Numere 3:1-51

  • Bara ba Arone (1-4)

  • Balevi ba a kgethwa hore ba sebeletse (5-39)

  • Bana ba matsibolo ba a lopollwa (40-51)

3  Ena ke meloko ya Arone le Moshe letsatsing leo ka lona Jehova a buileng le Moshe Thabeng ya Sinai.+  Ana e ne e le mabitso a bara ba Arone: Nadabe e leng letsibolo, Abihu,+ Eleazare+ le Ithamare.+  Ana e ne e le mabitso a bara ba Arone e leng baprista ba tlotsitsweng ba neng ba kgethilwe* hore ba sebeletse e le baprista.+  Le ha ho le jwalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shwa ka pela Jehova ha ba ne ba nyehela mollo o sa dumellwang ka pela Jehova+ lefeelleng la Sinai mme ba ne ba se na bara. Empa Eleazare+ le Ithamare+ ba ile ba tswela pele ho sebeletsa e le baprista ha mmoho le ntata bona Arone.  Yaba Jehova o re ho Moshe:  “Atametsa ba leloko la Levi+ o ba emise ka pela moprista Arone mme ba tla mo sebeletsa.+  Ba phethe boikarabelo ba bona ho yena le ho setjhaba sohle ka pela tente ya pokano ka hore ba etse tshebeletso ya bona e mabapi le tabernakele.  Ba hlokomele disebediswa tsohle+ tsa tente ya pokano mme ba phethe boikarabelo ba bona ho Baiseraele ka ho etsa mesebetsi e mabapi le tabernakele.+  O fane ka Balevi ho Arone le bara ba hae. Ke ba fanweng, bao a ba filweng ho tswa ho Baiseraele.+ 10  O kgethe Arone le bara ba hae mme ba etse mesebetsi ya bona ya boprista.+ Motho le ha e le ofe ya tla atamela sehalalelo empa a sa dumellwa* a bolawe.”+ 11  Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 12  “Ha e le nna, ke nka Balevi hara Baiseraele ho ena le ho nka matsibolo ohle a Baiseraele+ mme Balevi e tla ba ba ka. 13  Matsibolo ohle ke a ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla matsibolo ohle naheng ya Egepeta,+ ke ile ka halaletsa matsibolo ohle a Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke nna Jehova.” 14  Jehova a boela a bua le Moshe lefeelleng la Sinai,+ a re: 15  “Ngodisa bara ba Levi ho ya ka matlo a bontate ba bona le ho ya ka malapa a bona. O ngodise bohle ba batona ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”+ 16  Ka hoo, Moshe a ba ngodisa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. 17  Ana e ne e le mabitso a bara ba Levi: Gershone, Kohathe le Merari.+ 18  Ana e ne e le mabitso a bara ba Gershone ka malapa a bona: Libni le Shimei.+ 19  Bara ba Kohathe ho ya ka malapa a bona e ne e le Amrame, Izehare, Hebrone le Uziele.+ 20  Bara ba Merari ho ya ka malapa a bona e ne e le Maheli+ le Mushi.+ Ana e ne e le malapa a Balevi ho ya ka matlo a bontate ba bona. 21  Ho Gershone ho ile ha hlaha lelapa la Balibni+ le lelapa la Bashimei. Ana e ne e le malapa a Bagershone. 22  Palo ya bohle ba batona ba bona ba ngodisitsweng ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 7 500.+ 23  Malapa a Bagershone a ne a hlomme ditente ka bophirimela ka mora tabernakele.+ 24  Kgosana ya malapa a sehlopheng sa Bagershone e ne e le Eliasafe mora wa Laele. 25  Boikarabelo ba bara ba Gershone+ ka tenteng ya pokano e ne e le ho hlokomela tabernakele+ le masela a yona a e kwahelang+ ka hare le ka ntle, kgaretene+ ya monyako wa tente ya pokano, 26  masela a lepeletseng+ a lebala, kgaretene+ ya monyako wa lebala le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tente le mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena. 27  Ho Kohathe ho ile ha hlaha lelapa la Baamrame, la Baizehare, la Bahebrone le la Bauziele. Ana e ne e le malapa a Bakohathe.+ 28  Palo ya bohle ba batona ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 8 600. Ba ne ba ikarabella ka ho hlokomela sebaka se halalelang.+ 29  Malapa a bara ba Kohathe a ne a hlomme ditente ka lehlakoreng le ka borwa la tabernakele.+ 30  Kgosana ya lelapa bakeng sa malapa a Bakohathe e ne e le Elizafane mora wa Uziele.