Numere 31:1-54

  • Ba iphetetsa ho Bamidiane (1-12)

    • Balame o a bolawa (8)

  • Ditaelo bakeng sa dintho tse hapilweng ntweng (13-54)

31  Jehova a re ho Moshe:  “Iphetetse+ ho Bamidiane+ bakeng sa Baiseraele. Ka mora moo o tla shwa.”*+  Ka hoo, Moshe a bua le setjhaba a re: “Hlomellang banna hara lona hore ba lwantshe* Midiane le hore ba tlise phetetso ya Jehova ho Midiane.  Le romele ba 1 000 ntweng ba tswang lelokong le leng le le leng la meloko yohle ya Iseraele.”  Ka hoo, hara dikete tsa Iseraele,+ ho ile ha kgethwa ba 1 000 lelokong ka leng, kaofela e ile ya eba ba 12 000 ba hlometseng bakeng sa ntwa.*  Moshe a romela ba 1 000 lelokong ka leng ho ya ntweng ha mmoho le Finease+ mora wa Eleazare moprista wa lebotho la sesole, ya neng a tshwere disebediswa tse halalelang le diterompeta+ tsa ntwa letsohong la hae.  Ba lwantsha Midiane feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe mme ba bolaya bohle ba batona.  Ba bolaya marena a mahlano a Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba, ba ba bolaya ha mmoho le batho ba bang. Ba boela ba bolaya Balame+ mora wa Beore ka sabole.  Empa Baiseraele ba hapa basadi ba Midiane le bana ba bona. Ba boela ba ba nkela diphoofolo tsohle, mehlape yohle le dintho tsohle tsa bona. 10  Metse yohle ya bona eo ba neng ba dula ho yona le diahelo* tsohle tsa bona ba di tjhesa ka mollo. 11  Ba nka thepa yohle e hapuweng le dintho tsohle tseo ba ba nketseng tsona, e leng batho le diphoofolo. 12  Ba tlisa batlamuwa ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho setjhaba sa Baiseraele, ba tlisa le dintho tseo ba ba nketseng tsona le thepa e hapuweng. Ba di tlisa diahelong tse lehwatateng la Moabe,+ le pela Jordane haufi le Jeriko. 13  Moshe le moprista Eleazare le dikgosana tsohle tsa setjhaba tsa tswa ho ya ba kgahlanyetsa ka ntle ho diahelo. 14  Empa Moshe a halefela banna ba okametseng mabotho a sesole, e leng balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo ba neng ba tswa ntweng. 15  Moshe a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tloheletse basadi bohle hore ba phele? 16  Ke bona bao ka lebaka la keletso ya Balame ba ileng ba susumetsa Baiseraele hore ba se ke ba tshepahalla+ Jehova ha re ne re le Peore+ yaba setjhaba sa Jehova se tshwarwa ke bolwetse bo bolayang.+ 17  Bolayang bana bohle ba batona, le bolaye le mosadi e mong le e mong ya kileng a etsa thobalano le monna. 18  Empa le ka nna la tlohela banana bohle ba eso kang ba etsa thobalano le monna hore ba phele.+ 19  Le hlome ditente ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ya bolaileng motho le e mong le e mong ya ammeng ya bolailweng,+ a itlhwekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lona le batlamuwa ba lona. 20  Le hlwekise seaparo se seng le se seng, dintho tsohle tsa letlalo, dintho tsohle tse entsweng ka boya ba podi le tsohle tse entsweng ka lepolanka e le hore le di tlose sebe.” 21  Jwale moprista Eleazare a re ho banna ba lebotho ba neng ba ile ntweng: “Ona ke molao oo Jehova a o fileng Moshe, 22  ‘Ke feela kgauta, silevera, koporo, tshepe, thini, loto,* 23  le dintho tse ding tsohle tse sa tjheng, tseo le lokelang ho di hlwekisa ka mollo. Le ha ho le jwalo, di boetse di lokela ho hlwekiswa ka metsi a hlwekisang.+ Ntho e nngwe le e nngwe e tjhang, le e hlatswe ka metsi. 24  Le hlatswe diaparo tsa lona ka letsatsi la bosupa mme le hlweke, jwale ka mora moo le ka kena diahelong.’”+ 25  Yaba Jehova o re ho Moshe: 26  “Bala dintho tse hapuweng, o bale batlamuwa ha mmoho le diphoofolo. O etse sena ha mmoho le moprista Eleazare le dihlooho tsa malapa a setjhaba. 