Numere 30:1-16

  • Dikano tsa banna (1, 2)

  • Dikano tsa basadi le baradi (3-16)

30  Jwale Moshe a bua le dihlooho+ tsa maloko a Iseraele a re: “Lena ke lentswe leo Jehova a le laetseng:  Haeba monna a etsa boitlamo+ ho Jehova kapa a ikana+ hore a ke ke a etsa ntho e itseng, a se ke a fetohela seo a se buileng.+ A etse ntho e nngwe le e nngwe eo a ikanneng hore o tla e etsa.+  Haeba mosadi a etsa boitlamo ho Jehova kapa a ikana hore a ke ke a etsa ntho e itseng ha a sa le motjha mme a ntse a dula ka tlung ya ntate wa hae  mme ntate wa hae a utlwa boitlamo ba hae kapa kano eo a e entseng ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng mme a sa hanane le yona, mosadi eo o tla lokela ho phetha dikano tsohle tsa hae mme a ke ke a kwenehela ntho le ha e le efe eo a ikanneng hore a ke ke a e etsa.  Empa haeba ntate wa hae a mo hanela ha a utlwa hore o entse boitlamo kapa o ikanne hore a ke ke a etsa dintho tse itseng, a ke ke a phetha boitlamo boo. Jehova o tla mo tshwarela hobane ntate wa hae o mo hanetse.+  Le ha ho le jwalo, haeba a ka nyalwa a ntse a entse boitlamo ba hae kapa tshepiso ya hae ya lepotlapotla  mme monna wa hae a utlwela ka yona mme a sa hanane le yona letsatsing leo a utlwelang ka yona, o ntse a tla lokela ho phetha boitlamo ba hae kapa dikano tsa hae tsa ho se etse ntho e itseng.  Empa haeba monna wa hae a mo hanela letsatsing leo a utlwelang ka yona, a ka hlakola boitlamo boo kapa tshepiso eo mosadi wa hae a e entseng ka lepotlapotla+ mme Jehova o tla mo tshwarela.  Empa haeba mohlolohadi kapa mosadi ya hladilweng a etsa boitlamo, o tla lokela ho phetha kano e nngwe le e nngwe eo a e entseng. 10  Le ha ho le jwalo, haeba mosadi a entse boitlamo kapa kano ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng ha a ntse a le ka tlung ya monna wa hae 11  mme monna wa hae a utlwile boitlamo bohle ba hae kapa kano le ha e le efe ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng mme a sa mo hanela, mosadi eo o tla lokela ho e phetha. 12  Empa haeba letsatsing leo ka lona monna wa hae a utlwang boitlamo le ha e le bofe boo mosadi wa hae a bo entseng kapa kano ya hae ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng mme a di hlakola ka ho feletseng, mosadi wa hae a ke ke a lokela ho di phetha.+ Monna wa hae o di hlakotse mme Jehova o tla mo tshwarela. 13  Mabapi le boitlamo le ha e le bofe kapa kano le ha e le efe e akarelletsang ho itima dintho tse itseng, monna wa hae o tla etsa qeto ya hore na a bo phethe kapa tjhe. 14  Empa haeba le matsatsing a hlahlamang monna wa hae a sa hanane le boitlamo boo, ka ho etsa jwalo o tiisa boitlamo bohle ba hae kapa dikano tsohle tsa hae tsa ho se etse dintho tse itseng. O a di tiisa hobane ha a ka a hanana le tsona letsatsing leo ka lona a mo utlwileng ha a ne a di etsa. 15  Empa haeba ha morao a ka di hlakola letsatsi leo a di utlwileng ka lona le se le fetile, o tla ikarabella ka molato wa mosadi wa hae.+ 16  Ena ke melao eo Jehova a e laetseng Moshe e mabapi le monna le mosadi wa hae le e mabapi le ntate le moradi wa hae e motjha ya ntseng a dula ka tlung ya hae.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho