tle ke o ise sebakeng se seng hape. Mohlomong Modimo wa nnete o tla bona ho nepahetse hore o ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 28  Yaba Balake o isa Balame ka hodima Peore, e shebaneng le Jeshimone.*+ 29  Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.”+ 30  Ka hoo, Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse mme a nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “hore a ikwahlaye.”
Kapa mohlomong: “lehwatata; lefeella.”