Numere 26:1-65

  • Maloko a Iseraele a balwa ka lekgetlo la bobedi (1-65)

26  Ka mora hore ho be le bolwetse bo bolayang,+ Jehova a re ho Moshe le Eleazare mora wa moprista Arone:  “Balang setjhaba sohle sa Baiseraele ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo, ho ya ka matlo a bontate ba bona, le bale bohle bao e ka bang masole a Iseraele.”+  Ka hoo, Moshe le moprista Eleazare+ ba bua le setjhaba lehwatateng la Moabe+ pela Jordane haufi le Jeriko,+ ba re:  “Balang bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo feela jwalo ka ha Jehova a laetse Moshe.”+ Jwale bara ba Iseraele ba ileng ba tswa naheng ya Egepeta e ne e le:  Leloko la Rubene+ letsibolo la Iseraele. Bara ba Rubene+ e ne e le: Hanoke eo ho yena ho tswileng Bahanoke, Palu eo ho yena ho tswileng Bapalu,  Hezrone eo ho yena ho tswileng Bahezrone le Karmi eo ho yena ho tswileng Bakarmi.  Ana e ne e le malapa a Barubene mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 43 730.+  Mora wa Palu e ne e le Eliabe.  Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, Dathane le Abirame. Dathane enwa le Abirame e ne e le ba kgethilweng hara setjhaba, ba ileng ba lwana le Moshe+ le Arone, ba ena le sehlopha sa Kora+ ha ba ne ba lwana le Jehova.+ 10  Jwale lefatshe la buleha* mme la ba kwenya. Ha e le Kora, a shwa le batshehetsi ba hae ha mollo o tjhesa batho ba 250.+ Se ileng sa etsahala ho bona e ile ya eba temoso ho ba bang.+ 11  Le ha ho le jwalo, bara ba Kora ha ba a ka ba shwa.+ 12  Bara ba Simeone+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Nemuele eo ho yena ho tswileng Banemuele, Jamine eo ho yena ho tswileng Bajamine, Jakine eo ho yena ho tswileng Bajakine, 13  Zera eo ho yena ho tswileng Bazera le Shaule eo ho yena ho tswileng Bashaule. 14  Ana e ne e le malapa a Basimeone: 22 200.+ 15  Bara ba Gade+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Zefone eo ho yena ho tswileng Bazefone, Hagi eo ho yena ho tswileng Bahagi, Shuni eo ho yena ho tswileng Bashuni, 16  Ozni eo ho yena ho tswileng Baozni, Eri eo ho yena ho tswileng Baeri, 17  Arode eo ho yena ho tswileng Baarode le Areli eo ho yena ho tswileng Baareli. 18  Ana e ne e le malapa a bara ba Gade mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 40 500.+ 19  Bara ba Juda+ e ne e le Ere le Onane.+ Le ha ho le jwalo, Ere le Onane ba ile ba shwella naheng ya Kanana.+ 20  Bara ba Juda ho ya ka malapa a bona e ne e le: Shela+ eo ho yena ho tswileng Bashela, Pereze+ eo ho yena ho tswileng Bapereze le Zera+ eo ho yena ho tswileng Bazera. 21  Bara ba Pereze e ne e le: Hezrone+ eo ho yena ho tswileng Bahezrone le Hamule+ eo ho yena ho tswileng Bahamule. 22  Ana e ne e le malapa a Juda mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 76 500.+ 23  Bara ba Isakare+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Thola+ eo ho yena ho tswileng Bathola, Puva eo ho yena ho tswileng Bapune, 24  Jashube eo ho yena ho tswileng Bajashube le Shimrone eo ho yena ho tswileng Bashimrone. 25  Ana e ne e le malapa a Isakare mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 64 300.+ 26  Bara ba Zabulone+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Serede eo ho yena ho tswileng Baserede, Elone eo ho yena ho tswileng Baelone le Jaliele eo ho yena ho tswileng Bajaliele. 27  Ana e ne e le malapa a Bazabulone mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 60 500.+ 28  Bara ba Josefa+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Manase le Efraime.+ 29  Bara ba Manase+ e ne e le: Makire+ eo ho yena ho tswileng Bamakire. Makire e ne e le ntate wa Gileade.+ Ho Gileade ho ile ha tswa Bagileade. 30  Bana e ne e le bara ba Gileade: Jezere eo ho yena ho tswileng Bajezere, Heleke eo ho yena ho tswileng Baheleke, 31  Asriele eo ho yena ho tswileng Baasriele, Shikeme eo ho yena ho tswileng Bashikeme, 32  Shemida eo ho yena ho tswileng Bashemida le Hefere eo ho yena ho tswileng Bahefere. 33  Zelofehade mora wa Hefere o ne a se na bara, a ena le baradi feela.+ Mabitso a baradi ba Zelofehade+ e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza. 34  Ana e ne e le malapa a Manase mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 52 700.+ 35  Bana e ne e le bara ba Efraime+ ho ya ka malapa a bona: Shuthela+ eo ho yena ho tswileng Bashuthela, Bekere eo ho yena ho tswileng Babekere le Tahane eo ho yena ho tswileng Batahane. 36  Bana e ne e le bara ba Shuthela: Erane eo ho yena ho tswileng Baerane. 37  Ana e ne e le malapa a bara ba Efraime mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 32 500.+ Bana e ne e le bara ba Josefa ho ya ka malapa a bona. 38  Bara ba Benjamine+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Bela+ eo ho yena ho tswileng Babela, Ashbele eo ho yena ho tswileng Baashbele, Akirame eo ho yena ho tswileng Baakirame, 39  Shefufame eo ho yena ho tswileng Bashufame le Hufame eo ho yena ho tswileng Bahufame. 40  Bara ba Bela e ne e le Arede le Naamane:+ Ho Arede ho ile ha tswa Baarede mme ho Naamane ho ile ha tswa Banaamane. 41  Bana e ne e le bara ba Benjamine ho ya ka malapa a bona mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 45 600.+ 42  Bana e ne e le bara ba Dane+ ho ya ka malapa a bona: Shuhame eo ho yena ho tswileng Bashuhame. Ana e ne e le malapa a Dane ho ya ka malapa a bona. 43  Ba ngodisitsweng ho malapa ohle a Bashuhame, e ne e le ba 64 400.+ 44  Bara ba Ashere+ ho ya ka malapa a bona e ne e le Imna eo ho yena ho tswileng Baimna, Ishvi eo ho yena ho tswileng Baishvi le Beria eo ho yena ho tswileng Baberia. 45  Bara ba Beria e ne e le Hebere eo ho yena ho tswileng Bahebere le Malkiele eo ho yena ho tswileng Bamalkiele. 46  Lebitso la moradi wa Ashere e ne e le Sera. 47  Ana e ne e le malapa a bara ba Ashere mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 53 400.+ 48  Bara ba Nefthali+ ho ya ka malapa a bona e ne e le Jaziele eo ho yena ho tswileng Bajaziele, Guni eo ho yena ho tswileng Baguni, 49  Jezere eo ho yena ho tswileng Bajezere le Shileme eo ho yena ho tswileng Bashileme. 50  Ana e ne e le malapa a Nefthali ho ya ka malapa a bona mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 45 400.+ 51  Palo ya Baiseraele bohle ba ngodisitsweng e ne e le 601 730.+ 52  Ka mora moo, Jehova a re ho Moshe: 53  “Naha e lokela ho arolelwa batho bana e le lefa ho ya ka palo ya mabitso a ngodisitsweng.+ 54  Leloko le nang le palo e ngata, o le ekeletse lefa mme le nang le palo e nyenyane, o le fokoletse lefa.+ Leloko ka leng le fuwe lefa ho latela palo ya lona ya batho ba ngodisitsweng. 55  Le ha ho le jwalo, naha e lokela ho arolwa ka lotho.+ Ba lokela ho fumana lefa la bona ho ya ka mabitso a maloko a bontate ba bona. 56  Lefa la leloko ka leng, ebang leloko leo le leholo kapa le lenyenyane le tla lekanngwa ka lotho.” 57  Jwale bana e ne e le ba ngodisitsweng ho Balevi+ ho ya ka malapa a bona: Gershone eo ho yena ho tswileng Bagershone, Kohathe+ eo ho yena ho tswileng Bakohathe le Merari eo ho yena ho tswileng Bamerari. 58  Ana e ne e le malapa a Balevi: Lelapa la Balibni,+ la Bahebrone,+ la Bamaheli,+ la Bamushi+ le la Bakora.+ Kohathe a tswala Amrame.+ 59  Lebitso la mosadi wa Amrame e ne e le Jokebede,+ moradi wa Levi, eo Levi a bileng le yena ha a le Egepeta. Bana ba Jokebede le Amrame e ne e le Arone, Moshe le Miriame kgaitsedi ya bona.+ 60  Jwale bana ba Arone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare.+ 61  Empa Nadabe le Abihu ba ile ba shwa ka lebaka la ho hlahisa mollo o sa dumellwang ka pela Jehova.+ 62  Palo ya bohle ba ngodisitsweng e ne e le 23 000 mme e ne e le bohle ba batona ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo.+ Ba ne ba sa ngodiswa hara Baiseraele+ hobane ba ne ba ke ke ba fuwa lefa hara Baiseraele.+ 63  Bana ke ba ileng ba ngodiswa ke Moshe le moprista Eleazare ha ba ne ba ngodisa Baiseraele lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko. 64  Empa hara bona, ho ne ho se na le ya mong ya ileng a ngodiswa ke Moshe le moprista Arone ha ba bala Baiseraele lefeelleng la Sinai+ 65  hobane Jehova o ne a itse ka bona: “Ba tla shwella lefeelleng.”+ Ka hoo, ha ho a ka ha eba le motho ya salang ho bona, haese Kalebe mora wa Jefune le Joshua mora wa Nune.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “la ahlamisa molomo wa lona.”