Numere 25:1-18

  • Baiseraele ba etsa sebe le basadi ba Bamoabe (1-5)

  • Finease o nka bohato (6-18)

25  Ha Baiseraele ba ne ba dula Shitime,+ setjhaba se ile sa etsa thobalano le basadi ba Moabe.+  Basadi bana ba ile ba mema setjhaba hore se tle mahlabelong a medimo ya bona+ yaba setjhaba se qala ho ja le ho inamela medimo ya bona.+  Ka hoo, Baiseraele le bona ba rapela Baale wa Peore+ yaba Jehova o ba halefela haholo.  Jehova a re ho Moshe: “Nka baetapele* bohle ba setjhaba sena. Ka mora hore ba bolawe, o ba fanyehe ka pela Jehova motshehare* e le hore Jehova a kgaotse ho halefela Baiseraele.”  Jwale Moshe a re ho baahlodi ba Iseraele:+ “E mong le e mong wa lona o lokela ho bolaya batho ba habo ba ileng ba rapela* Baale wa Peore.”+  Ha Moshe le Baiseraele bohle ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano, Moiseraele e mong a tla le mosadi wa Momidiane+ ditenteng batho bohle ba ntse ba mo shebile.  Ha Finease+ mora wa Eleazare mora wa moprista Arone a bona seo, hanghang a tloha hara setjhaba yaba o nka lerumo.  A sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya tenteng yaba o ba hlaba ka bobedi, monna wa Moiseraele le mosadi eo ho phunyelletsa dithong tsa hae tsa botshehadi. Ka hoo, bolwetse bo bolayang ba fela ho Baiseraele.+  Bolwetse boo bo ile ba bolaya batho ba 24 000.+ 10  Yaba Jehova o re ho Moshe: 11  “Finease+ mora wa Eleazare mora wa moprista Arone o entse hore ke se ke ka hlola ke halefela Baiseraele hobane ho hang ha a ka a ba tlohela ha ba ne ba sa ntshepahalle.+ Ke ka lebaka leo ke sa fedisang Baiseraele le hoja ke batla hore batho ba inehele ho nna feela.+ 12  Ka hoo, mo bolelle hore ke etsa selekane* sa kgotso le yena. 13  Ka lebaka la selekane seo, yena le ditloholo tsa hae e tla dula e le baprista+ hobane ha a ka a dumella hore modimo e mong a nkele Modimo wa hae sebaka+ mme o ile a etsa hore setjhaba sa Iseraele se tshwarelwe dibe.” 14  Lebitso la monna wa Moiseraele ya bolailweng le mosadi wa Momidiane ke Zimri mora wa Salu, kgosana ya lelapa la Basimeone. 15  Lebitso la mosadi wa Momidiane ya bolailweng e ne e le Kozbi moradi wa Zure,+ moetapele wa maloko a lelapa la Midiane.+ 16  Ha morao Jehova a re ho Moshe: 17  “Hlaselang Bamidiane mme le ba bolaye+ 18  hobane haesale ba le tshwenya ka diketso tsa bona tse mano mme ba etsa hore le rapele Baale wa Peore.+ Ba ile ba le susumeletsa hore le etse sebe ba sebedisa Kozbi moradi wa kgosana ya Midiane, ya ileng a bolawa+ letsatsing leo ho neng ho ena le bolwetse bo bolayang Iseraele ka lebaka la ho rapela Baale wa Peore.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dihlooho.”
Ka Seheberu: “letsatsing.”
Kapa: “ba ikamahanya le.”