Numere 24:1-25

  • Maele a boraro a Balame (1-11)

  • Maele a bone a Balame (12-25)

24  Ha Balame a bona hore Jehova o ne a batla* ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a tloha hape ho ya batla hore na ho na le ntho e mpe*+ e tla hlahela Iseraele empa o ile a sheba lefeelleng.  Ha Balame a phahamisa mahlo mme a bona Baiseraele ba hlomme ditente ho ya ka maloko a bona,+ moya wa Modimo wa eba hodima hae.+  Yaba o bua maele ana a reng:+ “Ana ke mantswe a Balame mora wa Beore,Mantswe a monna eo mahlo a hae a butsweng,   Mantswe a ya utlwang lentswe la Modimo,Ya boneng pono ya Ya Matla Ohle,Ya itihetseng fatshe a ntse a butse mahlo:+   Ditente tsa hao di ntle hakaakang, wena Jakobo,Ditabernakele tsa hao, wena Iseraele.+   Di nametse sebakeng se selelele jwalo ka dikgohlo,*+Jwalo ka dirapa tse pela noka,Jwalo ka lekgala leo Jehova a le lemmeng,Jwalo ka dikedare tse pela metsi.   Metsi a ntse a rotha dinkgong tsa hae tse pedi tsa matlalo.Peo* ya hae e lenngwe pela metsi a mangata.+ Le morena wa hae+ o tla ba moholo ho feta Agage,+Mmuso wa hae o tla phahamiswa.+   Modimo o mo ntsha Egepeta.O jwalo ka manaka a poho e hlaha bakeng sa hae. O tla fedisa ditjhaba, bahatelli ba hae,+O tla phuphura masapo a tsona mme o tla di fedisa ka marumo a hae.   O bothile, o robetse fatshe jwalo ka tau,Ke mang ya ka itetang sefuba mme a mo qala? Ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofetse,Ba o lakaletsang bomadimabe ba tla lakaletswa bomadimabe.”+ 10  Yaba Balake o halefela Balame. Balake a opa diatla a halefile yaba o re ho Balame: “Ke o bitseditse hore o bitsetse dira tsa ka bomadimabe+ empa wena o di hlohonolofaditse ka makgetlo ana a mararo. 11  Jwale eya hae hona jwale. Ke ne ke ikemiseditse ho o putsa haholo+ empa Jehova o o thibetse hore o fumane moputso.” 12  Balame a araba Balake a re: “Ke boleletse baromuwa ba hao ka re, 13  ‘Le haeba Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletseng silevera le kgauta, nke ke ka etsa ntho le ha e le efe eo ke e ratang* e hanyetsanang le taelo ya Jehova ebang e molemo kapa e mpe. Ke tla bua feela seo Jehova a tla mpolella sona.’+ 14  Jwale ke ya ho batho ba heso. Empa ere ke o bolelle hore na setjhaba sena se tla etsang ho batho ba heno nakong e tlang.”* 15  Ka hoo a bua maele ana a reng:+ “Ana ke mantswe a Balame mora wa Beore,Mantswe a monna eo mahlo a hae a butsweng,+ 16  Mantswe a ya utlwang lentswe la ModimoLe ya nang le tsebo ya Ya Phahameng ka ho Fetisisa.O bone pono ya Ya Matla Ohle,Ha a itihela fatshe a ntse a butse mahlo: 17  Ke tla mo bona empa eseng hona jwale,Ke tla mo bona empa eseng haufinyane. Naledi+ e tla tswa ho JakoboMme molamu wa borena+ o hlahe ho Iseraele.+ O tla pshatla phatla ya Moabe+Le mahata a bara bohle ba morusu. 18  Edomo o tla haptjwa,+Seire+ o tla haptjwa ke dira tsa hae,+Ha Iseraele a bontsha hore o sebete. 19  E mong o tla qala ho busa a tswa ho Jakobo+Mme o tla fedisa mophonyohi le ha e le ofe motseng.” 20  Ha a bona Amaleke, a tswela pele ho bua maele a reng: “Amaleke e bile wa pele ditjhabeng+Empa qetellong o tla fediswa.”+ 21  Ha a bona Bakene,+ a tswela pele ho bua maele a reng: “Lehae la hao le tsitsitse mme sebaka sa hao sa bodulo se behilwe lefikeng. 22  Empa ho na le ya tla tjhesa Kaine. Ho tla nka nako e kae pele Asiria e o isa botlamuweng?” 23  A boela a bua maele a reng: “Jo! Ebe ke mang ya tla pholoha ha Modimo a etsa jwalo? 24  Dikepe di tla tla di tswa lebopong la Kitime+Mme di tla hlorisa Asiria.+Di tla hlorisa Ebere. Empa le yena o tla fediswa tu!” 25  Ka mora moo, Balame+ a ema yaba o a tsamaya o kgutlela hae. Balake le yena a tsamaya.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ho batla dipontsho tsa bomadimabe bo tlang.”
Ka Seheberu: “hore ho hotle mahlong a Jehova.”
Kapa: “diphula.”
Kapa: “ditloholo.”
Ka Seheberu: “e tswang pelong ya ka.”
Kapa: “qetellong ya matsatsi.”