Numere 32:1-42

  • Metse e ka botjhabela ho Jordane (1-42)

32  Bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba ena le diphoofolo tse ngata haholo mme ba bona hore naha ya Jazere+ le ya Gileade e ne e le dibaka tse ntle bakeng sa diphoofolo.  Ka hoo, bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, ho moprista Eleazare le ho dikgosana tsa setjhaba mme ba re:  “Atarothe, Dibone, Jazere, Nimra, Heshbone,+ Eleale, Sebame, Nebo+ le Beone,+  naha eo Jehova a e hlotseng ka pela setjhaba sa Iseraele,+ ke naha e ntle bakeng sa diphoofolo mme re na le diphoofolo tse ngata.”+  Ba boela ba re: “Haeba o dumela, re kopa o re fe naha ena. O se ke wa re tshedisa Jordane.”  Moshe a re ho bara ba Gade le bara ba Rubene: “Na le batla hore bana ba bo lona ba ye ntweng ha lona le setse moo?  Ke hobaneng ha le batla ho nyahamisa setjhaba sa Iseraele hore se se ke sa tshelela naheng eo Jehova a tla se fa yona?  Ke yona ntho eo bontate ba lona ba e entseng ha ke ba romela ho ya bona naha ba le Kadeshe-barnea.+  Ha ba nyolohela Kgohlong* ya Eshkole+ mme ba bona naha, ba ile ba nyahamisa setjhaba sa Iseraele hore se se ke sa ya naheng eo Jehova a neng a tla se fa yona.+ 10  Jehova o ile a halefa haholo letsatsing leo hoo a ileng a hlapanya a re:+ 11  ‘Banna ba tswileng Egepeta ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba ke ke ba bona naha+ eo ke hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ hore ke tla ba fa yona hobane ha ba a ka ba ntatela ka dipelo tsohle tsa bona, 12  ntle ho Kalebe+ mora wa Jefune Mokenize le Joshua+ mora wa Nune hobane ba latetse Jehova ka dipelo tsohle tsa bona.’+ 13  Jehova o ile a halefela Baiseraele haholo mme a etsa hore ba lelere lefeelleng ka dilemo tse 40,+ ho fihlela moloko wohle o neng o etsa bobe mahlong a Jehova o fela.+ 14  Jwale lona banna ba nang le sebe le etsisa bontate ba lona hantle ka ho etsa hore Jehova a halefele Iseraele le ho feta. 15  Haeba le ka tlohela ho mo latela, o tla ba tlohela hape lefeelleng mme le tla etsa hore setjhaba sena sohle se fediswe.” 16  Ha morao ba mo atamela ba re: “A re haheng masaka a majwe mona bakeng sa diphoofolo tsa rona le metse bakeng sa bana ba rona. 17  Empa rona re tla dula re hlometse bakeng sa ntwa+ mme re tla tsamaya ka pela Baiseraele ho fihlela re ba tlisitse sebakeng sa bona. Bana ba rona ba tla sala metseng e sireleditsweng ka marako, ba bolokehile ho baahi ba naha. 18  Re ke ke ra kgutlela matlong a rona ho fihlela e mong le e mong wa Baiseraele a fumane karolo ya hae ya naha e le lefa.+ 19  Etswe re ke ke ra fumana lefa ha mmoho le bona ka lehlakoreng le ka nqane ho Jordane ka ha re fumane lefa la rona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.”+ 20  Moshe a re ho bona: “Haeba le tla nka dihlomo bakeng sa ntwa feela jwalo ka ha Jehova a boletse+ 21  mme haeba kaofela ha lona le nka dihlomo mme le tshela Jordane ka pela Jehova ha a leleka dira tsa hae ka pela hae+ 22  ho fihlela naha e hlolwa ka pela Jehova,+ ka mora moo le ka nna la kgutla+ mme le tla hloka molato ka pela Jehova le Iseraele. Jwale naha ena e tla ba ya lona ka pela Jehova.+ 23  Empa haeba le sa etse jwalo le tla be le sitetswe Jehova. Tabeng eo, le tsebe hore le tla fumana kotlo ka lebaka la sebe sa lona. 24  Ka hoo, le ka nna la hahela bana ba lona metse le masaka bakeng sa mehlape ya lona+ empa le lokela ho etsa seo le se tshepisitseng.” 25  Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Rona bahlanka ba hao re tla etsa feela jwalo ka ha o re laela morena wa rona. 26  Bana ba rona, basadi ba rona, mehlape ya rona le diphoofolo tsohle tsa rona di tla sala metseng ya Gileade.+ 27  Bahlanka ba hao ba tla tshela, banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntwa ka pela Jehova+ feela jwalo ka ha o re bolella morena wa rona.” 28  Ka hoo, Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare, ho Joshua mora wa Nune le ho baetapele ba malapa a Iseraele. 29  Moshe a re ho bona: “Haeba banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntwa ka pela Jehova ba leloko la Gade le la Rubene ba ka tshela Jordane le lona yaba le hapa naha, le ba fe naha ya Gileade hore e be ya bona.+ 30  Empa haeba ba sa nke dihlomo mme ba sa tshele le lona, jwale ba tla dula le lona naheng ya Kanana.” 31  Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba re: “Re tla etsa seo Jehova a re boleletseng sona. 32  Re tla nka dihlomo mme re tshelele naheng ya Kanana ka pela Jehova+ empa lefa leo re tla le fuwa le tla ba ka lehlakoreng lena la Jordane.” 33  Ka hoo, Moshe a fa bara ba Gade, bara ba Rubene+ le halofo ya leloko la Manase+ mora wa Josefa mmuso wa Sihone+ morena wa Baamore le mmuso wa Oge+ morena wa Bashane, e leng naha yohle le metse yohle e haufi le naha eo. 34  Bara ba Gade ba haha* Dibone,+ Atarothe,+ Aroere,+ 35  Aterothe-shofane, Jazere,+ Jogbeha,+ 36  Bethe-nimra+ le Bethe-harane,+ metse e sireleditsweng ka marako mme ba haha masaka bakeng sa mehlape. 37  Bara ba Rubene ba haha Heshbone,+ Eleale,+ Kiriathaime,+ 38  Nebo+ le Baale-meone,+ (mabitso a yona a fetotswe) le Sibma mme ba qala ho reha metse eo ba e hahileng botjha mabitso a mang. 39  Bara ba Makire+ mora wa Manase ba hlasela Gileade ba e hapa mme ba leleka Baamore ba neng ba le ho yona. 40  Ka hoo, Moshe a fa Makire mora wa Manase sebaka sa Gileade,* mme a dula teng.+ 41  Jaire mora wa Manase a hlasela Baamore mme a hapa metsana ya bona ya ditente yaba o qala ho e bitsa Havothe-jaire.*+ 42  Noba a hlasela Kenathe mme a e hapa ha mmoho le metse e haufi* le yona mme a qala ho e rehella ka lebitso la hae la Noba.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “haha botjha.”
Karolo e itseng ya sebaka sa Gileade.
E bolelang “Metsana ya Ditente ya Jaire.”
Kapa: “e e potolohileng.”