27  O arole dintho tse hapuweng ka dikarolo tse pedi hore di tle di fuwe masole a tswang ntweng le setjhaba kaofela.+ 28  O nkele Jehova lekgetho ho masole a neng a ile ntweng, e leng motho a le mong sehlopheng sa batho ba 500 le phoofolo e le nngwe ho tse 500 mehlapeng ya diphoofolo tse kgolo, mehlapeng ya dinku, dipodi le ditonki. 29  O nke lekgetho leo karolong eo ba e fuweng mme o le fe moprista Eleazare e le monehelo wa Jehova.+ 30  Karolong e fuweng Baiseraele, o lokela ho nka motho a le mong ho ba 50, o nke phoofolo e le nngwe ho tse 50 mehlapeng ya diphoofolo tse kgolo, mehlapeng ya dinku le dipodi, ditonking le phoofolong ya mofuta o mong le o mong mme o di fe Balevi+ ba ikarabellang ka mosebetsi wa tabernakele ya Jehova.”+ 31  Ka hoo, Moshe le moprista Eleazare ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 32  Dintho tseo ba di nkileng, thepa e hapuweng eo masole a neng a e nkile, e ne e le mohlape wa dinku le dipodi tse 675 000, 33  mohlape wa diphoofolo tse kgolo tse 72 000 34  le ditonki tse 61 000. 35  Banana ba neng ba eso ka ba etsa thobalano+ ba ne ba le 32 000. 36  Karolo e neng e fuwe ba neng ba ile ntweng e ne e le mohlape wa dinku le dipodi tse 337 500. 37  Lekgetho la Jehova mohlapeng wa dinku le dipodi e ne e le tse 675. 38  Mohlapeng wa diphoofolo tse kgolo ho ne ho ena le tse 36 000 mme lekgetho la Jehova mohlapeng oo e ne e le tse 72. 39  Ho ne ho ena le ditonki tse 30 500 mme lekgetho la tsona bakeng sa Jehova e ne e le tse 61. 40  Ho ne ho ena le batho ba 16 000 mme lekgetho la Jehova e ne e le batho ba 32. 41  Jwale Moshe a fana ka lekgetho e le monehelo wa Jehova ho moprista Eleazare+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 42  Karolong e fuweng Baiseraele, eo Moshe a e arotseng ho dintho tsa banna ba tswang ntweng, 43  karolong eo ho ne ho ena le mohlape wa dinku le dipodi tse 337 500, 44  mohlape wa diphoofolo tse kgolo tse 36 000, 45  ditonki tse 30 500 46  le batho ba 16 000. 47  Jwale karolong e fuweng Baiseraele Moshe a nka motho a le mong ho ba 50 le phoofolo e le nngwe ho tse 50 mme a di fa Balevi+ bao boikarabelo ba bona e neng e le ho hlokomela tabernakele ya Jehova+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 48  Yaba banna ba okametseng dikete tsa mabotho a sesole,+ e leng balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo, ba atamela Moshe 49  mme ba re ho yena: “Bahlanka ba hao ba badile banna ba ntwa bao re ba okametseng mme ha ho le ya mong eo ho tlalehilweng hore ha a yo ho rona.+ 50  Ka hoo, e mong le e mong wa rona a hlahise seo a se fumaneng e le nyehelo ya Jehova, dintho tsa kgauta, difaha tsa maotong, difaha tse rwalwang matsohong, direng tse tempang, masale le mabenyane a mang, e le ho kopa tshwarelo ya dibe bakeng sa rona ka pela Jehova.” 51  Ka hoo, Moshe le moprista Eleazare ba amohela kgauta ho bona, e leng mabenyane ohle. 52  Kgauta yohle ya monehelo oo ba o fileng Jehova e ne e le dikhilokramo tse ka bang 191,* e tswa ho balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo. 53  E mong le e mong ho banna ba lebotho la sesole o ne a inketse dintho tse hapuweng. 54  Moshe le moprista Eleazare ba amohela kgauta ho balaodi ba ba dikete le ho balaodi ba ba makgolo mme ba e tlisa tenteng ya pokano e le kgopotso* ho setjhaba sa Iseraele ka pela Jehova.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o tla nkelwa ho batho ba heno.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.
Kapa: “bakeng sa lebotho la sesole.”
Kapa: “bakeng sa lebotho la sesole.”
Kapa: “ditente tse potapotilweng ke lerako.”
E leng mofuta wa tshepe e boima.
Ka Seheberu: “dishekele tse 16 750.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “sehopotso.”