+ 31  Boikarabelo ba malapa ao e ne e le ho hlokomela Areka,+ tafole,+ sedulwana sa lebone,+ dialetare,+ disebediswa+ tse sebediswang sebakeng se halalelang, kgaretene+ ya sehalalelo le ho etsa mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena.+ 32  Hlooho ya dikgosana tsa Balevi e ne e le Eleazare+ mora wa moprista Arone, eo e neng e le molebedi wa ba hlokomelang mesebetsi ya sebaka se halalelang. 33  Ho Merari ho ile ha hlaha lelapa la Bamaheli le lelapa la Bamushi. Ana e ne e le malapa a Merari.+ 34  Palo ya bohle ba batona ba ngodisitsweng ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 6 200.+ 35  Kgosana ya lelapa bakeng sa malapa a Merari e ne e le Zuriele mora wa Abikaile. Ba ne ba hlomme ditente tsa bona ka lehlakoreng le ka leboya la tabernakele.+ 36  Boikarabelo ba bara ba Merari e ne e le ho hlokomela diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo+ tsa yona, dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti, disebediswa+ tsohle tsa yona le ho etsa mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena,+ 37  ha mmoho le dipilara tse neng di potolohile lebala le ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente le dithapo tsa tsona tsa tente. 38  Ba hlommeng ditente tsa bona ka botjhabela ka pela tabernakele e leng tente ya pokano, e ne e le Moshe, Arone le bara ba hae. Boikarabelo ba bona e ne e le ho hlokomela sehalalelo mme ba ne ba etsa mosebetsi oo bakeng sa Baiseraele. Motho le ha e le ofe ya atamelang sehalalelo empa a sa dumellwa* o ne a tla bolawa.+ 39  Balevi bohle ba batona ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngodisa ho ya ka malapa a bona ka taelo ya Jehova, ba ne ba le 22 000. 40  Jwale Jehova a re ho Moshe: “Ngodisa matsibolo ohle a matona a Baiseraele ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo.+ O ba bale mme o ngole mabitso a bona. 41  O nkukele Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle a Baiseraele+ mme o nke le diphoofolo tsa Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle a diphoofolo tsa Baiseraele. Ke nna Jehova.”+ 42  Yaba Moshe o ngodisa matsibolo ohle hara Baiseraele feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. 43  Palo ya matsibolo ohle a matona a ngodisitsweng ka mabitso ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 22 273. 44  Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 45  “Nka Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle hara Baiseraele mme o nke le diphoofolo tsa Balevi ho ena le ho nka diphoofolo tsa Baiseraele mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Jehova. 46  Palo ya matsibolo a Baiseraele e feta palo ya Balevi+ ka 273. E le hore matsibolo ana a eketsehileng a lopollwe,+ 47  o nke dikotwana tsa silevera tse etsang dikramo tse 57* bakeng sa motho ka mong,+ ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.* Tekanyo e sebediswang e lekana le dikramo tse ka bang 11.*+ 48  O fe Arone le bara ba hae tjhelete ya ho lopolla bao ba fetang palo ya Balevi.” 49  Ka hoo, Moshe a nka tjhelete ya topollo ho ba neng ba feta Balevi ka palo e le hore a ba lopolle. 50  A nka tjhelete ho matsibolo a Baiseraele e leng dikotwana tsa silevera tsa boima bo ka etsang dikhilokramo tse 16,* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang. 51  Jwale Moshe a fa Arone le bara ba hae tjhelete ya topollo ho ya ka lentswe* la Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bao matsoho a bona a neng a tlatsitswe matla.”
E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.
E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.
E leng motho eo e seng Molevi.
Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ho ya ka shekele e halalelang.”
Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “dishekele tse 1 365.” Shekele e le nngwe e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “molomo.”